Feta

Dipaki Tsa Jehova di Sebedisa Menehelo Jwang?

Dipaki Tsa Jehova di Sebedisa Menehelo Jwang?

 Re sebedisa menehelo ho tshehetsa mesebetsi ya bodumedi le ho thusa batho ba hlahetsweng ke dikoduwa mokgatlong wa rona. Mesebetsi ena ke yona tsela e ka sehloohong ya hore re thuse batho hore e be barutuwa ba Jesu Kreste.​—Matheu 28:​19, 20.

 Ha re sebedise menehelo ho etsa hore batho ba bang e be barui. Ha re patale Baholo kapa basebeletsi ebile Dipaki Tsa Jehova ha di patalwe ha di etsa mosebetsi wa ntlo le ntlo. Bohle ba sebetsang diofising tsa makala, ntlokgolo ya Dipaki Tsa Jehova ho akarelletsa le Sehlopha se Busang ha ba patalwe kaha ke karolo ya mokgatlo.

Mehlala ya Mesebetsi eo re e Etsang

  •   Mosebetsi wa ho Hatisa: Re a fetolela, re hatise, re tsamaise le ho fana ka Dibibele le dingolwa tsa rona tse ka bang dimilione selemo le selemo mme ha di rekiswe. Hape websaete ya jw.org le App ya JW Library tse etsang hore re fumane dingolwa tsena ka mokgwa wa elektronike di a fumaneha ntle le tefello ebile ha re di bapatse ka morero wa hore re etse tjhelete.

  •   Mosebetsi wa ho Haha le ho Hlokomela Dibaka Tsa Borapedi: Re haha le ho hlokomela dibaka tsa rona tsa borapedi lefatsheng lohle, e le hore diphutheho di ka ba le dibaka tse loketseng tsa hore di kopane ha mmoho le ho rorisa Modimo. Re etsa se tshwanang ka diofisi tsa rona tsa makala le diofisi tsa phetolelo. Mosebetsi o mongata wa ho haha le ho hlokomela dibaka tsa rona tsa borapedi o etswa ke baithaopi mme seo se re thusa hore re se ke ra sebedisa tjhelete e ngata.

  •   Mosebetsi wa Tsamaiso: Mesebetsi e etswang ntlokgolo, diofising tsa lekala, diofising tsa phetolelo ha mmoho le mosebetsi o etswang ke basebeletsi ba tsamayang e tshehetswa ka menehelo ya lefatshe lohle.

  •   Mosebetsi wa ho Ruta Bibele: Dipaki Tsa Jehova ha di patalwe ha di etsa mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo kapa wa ho ruta batho “lentswe la Modimo.” (2 Bakorinthe 2:​17) Le ha ho le jwalo, jwalo ka ha Bakreste ba mehleng ya pele ba ne ba etsa, basebeletsi ba kgethuweng le ba kwetlisitsweng ba qetang nako e ngata ba le mosebetsing wa ho ruta batho Bibele, ba tshehetswa ka ho fuwa matlo le hoja a se boemong bo phahameng le dintho tse ding tseo ba di hlokang.​—Bafilipi 4:​16, 17; 1 Timothea 5:​17, 18.

  •   Mosebetsi wa ho Ruta: Dikopano tsa rona tse nyane le tse kgolo di tshehetswa ka menehelo. Hape re etsa dikgatiso tse rekotilweng tse thehilweng Bibeleng le mananeo a divideo. Re boetse re tshwara dikolo tse kwetlisang baholo le basebeletsi ba nako e tletseng e le hore ba atlehe mosebetsing wa bona.

  •   Mosebetsi wa Diphallelo: Re thusa batho ba ileng ba hlahelwa ke dikoduwa tsa tlhaho kapa tse entsweng ke batho ka ho ba fa dijo, metsi le matlo. Mosebetsi ona ha o tswele molemo batho ba “amanang le rona tumelong” feela empa o boetse o tswela le batho bao e seng Dipaki molemo.​—Bagalata 6:10