Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MONEHELO WA HAO O SEBEDISWA JWANG?

Baromuwa ba Romelwa “Karolong e Holehole ya Lefatshe”

Baromuwa ba Romelwa “Karolong e Holehole ya Lefatshe”

LA 1 JUNE 2021

 Jesu o ile a bolella barutuwa ba hae a re: “Le tla ba dipaki tsa ka . . . ho isa karolong e holehole ya lefatshe.” (Liketso 1:8) Kajeno Dipaki Tsa Jehova di etsa mosebetsi oo ka mafolofolo. Le ha ho le jwalo dikarolong tse ding tsa lefatshe ho akarelletsa le moo ho nang le batho ba bangata, batho ha ba so ka ba fumana ditaba tse molemo ka botlalo. Dinaheng tse ding ho na le Dipaki tse fokolang ka palo. (Matheu 9:​37, 38) Keng eo re e etsang e le hore re fumane batho ba bangata ka moo ho ka kgonehang?

 Komiti ya Tshebeletso ya Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova e abetse baromuwa hore ba ilo sebetsa moo ho nang le tlhoko ya bahweletsi lefatsheng lohle, e le hore ho mamelwe taelo ya Jesu. Hona jwale ho na le baromuwa ba 3 090 lefatsheng lohle. a Bongata ba bona ba fumane kwetliso sekolong sa Bibele, mohlala Sekolo sa Baevangedi ba Mmuso. Baromuwa ba ikemiseditse ho tloha hae mme ba ee dibakeng tse ding. Ka lebaka la tsebo eo ba nang le yona le kwetliso eo ba e fumaneng, baromuwa bana ba tshepahalang ba bolela ditaba tse molemo mme ba behela barutuwa ba sa tswa fihla ka phuthehong mohlala o motle.

Baromuwa ba bolela ditaba tse molemo moo ho nang le tlhokahalo ya bahweletsi

Ho Thusa Baromuwa Hore ba Rute ba Bang

 Lekaleng le leng le le leng, Ofisi e Hlokomelang Baboledi ya Lefapha la Tshebeletso e sebetsa le Komiti ya Lekala ho thusa baromuwa ka dintho tseo ba di hlokang, tse kang bodulo bo hantle, tsa bongaka le tjhelete e nyenyane e ka ba thusang hore ba kwale ditshenyehelo tsa bona. Nakong ya selemo sa tshebeletso sa 2020, Dipaki Tsa Jehova di sebedisitse tjhelete e ka etsang R370 980 000 ho hlokomela baromuwa. Ka lebaka la thuso eo ba e fumanang, baromuwa ba kgona ho tsepamisa mohopolo le ho sebedisa matla a bona mosebetsing wa bona wa ho bolela ditaba tse molemo le ho matlafatsa diphutheho tseo ba sebeletsang ho tsona.

Baromuwa ba matlafatsa diphutheho

 Baromuwa ba tlatsetsa jwang mosebetsing wa boboledi? Morabo rona Frank Madsen, e leng setho sa Komiti ya Lekala la Malawi o re: “Ka sebete le tsebo eo ba nang le yona, baromuwa ba kgona ho thusa diphutheho ho bolela ditaba tse molemo moo ho neng ho le thata ho di bolela, e leng dibakeng tse kang metse e kampetsweng le moo ho sa buuweng puo ya bona. Ka ha ba sebetsa ka thata ho ithuta puo le setso sa moo ba leng teng, sena se kgothatsa batho ba bang ebile ba thusa batjha hore ba nahane ka ho kenela tshebeletso ya nako e tletseng. Re leboha Jehova ka hore ebe ho na le baromuwa.”

 Morabo rona e mong wa Komiti ya Lekala naheng e nngwe o re: “Baromuwa ba bontsha hore bahlanka ba Jehova ba momahane lefatsheng lohle. Le batho bao e seng Dipaki Tsa Jehova ba kgona ho bona hore ha re kgethollane ka setso, ho e na le hoo dintho tseo re ithutileng tsona ka Bibeleng di re thusitse hore re be mokgatlo wa bara ba motho o momahaneng.”

 Baromuwa ba thusa bahweletsi ba leng diphuthehong tsa bona jwang? Morabo rona Paulo ya dulang Timor-Leste, o ananela banyalani ba baromuwa ba sebeletsang phuthehong ya habo. O re: “Baromuwa bana ba tswa sebakeng se batang haholo mme mona ho a tjhesa. Le ha ho le jwalo, ba ntse ba tswela pele ba bolela ditaba tse molemo. Ba dula ba le teng hoseng ho hong le ho hong sebokeng sa tshimo. Hangata ke ne ke ba bona ba ya maetong a ho boela motshehare ho tjhesa haholo hape ba ne ba ya mantsiboya. Ba thusitse batho ba bangata ho ithuta nnete, ho akarelletsa le nna. Ho sebetsa ka thata le ho fa Jehova nako ya bona ho thusitse batho bohle ka phuthehong hore ba batle ho tseba Jehova haholwanyane.”

 Moradiwabo rona Ketti e leng pulamadiboho ya ka mehla Malawi, ha a hopola ka moo banyalani ba baromuwa ba ileng ba thusa lelapa la hae o re: “E ne e le nna feela Paki lapeng, ha banyalani ba baromuwa ba romelwa hore ba tlo sebeletsa phuthehong ya heso. Banyalani bao ba ile ba re tshehetsa mme e ile ya ba metswalle e haufi ya lelapa la ka. Mohlala wa bona o motle o ile wa thusa bana ba ka ho bona hore ho sebeletsa Jehova ho tlisa thabo le bophelo bo kgotsofatsang. Ka lebaka la tshusumetso e ntle ya baromuwa bana, hona jwale baradi ba ka ba bararo ke bopulamadiboho ba ka mehla mme monna wa ka o se a qadile ho ya dibokeng.”

 Tjhelete e hlokomelang baromuwa etswa hokae? E tswa ho menehelo e ntshwang bakeng sa mosebetsi o etswang lefatsheng lohle mme bongata ba yona ke e ntshwang ho sebediswa mekgwa e hlahang ho donate.isa4310.com. Monehelo ona o ntshwang ka boithatelo o ananelwa haholo.

a Baromuwa bana ba abetswe ho ilo sebeletsa diphuthehong tseo ho nang le tlhokahalo ya bahweletsi. Ho boetse ho na le baromuwa ba 1 001 ba sebetsang mosebetsing wa potoloho.