Feta

Ke Batla ho Shwa, na Bibele e ka Nthusa ha ke e na le Maikutlo a ho Ipolaya?

Ke Batla ho Shwa, na Bibele e ka Nthusa ha ke e na le Maikutlo a ho Ipolaya?

Karabo ya Bibele

 E. Bibele e tswa ho “Modimo ya tshedisang” ba nyahameng. (2 Bakorinthe 7:6) Le hoja Bibele e se buka ya mafu a kelello, e thusitse batho ba bangata ho hlola maikutlo a ho ipolaya. Dikeletso tsa yona tse molemo di ka o thusa le wena.

 Bibele e na le dikeletso dife tse molemo?

  • Bua hore na o ikutlwa jwang.

     Bibele e re: “Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle, mme ke morabo motho ya tswaletsweng ha ho e na le mahlomola.”​—Liproverbia 17:17.

     Ho bolela hore: Re hloka tshehetso ya batho ba bang ha re sithabetse.

     Ha o sa bolelle batho ba bang hore na o ikutlwa jwang, o itjarisa morwalo oo o tla hloleha ho o jara. Empa ha o bolella batho ba bang hore na o ikutlwa jwang, o ka nna wa fokotsa boima boo o bo utlwang wa ba wa bona dintho ka leihlo le leng.

     Leka ho etsa tjena: Bua le motho e mong letsatsing lena, mohlomong mong ka wena kapa motswalle eo o mo tshepang. a O ka boela wa ngola maikutlo a hao fatshe.

  • Batla thuso ho ditsebi.

     Bibele e re: “Batho ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa ba kulang ba a e hloka.”​—Matheu 9:12.

     Ho bolela hore: Re tlameha ho bona ngaka ha re kula.

     Maikutlo a ho batla ho ipolaya e ka ba letshwao la lefu la kelello kapa la maikutlo. Ha se ntho eo o lokelang ho e swabela, feela jwalo ka ha o ne o ke ke wa swaba ha o kula mmeleng. Bokudi ba kelello le ba maikutlo bo ka phekolwa.

     Leka ho etsa tjena: Potlakela ngakeng ho sa kganya.

  • Hopola hore Modimo wa o tsotella.

     Bibele e re: “Dirobele tse hlano di rekiswa ka ditjhelete tsa tshepe tse pedi tsa bohlokwa bo bonyenyane, na ha ho jwalo? Empa le ha ho le jwalo ha ho le se seng sa tsona se lebalwang ka pela Modimo. . . . Le se ke la tshaba; le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.”​—Luka 12:6, 7.

     Ho bolela hore: O bohlokwa ho Modimo.

     O ka nna wa ikutlwa eka o motwaitwai, empa Modimo o bona matshwenyeho a hao. Le hoja o ka utlwa eka ha o sa batla ho phela, yena wa o tsotella. Pesaleme ya 51:​17 e re: “Modimo, o ke ke wa nyedisa pelo e robehileng le e sithabetseng.” Modimo o batla hore o phele hobane wa o rata.

     Leka ho etsa tjena: Hlahloba bopaki bo ka Bibeleng bo bontshang hore Modimo wa o rata. Mohlala, sheba kgaolo ya 24 ya buka ya Atamela ho Jehova e re thusang ho ithuta Bibele.

  • Rapela Modimo.

     Bibele e re: ‘Lahlela matshwenyeho ohle a hao ho [Modimo], hobane wa o tsotella.’​—1 Petrose 5:7.

     Ho bolela hore: Modimo o o mema hore o mo phetlele sefuba ka ntho e nngwe le e nngwe e o tshwenyang.

     Modimo a ka o fa kgotso le matla e le hore o mamelle bothata ba hao. (Bafilipi 4:6, 7, 13) Ka tsela ena o tshehetsa bohle ba kopang thuso ho yena.​—Pesaleme ya 55:22.

     Leka ho etsa tjena: Rapela Modimo letsatsing lena. Mo bitse ka lebitso la hae e leng Jehova, ebe wa mo bolella hore na o ikutlwa jwang. (Pesaleme ya 83:18) Mo kope hore a o thuse ho mamella.

  • Thuisa ka tshepo eo Bibele e re fang ka yona ka bokamoso.

     Bibele e re: “Re na le tshepo ena e le ankora bakeng sa moya, e le ya nnete mme e le e tiileng.”​—Baheberu 6:19.

     Ho bolela hore: Maikutlo a hao a ka fetoha hangata jwalo ka sekepe se yang hodimo le tlase hara sefefo, empa tshepo eo Bibele e re fang yona e ka etsa hore o tsitse.

     Tshepo eo ha se tshomo feela tjee, empa e thehilwe tshepisong ya Modimo ya ho fedisa dintho tse bakang bohloko.​—Tšenolo 21:4.

     Leka ho etsa tjena: Ithute haholwanyane ka ditshepiso tsa Modimo tse ka Bibeleng ka ho bala thuto ya 5 ya bukana ya Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!

  • Etsa ntho e o natefelang.

     Bibele e re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle.”​—Liproverbia 17:22.

     Ho bolela hore: Ha re etsa dintho tse re tlisetsang thabo, re ka ntlafatsa bophelo ba rona.

     Leka ho etsa tjena: Etsa ntho eo hangata e o thabisang. Mohlala, mamela mmino o hlasimollang, bala ntho e kgothatsang kapa o qete nako o etsa ntho e o natefelang. O tla boela o eketse thabo ya hao haeba o thusa batho ba bang, le haeba e le ka dintho tse nyenyane.​—Liketso 20:35.

  • Itlhokomele mmeleng.

     Bibele e re: “Kwetliso ya mmele e na le molemo.”​—1 Timothea 4:8.

     Ho bolela hore: Ho ikwetlisa, ho robala hantle le ho ja hantle ho tla re tswela molemo.

     Leka ho etsa tjena: Ikwetlise ka ho tsamaya, le ha e ka ba ka metsotso e 15 feela.

  • Hopola hore maikutlo le dintho tse ding bophelong dia fetoha.

     Bibele e re: “Ha le tsebe hore na bophelo ba lona bo tla ba jwang hosasane.”​—Jakobo 4:14.

     Ho bolela hore: Bothata bofe kapa bofe bo bonahalang eka ha bo na tharollo, e ka nna yaba ke ba nakwana feela.

     Le ha o bona eka ha ho na loka, boemo bo ka tsoha bo fetohile. Ka hona batla mekgwa ya ho mamella. (2 Bakorinthe 4:8) Mathata a hao a ka fetoha ha nako e ntse e ya empa ha o ka ipolaya, o shwele o shwele.

     Leka ho etsa tjena: Bala dipale tse ka Bibeleng tsa batho ba kileng ba nyahama hoo ba neng ba bile ba batla ho shwa. Bona ka moo dintho di ileng tsa ba tsamaela hantle ka teng qetellong mme hangata e le ka tsela eo ba neng ba sa e lebella. Mehlala e meng ke ena.

 Na Bibele e bua ka batho ba kileng ba lakatsa ho shwa?

 E. Bibele e re bolella ka ba bang ba ileng ba batla ho shwa. Jehova ha aa ka a ba kgalemela, empa o ile a ba thusa. Le wena a ka o thusa.

Elia

  •  E ne e le mang? Elia e ne e le moprofeta ya sebete. Empa le yena o ile a nyahama. Jakobo 5:​17 e re: “Elia e ne e le motho ya nang le maikutlo a jwalo ka a rona.”

  •  Ke hobaneng ha a ne a batla ho shwa? Ka nako e nngwe Elia o ile a tshoha, a utlwa eka ha a na thuso le hore ha ho na motho ya mo tsotellang. O ile a kopa a re: “Jehova, tlosa moya wa ka.”​—1 Marena 19:4.

  •  O ile a thuswa keng? Elia o ile a phetlela Modimo sefuba. Modimo o ile a mo kgothatsa jwang? Modimo o ile a mo bontsha hore wa mo tsotella a ba a mo bontsha matla a hae. O ile a tiisetsa Elia hore ke motho wa bohlokwa a ba a mo fa mothusi ya mo tsotellang le ya nang le bokgoni.

  •  Bala ka Elia: 1 Marena 19:​2-18.

Jobo

  •  E ne e le mang? Jobo e ne e le monna ya ruileng, ya nang le lelapa le leholo ebile a rapela Modimo wa nnete ka botshepehi.

  •  Ke hobaneng ha a ne a batla ho shwa? Bophelo ba Jobo bo ile ba fetoha habohloko ka tshohanyetso. O ile a lahlehelwa ke dintho tsohle tsa hae, bana ba hae kaofela ba welwa ke tlokotsi yaba ba a shwa, a tshwarwa ke bolwetse bo tshabehang yaba ho qetella ho hlaha batho ba buang leshano ba mo qosa ka hore o ipaketse mathata ao. Jobo o ile a re: “Ke tennwe ke bophelo, ha ke rate ho nna ke phela.”​—Jobo 7:​16, Bibele ya Sesotho.

  •  O ile a thuswa keng? Jobo o ile a rapela Modimo a ba a bua le batho ba bang. (Jobo 10:​1-3) O ile a kgothatswa ke motswalle wa hae Elihu, ya ileng a mo utlwela bohloko, a mo thusa ho sheba boemo ba hae ka leihlo le leng. Ka hodima tsohle Jobo o ile a amohela keletso le thuso ya Modimo.

  •  Bala ka Jobo: Jobo 1:1-3, 13-22; 2:7; 3:1-13; 36:1-7; 38:1-3; 42:1, 2, 10-13.

Moshe

  •  E ne e le mang? Moshe e ne e le moetapele le moprofeta ya tshepahalang wa Baiseraele ba kgale.

  •  Ke hobaneng ha a ne a batla ho shwa? Moshe o ne a e na le boikarabello bo bongata mme ba ne ba dula ba mo tshwaya diphoso, ka hoo ntho eo e ne e mo qeta matla. Ke ka hoo a ileng a re ho Modimo: “Ka kopo mpolaye.”​—Numere 11:11, 15.

  •  O ile a thuswa keng? Moshe o ile a bolella Modimo hore na o ikutlwa jwang. Modimo o ile a thusa Moshe ho bebofatsa mosebetsi wa hae e le hore a se ke a imelwa.

  •  Bala ka Moshe: Numere 11:4-6, 10-17.

a Haeba maikutlo a ho ipolaya a o imetse haholo empa batho bao o ba tshepang ba le siyo, letsetsa nomoro ya mabaka a tshohanyetso