Feta

BATJHA BA A BOTSA

Bibele e ka Nthusa Jwang?​—Karolo ya 1: Ithute Bibele Haholwanyane

Bibele e ka Nthusa Jwang?​—Karolo ya 1: Ithute Bibele Haholwanyane

 Briana ya dilemo di 15 o re: “Ke lekile ho bala Bibele empa ke nyahamiswa ke ka moo e leng kgolo ka teng.”

 Na le wena o ikutlwa ka tsela eo? Sehlooho sena se ka o thusa.

 Ke hobaneng ha o lokela ho bala Bibele?

 Na ha o rate ho bala Bibele? Haeba ho jwalo ho a utlwahala. O ka nna wa nka Bibele e le buka e se nang ditshwantsho e nang le maqephe a fetang a sekete e ngotsweng la mongolo o mosesane. Ka hoo o ka nna wa nka e sa thahasellise ha e bapiswa le thelevishene kapa divideo.

 Le ha ho le jwalo, nahana ka yona ka tsela ena. A ko nahane o feta lebokose le leholo la mehleng ya kgale le tshetseng matlotlo. Na o ka se batle ho tseba hore na ke eng ka moo?

 Bibele e jwalo ka lebokose le tshetseng matlotlo. E na le matlotlo a mangata a ka o thusang hore o be le bohlale ba hore

  •   O etse diqeto tse nepahetseng

  •   O utlwane le batswadi ba hao

  •   O fumane metswalle e nepahetseng

  •   O sebetsane le ho tshwenyeha

 Ke jwang buka ya kgale hakaale e ka re thusang kajeno? Lebaka ke hobane “Lengolo lohle le buduletswe ke Modimo.” (2 Timothea 3:​16) Sena se bolela hore keletso e ka Bibeleng e tswa mohloding o nepahetseng.

Bibele e tshwana le lebokose le nang le matlotlo a bohlokwa ka ho fetisisa ka ha e re thusa hore re etse dintho ka bohlale

 Nka bala Bibele jwang?

 Tsela e nngwe ke ho bala Bibele ho tloha qalong ho ya fihla qetellong. Sena se tla etsa hore o tsebe seo Bibele e se rutang. Hona le mekgwa e mengata eo o ka balang Bibele ka yona. Nahana ka mehlala ena:

  •    O ka bala dibuka tse 66 tsa Bibele ka tatellano ho tloha ho Genese ho ya ho Tšenolo.

  •    O ka bala ditlaleho tsa Bibele ho ya ka hore na di etsahetse ka tatellano efe.

 Seo o ka se etsang: Karolo ya 4 ho Tataiso ea ho Ithuta Lentsoe la Molimo e re fa tatellano ya diketsahalo tsa bophelo ba Jesu ha a ne a le lefatsheng.

 Tsela ya bobedi eo o ka balang Bibele ka yona ke ka ho kgetha ditlaleho tse ka o thusang ditekong tseo o kopanang le tsona. Ka mohlala:

  •   Na o batla ho fumana metswalle e tshepahalang? Bala pale ya Jonathane le Davida. (1 Samuele, dikgaolo 18-​20) Ka mora moo sebedisa leqephe la ho ngolla le nang le sehlooho se reng “Kamoo U ka Fumanang Metsoalle e Tšepahalang” ho ithuta dintlha tseo o ka di sebedisang.

  •   Na o batla ho matlafatsa bokgoni ba hao ba ho hlola diteko? Bala pale e bontshang ka moo Josefa a ileng a hlola diteko ka teng. (Genese, kgaolo ya 39) Ka mora moo, sebedisa leqephe la ho ngolla le nang le sehlooho se reng “Ka Moo o ka Hlolang Diteko . . . Josefa​—Karolo ya 1” le “O Qoswa ka Bohata! Josefa​—Karolo ya 2” ho ithuta dintlha tseo o ka di sebedisang.

  •   Na o batla ho ithuta hore na thapelo e ka o thusa jwang? Bala tlaleho ya Nehemia. (Nehemia, kgaolo ya 2) Ka mora moo, sebedisa leqephe la ho ngolla le nang le sehlooho se reng “Modimo o ile a Arabela Thapelo ya Hae” ho ithuta dintlha tseo o ka di sebedisang.

 Seo o ka se etsang: Ha o bala Bibele, e ya sebakeng se kgutsitseng e le hore o ka kgona ho nahanisisa ka seo o se balang.

 Tsela ya boraro eo o ka balang Bibele ka yona ke ka ho kgetha tlaleho kapa pesaleme, o e bale ebe wa ipotsa hore na e ka o thusa jwang. Ka mora ho bala, ipotse dipotso tse kang tsena:

  •    Ke hobaneng ha Jehova a ile a etsa hore see se ngolwe ka Bibeleng?

  •    Taba ee e bontshang ka Jehova kapa tsela eo a etsang dintho ka yona?

  •    Nka sebedisa seo ke ntseng ke ithuta sona jwang bophelong baka?

 Seo o ka se etsang: Ngola hore hore na o batla ho etsang. Ngola letsatsi leo o batlabg ho qala ho bala Bibele ka lona.