Genese 39:1-23

  • Josefa ka tlung ya Potifaro (1-6)

  • Josefa o hana ho robala le mosadi wa Potifaro (7-20)

  • Josefa o teronkong (21-23)

39  Josefa a iswa Egepeta+ mme Moegepeta ya bitswang Potifaro,+ e leng molaodi wa lekgotla wa Faro le mookamedi wa balebedi, a mo reka ho Baishmaele.+  Empa Jehova o ne a ena le Josefa.+ Ka lebaka leo, a atleha mme a behwa hore a laole ntlo ya monga hae wa Moegepeta.  Monga hae a bona hore Jehova o na le yena le hore Jehova o ne a atlehisa dintho tsohle tseo a di etsang.  Josefa a nna a ratwa ke monga hae mme ya eba mosebeletsi eo a mo tshepang. A mo beha hore a laole ntlo ya hae le dintho tsohle tsa hae.  Ho tloha nakong eo ka yona a mo behileng hore a laole ntlo ya hae le dintho tsohle tsa hae, Jehova a nna a hlohonolofatsa ntlo ya Moegepeta eo ka lebaka la Josefa mme Jehova a hlohonolofatsa dintho tsohle tseo Moegepeta eo a nang le tsona ka tlung le naheng.+  Qetellong a tlohela dintho tsohle matsohong a Josefa mme o ne a sa tshwenyehe ka letho haese ka dijo tseo a di jang. Josefa o ne a ena le sebopeho se setle a bile a le motle.  Mosadi wa monga hae a kgahlwa ke yena mme a re: “Robala le nna.”  Empa a hana mme a re ho mosadi wa monga hae: “Mongaka ha a tshwenyehe ka letho ha ke le teng ka tlung mme o mpehile hore ke hlokomele dintho tsohle tseo a nang le tsona.  Ha ho e moholo ho mpheta* ka tlung ena mme ha a nkganela ka letho haese ka wena hobane o mosadi wa hae. Nka etsa bobe boo bo boholo jwang mme ka fosetsa Modimo?”+ 10  Mosadi eo o ne a bua le Josefa letsatsi le letsatsi empa ha ho mohla Josefa a ileng a dumela ho robala le yena kapa ho qeta nako le yena. 11  Empa ka letsatsi le leng ha Josefa a kena ka tlung ho ya etsa mosebetsi wa hae, basebeletsi bohle ba ntlo ba ne ba le siyo ka tlung. 12  Mosadi eo a mo tshwara ka seaparo mme a re: “Robala le nna!” Empa Josefa a siya seaparo sa hae letsohong la hae mme a balehela ka ntle. 13  Hang ha mosadi eo a bona hore Josefa o siile seaparo sa hae letsohong la hae mme o balehetse ka ntle, 14  a hweletsa banna ba lelapa la hae a re ho bona: “Bonang! O re tliseditse monna enwa wa Moheberu hore a tlo re tshehisa ka batho. O tlile ho nna ho tla robala le nna empa ka hweletsa. 15  Hang ha a utlwa ke hweletsa, a siya seaparo sa hae pela ka yaba o balehela ka ntle.” 16  A beha seaparo sa Josefa pela hae ho fihlela monga hae a tla ka tlung. 17  A mo bolella se tshwanang a re: “Mohlanka wa Moheberu eo o re tliseditseng yena o tlile ho nna ho tla ntshehisa ka batho. 18  Empa hang ha ke hweletsa, o ile a siya seaparo sa hae pela ka yaba o balehela ka ntle.” 19  Monga hae a halefa hang ha a utlwa mosadi wa hae a re: “Mohlanka wa hao o nkentse tjena.” 20  Monga Josefa a mo isa teronkong moo batshwaruwa ba morena ba neng ba kwallwa teng mme a dula moo teronkong.+ 21  Jehova a nna a ba le Josefa mme a ba mosa* ho yena, a etsa hore molaodi ya ka sehloohong wa teronko a mo rate.+ 22  Molaodi ya ka sehloohong wa teronko a etsa Josefa mookamedi wa batshwaruwa bohle ba ka teronkong mme ba ne ba etsa sohle seo a reng ba se etse.+ 23  Molaodi ya ka sehloohong wa teronko o ne a sa tshwenyehe ka letho le neng le le taolong ya Josefa. Jehova o ne a ena le Josefa mme Jehova a atlehisa dintho tsohle tseo a di etsang.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Ke nna ya laolang dintho tsohle.”
Kapa: “a mo bontsha lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.