Feta

Ho Etsahalang Lenyalong la Dipaki Tsa Jehova?

Ho Etsahalang Lenyalong la Dipaki Tsa Jehova?

 Hangata manyalong a Dipaki Tsa Jehova ho ba le mokete o seng moholo, o hlomphehang mme ho ba le puo e kgutshwanyane e thehilweng Bibeleng. Ka mora puo, banyalani ba kanna ba kgetha sebaka seo ba tla ya ho sona e le lelapa le metswalle ho tswellisa mokete wa bona pele mme ba tla ja ha mmoho. a Jesu le yena o ile a ya moketeng o jwalo o neng o le motseng o bitswang Kana.​—Johanne 2:​1-11.

 Ho etsahalang moketeng wa lenyalo?

 Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa moketeng wa lenyalo ke puo ya lenyalo e nkang metsotso e ka bang 30 mme e fanwa ke e mong wa baholo ba phutheho ya Dipaki Tsa Jehova. Puo eo e hlakisa hantle hore na Bibele e ka thusa banyalani bao jwang hore ba be le lenyalo le tshwarellang, ba dule ba ratana le hore ba dule ba thabile.​—Baefese 5:33.

 Dinaheng tse ngata, mmuso o dumella baholo ba Dipaki Tsa Jehova hore ba nyadise batho ka molao. Ka hoo ha puo e se e ntse e tlo fela, banyalani ba a ikana. Ba ka boela ba kenyana direng. Jwale moholo ya kgethilweng hore a nyadise ka molao o tla phatlalatsa hore e se e le monna le mosadi.

 Dinaheng tse ding, molao o laela hore ba boholong pusong ke bona ba lokelang ho nyadisa mme ba etsetsa seo ofising ya mmuso. Baratani ba tla ya ofising ya mmuso pele, ebe ba fumana puo ya lenyalo ha morao. Haeba monyadi le monyaduwa ba sa ka ba ikana ha ba nyalana ka molao, ba ka etsa seo ha puo ya lenyalo e se e ntse e tlo fela mme haeba ba ile ba ikana ofising ya mmuso ba ka bua dikano tsa bona ka tsela e bontshang hore ba ikana lekgetlo la bobedi. Puo e tla qetella ka thapelo moo ho tla kopuwa Modimo hore a hlohonolofatse banyalani bana ba batjha.

 Manyalo a Dipaki Tsa Jehova a tshwarelwa hokae?

 Dipaki Tsa Jehova tse ngata di kgetha ho tshwarela lenyalo la tsona Holong ya Dipaki Tsa Jehova haeba ho na le e fumanehang. b Haeba banyalani ba kgetha ho ba le mokete ka mora moo, ba tla kgetha sebaka se seng moo ba tla o tshwarela teng.

 Ke bo mang ba ka yang lenyalong?

 Haeba lenyalo le tla tshwarelwa Holong ya Dipaki Tsa Jehova, hangata ho tla motho e mong le e mong ho sa tsotellehe hore na ke Paki kapa ha se Paki. Haeba ho tla ba le mokete, banyalani ba tla kgetha hore na ke bo mang ba tla ya moketeng.

 Na ho na le tsela eo batho ba lokelang ho apara ka yona?

 Le hoja ho sena tsela e tobileng ya hore na ho tla aparwa jwang Holong ya Dipaki Tsa Jehova, Dipaki Tsa Jehova di leka ho latela tataiso ya Bibele ya hore di apare ka tsela e hlomphehang. Di ananela ha motho e mong le e mong a etsa se tshwanang. (1 Timothea 2:9) Le ha eba banyalani ba kgetha ho ba le mokete sebakeng se seng ba ntse ba lokela ho apara ka tsela eo e hlomphehang.

 Na ho tla fanwa ka dimpho?

 Bibele e re kgothalletsa hore re be batho ba fanang ka ho rata. (Pesaleme ya 37:​21) Dipaki Tsa Jehova di thabela ho fana le ho fuwa dimpho tsa lenyalo. (Luka 6:​38) Le ha ho le jwalo, ha di ikopele dimpho tsa lenyalo kapa hona ho bitsa mabitso a batho ba faneng ka tsona. (Matheu 6:​3, 4; 2 Bakorinthe 9:7; 1 Petrose 3:8) Ho etsa jwalo ho tla be ho sa dumellane le seo Bibele e se buang, ebile le batho ba tlileng lenyalong ba tla ikutlwa ba sa phutholoha.

 Na ho otlangwa dikgalase?

 Tjhe. Dipaki Tsa Jehova ha di otlanye dikgalase hobane tlwaelo eo e qadile bodumeding ba leshano. c Dipaki di bolella banyalani ba batjha hore ba ba lakaletsa lenyalo le thabileng ka mekgwa e meng ho e na le ho otlanya dikgalase.

 Na ho tla akgelwa raese kapa confetti ho monyadi le monyaduwa?

 Tjhe. Dibakeng tse ding batho ba akgela raese, confetti kapa ntho e nngwe ho monyadi le monyaduwa. Ba dumela hore sena se tla tlisetsa banyalani mahlohonolo, thabo le bophelo bo botelele. Empa Dipaki Tsa Jehova di qoba ho etsa dintho tse sa dumellaneng le melaomotheo ya Bibele. Sena se akarelletsa ho lakaletsa batho ba bang mahlohonolo hobane seo ha se dumellane le melao metheo ya Bibele.​—Esaia 65:11.

 Na ho tla ba le dijo le se nowang?

 Ha lenyalo le le Holong ya Dipaki Tsa Jehova ho ke ke ha ba le dijo kapa se nowang. Banyalani ba bang ba kgetha ho ba le mokete ka mora moo, moo ho tla bang le dijo le dintho tse nowang. (Moeklesia 9:7) Ha banyalani ba kgetha hore ho be le jwala lenyalong la bona ba etsa bonnete ba hore ha ho be le bo bongata le hore bo tla nowa ke batho ba dilemong tse dumellwang ke molao feela.​—Luka 21:​34; Baroma 13:​1, 13.

 Na ho tla ba le mmino le tantshe?

 Haeba banyalani ba tla ba le mokete, ba tla ikgethela hore na ho tla ba le tantshe le mmino. (Moeklesia 3:4) Ba tla kgetha mmino oo ba o ratang le oo batho ba setso sa bona ba ka o thabelang mme ba etsa bonnete ba hore ke mmino o monate le o ke keng wa kgopisa baeti ba bona. Ha lenyalo le le Holong ya Dipaki Tsa Jehova, hangata ho ba le mmino o thehilweng Bibeleng.

 Na Dipaki Tsa Jehova di etsa mokete wa ho ikgopotsa lenyalo la bona?

 Ka ha melaomotheo ya Bibele ha e kgothalletse kapa hona ho hanela hore batho ba iketsetse mokete wa ho ikgopotsa letsatsi la bona la lenyalo, banyalani ba Dipaki ba tla iketsetsa qeto ya hore na ba tla ikgopotsa kapa ba ke ke ba ikgopotsa letsatsi la bona la lenyalo. Haeba ba kgetha ho ikgopotsa letsatsi leo, ba ka le keteka ba le bang kapa ba ka le keteka le metswalle le ba lelapa.

a Mekgwa, ditlwaelo le melao di ka fapana ho ya ka sebaka.

b Moholo ya fanang ka puo ya lenyalo ha a batle tjhelete bakeng sa ho etsa seo ebile le Holo ya Dipaki Tsa Jehova ha e lefellwe bakeng sa ho tshwarela lenyalo.

c Ho utlwa ho eketsehileng ka ho simoloha ha ho otlanya dikgalase ha bohetene, sheba “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” tse hlahang ho Molula-Qhooa wa February 15, 2007.