Fetela boitsebisong

SE KA THUSANG LELAPA

Ha le E-na le Maikutlo a Fapaneng

Ha le E-na le Maikutlo a Fapaneng

 Kaha banyalani ba rata lintho tse fapaneng, ba tloaetse ho etsa lintho tse sa tšoaneng ebile ba na le botho bo sa tšoaneng, seo se ka etsa hore ba se ke ba utloana. Empa ho na le lintho tse ling joaloka tse latelang tse ka etsang hore ho be thata le ho feta:

  •   Le qeta nako e kae le ba lelapa?

  •   Le sebelisa chelete joang?

  •   Na le tl’o ba le bana?

 U ka etsa’ng haeba uena le molekane oa hao le bona lintho ka tsela e fapaneng?

 Seo u lokelang ho se tseba

 Ho tšoanelana ha ho bolele hore lea tšoana. Leha monna le mosali ba tšoanelana, seo ha se bolele hore ba tla lula ba e-na le maikutlo a tšoanang le litabeng tsa bohlokoa.

 “Ke holetse lelapeng le neng le rata ho qeta nako hammoho. Mafelo-beke re ne re qeta nako le bo-nkhono, bo-ntate-moholo, bo-malome, bo-rangoane, bo-rakhali, bo-mmangoane le bo-motsoala. Empa lelapa la bo molekane oa ka le ne le sa etse lintho tse ngata hammoho. Kahoo, re na le maikutlo a fapaneng ha ho tluoa tabeng ea hore na re lokela ho qeta nako e kae le ba lelapa kapa ho buisana le ba lelapa ba lulang hole.”​—Tamara.

 “Ka lebaka la tsela eo re holisitsoeng ka eona, ’na le mosali oa ka re ne re e-na le maikutlo a fapaneng ka hore na re lokela ho sebelisa chelete joang. Likhoeli ka mor’a hore re nyalane, re ile ra ba le ho se utloisisane ka taba eo. Ho nkile nako hore re rarolle bothata bona.”​—Tyler.

Batho ba babeli ba ka sheba ntho e tšoanang empa ba e bona ka tsela e fapaneng. Seo se ka etsahala le tseleng eo banyalani ba bonang lintho ka eona

 Mathata a mang a ke ke a lokisoa feela ke ho nahanelana. Ka mohlala, ho tla etsahala’ng haeba e mong oa lelapa la bo molekane oa hao a kula ’me a hloka ho hlokomeloa? Kapa haeba molekane oa hao a batla bana uena u sa ba batle? a

 “Ke hangata ’na le mosali oa ka re buisana ka taba ea ho ba le bana. O nahana ka eona hangata ’me tsela eo re ikutloang ka eona ha e sa tšoana. Ha ke bone hore ke tla fetola tsela eo ke ikutloang ka eona.”​—Alex.

 Lenyalo la lona ha lea lokela ho senyeha hobane feela le sa bone lintho ka tsela e tšoanang. Litsebi tse ling li re haeba uena le molekane oa hao le sa lumellane ka taba ea bohlokoa, u lokela ho etsa bonnete ba hore u fumana ntho eo u e batlang le haeba seo se bolela hore lenyalo la hao lea fela. Empa seo se etsa hore maikutlo a hao ebe a bohlokoa haholo ho feta kano eo u e entseng ho Molimo ea hore u tla lula le molekane oa hao ho sa tsotellehe se etsahalang.

 Seo u ka se etsang

 Ikemisetse ho hlompha kano ea hao ea lenyalo. Haeba u ikemiselitse ho etsa sena, le tla sebetsa hammoho ho rarolla mathata.

 Keletso ea Bibele: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”​—Matheu 19:6.

 Bala litšenyehelo. Ka mohlala, nka hore molekane e mong o batla bana empa e mong haa ba batle. Ho na le lintho tse ngata tseo u ka nahanang ka tsona, joaloka:

  •   Lenyalo la lona le matla hakae.

     Na le matla hoo le ka khonang ho holisa bana?

  •   Boikarabelo ba ho ba batsoali.

     Le hloka ho etsa lintho tse ngata ho feta feela ho fana ka lijo, liaparo le bolulo.

  •   Maemo a lona a lichelete.

     Na le khona ho leka-lekanya nako eo le e qetang mosebetsing, eo le e qetang hammoho le nako ea ho etsa lintho tse ling?

 Keletso ea Bibele: “Ke mang ho lona ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo?”​—Luka 14:28.

 Sheba mahlakore ’ohle a taba. Le ka khona ho rarolla lintho tseo le sa lumellaneng ka tsona. Ka mohlala, haeba bothata e le ho ba le bana, molekane ea sa ba batleng o lokela ho ipotsa:

  •   ‘Haeba ke re ha ke batle bana, na ke bolela hore ha ke ba batle hona joale feela kapa ka ho felletseng?’

  •   ‘Na ha ke ba batle hobane ke nahana hore nke ke ka ba motsoali ea molemo?’

  •   ‘Na ke tšaba hore molekane oa ka o tla ntahla?’

 Molekane ea batlang bana le eena o lokela ho ipotsa lipotso tse kang tsena:

  •   ‘Na re itokiselitse boikarabelo ba ho ba batsoali?’

  •   ‘Na maemo a rona a lichelete a re lumella ho holisa bana?’

 Keletso ea Bibele: “Bohlale bo tsoang holimo . . . bo na le . . . kahlolo e molemo.”​—Jakobo 3:17.

 Sheba hore na tsela eo molekane oa hao a ikutloang ka eona e na le melemo efe. Batho ba babeli ba ka sheba ntho e tšoanang empa ba e bona ka tsela e fapaneng. Ka tsela e tšoanang, ho ka etsahala hore banyalani ba se ke ba e-ba le maikutlo a tšoanang ka taba e itseng. Ka mohlala, hore na ba lokela ho sebelisa chelete joang. Haeba le buisana ka taba eo le nang le maikutlo a fapaneng ka eona, qalang pele ka ho buisana ka likarolo tseo le lumellanang ka tsona.

  •   Ke’ng eo le lumellanang ka eona?

  •   Ho na le melemo efe maikutlong a lona ka bobeli?

  •   E le hore lenyalo la lona le se ke la senyeha, na molekane e mong a ka khetha ho lumellana le maikutlo a e mong?

 Keletso ea Bibele: “E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.”​—1 Bakorinthe 10:24.

a Le lokela ho buisana ka lintho tsa bohlokoa pele le nyalana. Ho ntse ho le joalo, maemo a sa lebelloang a ka hlaha kapa maikutlo a molekane e mong a ka fetoha ha nako e ntse e-ea.​—Moeklesia 9:11