Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Na ke Lokela ho Kolobetsoa?—Karolo ea 1: Ho Kolobetsoa ho Bolela’ng?

Na ke Lokela ho Kolobetsoa?—Karolo ea 1: Ho Kolobetsoa ho Bolela’ng?

 Selemo le selemo, bacha ba bangata ba holisitsoeng ke batsoali ba Lipaki Tsa Jehova baa kolobetsoa. Na le uena u ntse u nahana ka ho kolobetsoa? Haeba ho joalo, u tlameha ho utloisisa pele hore na ho inehela le ho kolobetsoa ho bolela’ng.

 Ho kolobetsoa ho bolela’ng?

 Kolobetso eo ho buuoang ka eona ka Bibeleng ha se ho fafatsoa feela ka metsi empa ke ho qoelisoa ka ho feletseng ka metsing. Ho qoelisoa ka metsing ho emela ntho ea bohlokoa haholo.

  •   Ha u qoelisoa ka metsing, u bontša phatlalatsa hore ha u sa tla phelela ho etsa thato ea hao.

  •   Ha u tsoa ka metsing, u bontša hore o se u qalile bophelo bo bocha ba ho phelela ho etsa thato ea Molimo.

 Ha u kolobetsoa, u bontša hore Jehova o na le matla a ho u behela melao ea se lokileng le se fosahetseng hape u bontša hore u tla phela tumellanong le tšepiso eo u ileng oa e etsa ka ho rata ea hore u tla etsa lintho tseo a reng u li etse.

 Ipotse: Ke hobane’ng ha ke lokela ho bontša phatlalatsa hore ke batla ho phelela ho mamela Jehova? Bala 1 Johanne 4:19 le Tšenolo 4:11.

 Ho inehela ho bolela’ng?

 Pele u kolobetsoa, u lokela ho inehela ho Jehova. U ka etsa seo joang?

 Ka hore u rapele Jehova boinotšing, u mo tšepise hore u tla mo sebeletsa bophelo bohle ba hao le hore u tla etsa seo a se batlang ho sa tsotellehe maemo le hore na batho ba bang ba khetha ho etsang.

 Kolobetso ke ketso ea phatlalatsa e bontšang hore u inehetse ho Jehova ka ho mo rapela boinotšing. U bontša ba bang hore ha u sa iphelela empa u se u phelela Jehova.—Matheu 16:24.

 Ipotse: Ke tla fumana melemo efe ha ke phelela Jehova? Bala Esaia 48:17, 18 le Baheberu 11:6.

 Ke hobane’ng ha ho kolobetsoa ho le bohlokoa?

 Jesu o itse barutuoa ba hae ba lokela ho kolobetsoa. (Matheu 28:19, 20) Kahoo, Bakreste ba lokela ho kolobetsoa. Ha e le hantle, Bibele e re re lokela ho kolobetsoa e le hore re pholohe.—1 Petrose 3:21.

 Leha ho le joalo, sepheo sa hao sa ho batla ho kolobetsoa e lokela hore e be hobane u rata Jehova. Hape u be le boikutlo bo tšoanang le ba mopesaleme ea ileng a ngola a re: “Ke tla patala Jehova ka eng bakeng sa lintho tsohle tse molemo tseo a nketselitseng tsona? . . . Ke tla bitsa lebitso la Jehova. Ke tla phetha likano tsa ka ho Jehova.”—Pesaleme ea 116:12-14.

 Ipotse: Jehova o nketselitse lintho life tse molemo ’me ke tla mo patala ka eng bakeng sa tsona? Bala Deuteronoma 10:12, 13 le Baroma 12:1.