Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PALE EA BOPHELO

Ke Matla le Hoja ke Fokola

Ke Matla le Hoja ke Fokola

Ha ho motho ea ka nahanang hore ke matla ha a mpona ke lutse setulong sa likooa ke le ’mele o fokolang oa boima ba lik’hilograma tse 29. Empa ha ’mele oa ka o ntse o fokola, ke ikutloa ke ntse ke ba matla le ho feta. E-re ke hlalose hore na ho tla joang hore ke re ke matla le hoja ke fokola.

Ha ke le lilemo li ’nè

Ha ke nahana ke sa le ngoana, ke hopola linako tse monate ntlong ea heso e nyenyane, ka boroa ho Fora, moo ke neng ke lula teng le batsoali ba ka. Ntate o ne a nketselitse mosoinki ’me ke ne ke rata ho matha ka jareteng. Ka 1966, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa etela lapeng ’me Ntate o ile a buisana le tsona ka nako e telele. Likhoeli tse supileng hamorao, Ntate o ile a etsa qeto ea hore o batla ho ba Paki. Nakoana ka mor’a moo ’Mè le eena o ile a latela ’me ba ile ba nkhōlisetsa lapeng le mofuthu.

Mathata a ka a ile a qala nakoana ka mor’a hore re khutlele Spain, moo batsoali ba ka ba neng ba tsoaletsoe teng. Ke ile ka qala ho utloa bohloko bo hlabang matsohong le maqaqailaneng. Ka mor’a lilemo tse peli re ntse re ea lingakeng tse ngata, re ile ra fumana ngaka ea masapo le manonyeletso e neng e tsebahala ’me e ile ea bua e sithabetse, ea re, “Ha ho sa na seo re ka se etsang.” ’Mè o ile a lla. Ke ile ka qala ho utloa mantsoe ao ke sa a tsebeng a kang, “autoimmune chronic illness” le “juvenile polyarthritis.” * Le hoja ke ne ke sa utloisise hakaalo kaha ke ne ke le lilemo li leshome feela, ke ile ka hlokomela hore tseo e ne e se litaba tse monate.

Lingaka li ile tsa etsa tlhahiso ea hore ke isoe sepetleleng sa bana. Ha ke fihla ke ile ka sithabetsoa ke ho bona mehaho ea moo e neng e sa khahlise. Melao ea moo e ne e le thata: Baitlami ba basali ba ile ba nkuta moriri ’me ba nkapesa junifomo e mpe. Ke ile ka lla ’me ka nahana, ‘Ke tl’o phela joang moo?’

JEHOVA O OA NTŠEHETSA

Kaha batsoali ba ka ba ne ba nthutile ho sebeletsa Jehova, ke ne ke hana ho kenela litšebeletso tsa bolumeli ba K’hatholike tse neng li etsoa sepetleleng moo. Baitlami ba basali ba ne ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ke ne ke hana. Ke ile ka kōpa Jehova ka tieo hore a se ke a ntlohela ’me ho e-s’o ee kae ke ile ka utloa ha a ntšireletsa ka letsoho la hae, ka ikutloa eka o nkopa ka mofuthu joaloka ntate ea lerato.

Batsoali ba ka ba ne ba lumeletsoe ho nketela hakhutšoanyane feela ka Moqebelo. Ba ne ba ntlela libuka tsa Bibele ’me li ne li matlafatsa tumelo ea ka. Bana ba ne ba sa lumelloe hore ba be le libuka, empa ’na ke ne ke lumelloa ho ba le tsona hammoho le Bibele ea  ka eo ke neng ke e bala letsatsi le letsatsi. Ke ne ke boetse ke bua le banana ba bang ka tšepo eo ke nang le eona ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng, moo ho ke keng ha e-ba le motho ea kulang. (Tšenolo 21:3, 4) Le hoja ka linako tse ling ke ne ke utloa bohloko ebile ke jeoa ke bolutu, ke ne ke thabisoa ke hore tumelo ea ka le tšepo ea ka ho Jehova li ne li ntse li matlafala.

Lingaka li ile tsa ntokolla ka mor’a nako e telele ea likhoeli tse tšeletseng. Ke ne ke sa fola, empa ke ne ke thabetse ho khutlela lapeng ho batsoali ba ka. Manonyeletso a ka a ile a holofala le ho feta ’me ke ne ke opeloa haholo. Ke ile ka kena lilemong tsa bocha ke fokola haholo. Ho ntse ho le joalo, ha ke le lilemo li 14, ke ile ka kolobetsoa ’me ke ne ke ikemiselitse ho etsa sohle se matleng a ka ho sebeletsa Ntate oa ka ea leholimong. Empa ka linako tse ling ke ne ke utloa ke mo halefela. Ke ne ke rapela ke re: “Hobane’ng ’na? Ke kōpa u mpholise. Na ha u bone kamoo ke utloang bohloko kateng?”

Nako ea bocha e ne e le boima. Ke ile ka tlameha ho amohela hore nke ke ka hlola ke fola. Ke ne ke lula ke ipapisa le metsoalle ea ka, e neng e phetse hantle ebile e thabela bophelo. Ke ne ke ikutloa ke se na thuso ke bile ke sa batle ho kopana le batho. Leha ho le joalo, ba lelapa leso le metsoalle ea ka ba ne ba ntšehetsa. Ke hopola Alicia, ea neng a le moholo ho ’na ka lilemo tse 20, eo e ileng ea e-ba motsoalle oa sebele. O ile a nthusa hore ke thahaselle batho ba bang ho e-na le hore ke lule ke nahana ka ho kula ha ka le ho tšoenyeha ka mathata a ka.

KE FUMANA LITSELA TSA HO THABELA BOPHELO

Ha ke le lilemo li 18, ke ile ka kula haholo hape, esita le ho ba libokeng tsa Bokreste ho ne ho nkhathatsa haholo. Leha ho le joalo, ha ke le lapeng ke ne ke ithuta Bibele ka hloko. Buka ea Jobo le Lipesaleme li nthusitse ho utloisisa hore ha joale Jehova Molimo o re hlokomela haholo-holo moeeng ho e-na le ’meleng, ka ho re khothatsa le ho re fa tšepo. Ho rapela khafetsa ho entse hore ke be le “matla a fetang se tloaelehileng” le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.”—2 Bakorinthe 4:7; Bafilipi 4:6, 7.

Ha ke le lilemo li 22, ke ile ka tlameha ho amohela hore joale ke tl’o qeta bophelo ba ka ke le holim’a setulo sa likooa. Ke ne ke tšoha hore ha batho ba ncheba, ba ne ba tla iponela feela setulo sa likooa se palamisitseng mosali ea kulang. Leha ho le joalo, setulo sa likooa se ile sa nthusa hore ke khone ho iketsetsa lintho tse ling; e ile ea e-ba tlhohonolofatso ho e-na le hore e be “thohako.” Motsoalle oa ka Isabel o ile a nkōpa hore ke qete lihora tse 60 khoeli e le ’ngoe ke sebetsa le eena mosebetsing oa ho ruta batho Bibele.

Qalong ke ne ke nahana hore ho hang nke ke ka khona. Empa ke ile ka kōpa Jehova hore a nthuse ’me ka tšehetso eo ke ileng ka e fumana ho ba lelapa le ho metsoalle, ke ile ka khona. Khoeli eo e ile ea fela kapele ’me ke ne ke phathahane hoo ke ileng ka khona ho hlōla tšabo le ho itšoabela. Ke ile ka thaba hoo ka 1996 ke ileng ka etsa qeto ea ho ba pula-maliboho oa kamehla—ke qeta lihora tse itseng khoeli le khoeli ke le tšebeletsong. Eo e ile ea e-ba qeto e molemo ka ho fetisisa eo ke ileng ka e etsa kaha ke ile ka ba le kamano e haufi le ho feta le Molimo ka ba ka matlafala ’meleng. Ho ba tšebeletsong, ho nthusitse hore ke bolelle batho ba bangata ka tumelo ea ka le hore ke thuse ba bang ho ba metsoalle ea Molimo.

JEHOVA O TSOELA PELE HO NTŠEHETSA

Lehlabuleng la 2001, ke ile ka ameha kotsing e mpe ea koloi eaba ke robeha maoto. Ha ke ntse ke robetse betheng sepetlele ke opeloa habohloko, ke ile ka rapela ka tieo, ke khutsitse ka re: “Jehova, ke kōpa u se ke ua ntlohela!” Ka eona nako eo, ’mè ea neng a robetse betheng e pel’a ka o ile a mpotsa a re: “Na u e mong oa Lipaki Tsa Jehova?” Ke ile ka ōma ka hlooho feela kaha ke ne ke se na matla a ho bua. O ile a re: “Kea le tseba! Ke ee ke bale limakasine tsa lōna.” Mantsoe ao a ile a nkhothatsa haholo. Le hoja ke ne ke le boemong bo utloisang bohloko joalo, ke ne ke ntse ke khona ho paka ka Jehova. Eo ke tlotla e kaakang!

Ke ile ka ikutloa ke le betere ’me ka qala ho bolella ba bang ka Bibele. Ke ile ka etela bakuli ba bang ke khannoa ke ’Mè ka setulo sa likooa ke kentse samente maotong. Letsatsi le letsatsi re ne re etela bakuli ba seng bakae, re ba botsa hore na ba ntse ba e-ea joang ebe re ba siela libuka tsa Bibele. Ke ne ke khathala haholo ha re ntse re tsamaea joalo, empa Jehova o ne a mpha matla ao ke neng ke a hloka.

Ke na le batsoali ba ka, ka 2003

 Ke ’nile ka opeloa le ho feta lilemong tse ’maloa tse fetileng ’me ke ile ka sithabela haholo ha Ntate a hlokahala. Leha ho le joalo, ke ntse ke leka ho lula ke thabile. Joang? Ha ho khoneha, ke leka ho ba le metsoalle ea ka le beng ka ’na ’me seo se etsa hore ke se ke ka lula ke nahana ka mathata a ka. Athe ha ke le mong, kea bala, ke ithuta Bibele, kapa ke bolella batho ba bang ka Bibele ke sebelisa founo.

Hangata ke koala mahlo a ka ebe ke ipona ke le lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisitseng

Ke boetse ke leka ho thabela lintho tse sa reng letho, tse kang ho hahloa ke moea o pholileng le monko o monate oa lipalesa. Lintho tsena li etsa hore ke ananele bophelo. Ho rata ho itšehela ho boetse hoa nthusa. Ka letsatsi le leng ha re ntse re le mosebetsing oa ho ruta batho Bibele, motsoalle oa ka ea neng a ntse a nkhanna o ile a ema hanyenyane e le hore a ngole ho hong. Setulo sa ka se ile sa tsoa taolong eaba se thula koloi e neng e eme. Re ne re tšohile haholo empa ha re hlokomela hore ha kea lemala, re ile ra shoa ke litšeho.

Ho na le lintho tse ngata tseo ke sa khoneng ho li etsa. Ke li nka e le lintho tseo ke sa ntseng ke tla li etsa. Hangata ke koala mahlo a ka ebe ke ipona ke le lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisitseng. (2 Petrose 3:13) Ke ipona ke phetse hantle, ke itsamaela ’me ke thabela bophelo ka ho feletseng. Ke nahana ka mantsoe a Morena Davida a reng: “Tšepa Jehova; e-ba sebete ’me pelo ea hao e be matla.” (Pesaleme ea 27:14) Le hoja ’mele oa ka o ntse o fokola le ho feta, Jehova o ’matlafalitse. Ke tsoela pele ke le matla le hoja ke fokola.

^ ser. 6 Juvenile polyarthritis ke lefu la masapo le manonyeletso le tšoarang bana. Masole a ’mele a hlasela le ho bolaea lisele tse phetseng hantle, seo se etsa hore motho a utloe bohloko ’me le manonyeletso a hae a ruruhe.