Fetela boitsebisong

Bibele e Re’ng ka Easter?

Bibele e Re’ng ka Easter?

Karabo ea Bibele

Mekete ea Easter ha ea thehoa Bibeleng. Leha ho le joalo, ha u hlahloba histori ea Easter u tla hlokomela hore ha e le hantle e tsoa hokae—e thehiloe meetlong ea boholo-holo e amanang le pelehi. Nahana ka se latelang.

  1. Lebitso: Encyclopædia Britannica, e re: “Ha ho tsejoe hantle hore lentsoe la Senyesemane Easter le simolohile hokae; moruti oa Mosaxon oa Monyesemane Venerable Bede oa lekholong la borobeli la lilemo o ile a nka lentsoe leo lebitsong la molimotsana oa bona oa nako ea selemo e leng Eostre.” Libuka tse ling li amahanya lentsoe leo le Astarte, e leng molimotsana oa pelehi oa Mofoenisia ea neng a le boemong bo tšoanang le ba molimotsana oa Babylona Ishtar.

  2. Mebutlanyana: Mebutlanyana ena e emela matšoao a pelehi “a ileng a ’na a neheletsanoa ho tloha meketeng ea boholo-holo le matšoao a Europe le Bochabela bo Hare a mekete ea bohetene ea linako tsa selemo.”—Encyclopædia Britannica.

  3. Mahe: Ho latela Funk & Wagnalls Standard Dictionary of Folklore, Mythology and Legend, ho tsoma mahe a Easter, ao ho thoeng a ne a tlisitsoe ke mutlanyana oa Easter, “hase papali feela empa ke mesaletsa ea moetlo ea tsoalo.” Litso tse ling li ne li lumela hore lehe le khabisitsoeng la Easter “le ka tlisa thabo, nala, bophelo bo botle le tšireletso ka mohlolo.”—Traditional Festivals.

  4. Seaparo se secha sa Easter: “Ho ne ho nkoa e le tello ebile e le ho ipakela bomalimabe ho lumelisa molimotsana oa Selemo oa Mascandinavia, kapa Eastre, o sa apara liaparo tse ncha.”—The Giant Book of Superstitions.

  5. Litšebeletso tsa ha letsatsi le chaba: Li ’nile tsa amahanngoa le mekete ea barapeli ba letsatsi ba boholo-holo “e neng e etsoa ka nako eo motšehare o lekanang le bosiu ka bolelele ha ho amoheloa letsatsi le matla a lona a maholo e le ho tlisa bophelo bo bocha linthong tsohle tse hōlang.”—Celebrations—The Complete Book of American Holidays.

The American Book of Days, e hlalosa hantle hore na Easter e qalile joang ha e re: “Ha ho pelaelo hore Kereke matsatsing a eona a pele e ile ea nka meetlo ea boholo-holo ea bohetene ’me ea e tlisa Bokresteng.”

Bibele e re lemosa hore re se ke ra rapela Molimo ka ho latela mekhoa le meetlo e sa mo thabiseng. (Mareka 7:6-8) Bakorinthe ba Bobeli 6:17 e re: “‘Le ikarole,’ ho bolela Jehova, ‘le khaotse ho ama ntho e sa hloekang.’” Easter ke letsatsi la phomolo la bohetene ’me batho ba batlang ho thabisa Molimo ba lokela ho e qoba.