Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Nako ea ho Rata le Nako ea ho Hloea”

“Nako ea ho Rata le Nako ea ho Hloea”

“Nako ea ho Rata le Nako ea ho Hloea”

“MOLIMO ke lerato.” Linaheng tse ling batho ba ngola mantsoe ana ebe ba a maneha maboteng ka matlung a bona. Ka sebele ke polelo e monate e hlalosang seo Molimo a leng sona kaha ke mohlala o hlaheletseng ka ho fetisisa oa lerato.

Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba tsebe hore mantsoe ana a tsoa ka Bibeleng. Moapostola Johanne ke eena ea ileng a a ngola: “Ea sa rateng ha a tsebe Molimo, hobane Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Johanne o ile a boela a ngola ka lerato leo Molimo a ileng a le bontša moloko oa batho o rekolotsoeng, a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.

Ka lebaka la sena, ba bang ba ka nahana hore ka linako tsohle Molimo o hlokomoloha eng kapa eng eo re e etsang. Tsela eo batho ba bangata ba phelang ka eona e bontša hore ba nahana hore ho sa tsotellehe boitšoaro ba bona, Molimo a ke ke a ba beha molato ka lebaka la liketso tsa bona. Empa na ka sebele seo ke ’nete? Na Molimo o rata motho e mong le e mong, ea lokileng le ea khopo? Na Molimo o ke a bontše lehloeo?

Lerato la Molimo ha le Bapisoa le Lehloeo la Hae

Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, esita le nako bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe tlas’a maholimo . . . nako ea ho rata le nako ea ho hloea.” (Moeklesia 3:1, 8) Ho latela molao-motheo ona, rea bona hore le hoja Molimo a le lerato a bile a le mosa haholo, ho na le linako tseo a bontšang lehloeo ka tsona.

Pele ho tsohle, ka Bibeleng “ho hloea” ho bolela’ng? Buka e ’ngoe ea araba: “Ka Mangolong lentsoe ‘ho hloea’ le bolela lintho tse ’maloa. Le ka bolela ho nyonya ka ho feletseng, kapa ho ba le lonya, tseo hangata li tsamaisanang le bora. Lehloeo le joalo le ka laola motho hoo le ka etsang hore a batle ho ntša motho ea mo hloileng kotsi.” Lehloeo le joalo ke lona le tloaelehileng haholo ’me re bona liphello tsa lona hohle lefatšeng. Empa eona buka ena e tsoela pele ho re: “‘Lehloeo’ le ka boela la bolela ho nyonya ka ho feletseng empa e se ka morero oa ho ntša motho kotsi.”

Tlhaloso ena ea bobeli ke eona eo re tla e tšohla mona. Ke ho nyonya ka ho feletseng le ka ho tebileng—eseng ho tsamaisanang le lonya, bora kapa ho ntša motho kotsi. Na Molimo a ka ba le mofuta oo oa lehloeo? Hlokomela se hlalositsoeng ho Liproverbia 6:16-19: “Ho na le lintho tse tšeletseng tseo Jehova a li hloileng; e, ke lintho tse supileng tse manyala moeeng oa hae: mahlo a iphahamisang, leleme la bohata, le matsoho a tšollang mali a hlokang molato, pelo e rerang merero e kotsi, maoto a potlakelang ho mathela bobeng, paki ea bohata e phatlalatsang mashano, le mang kapa mang ea bakang ho hloka kutloano har’a bara ba motho.”

Joalokaha re bona, ho na le mekhoa e itseng eo Molimo a e hloileng. Leha ho le joalo hase hore o hloile motho ea etsang lintho tse joalo. O utloisisa lintho tse ka etsang hore batho ba itšoare ka tsela ena, tse kang mefokolo ea nama, tikoloho, khōliso le ho hloka tsebo. (Genese 8:21; Baroma 5:12) Mongoli oa Liproverbia o hlalosa sena ka mohlala o motle, o re: “Jehova o khalemela eo a mo ratang, feela joalokaha ntate a khalemela mora ea mo khahlisang.” (Liproverbia 3:12) Le hoja motsoali a ka hloea liketso tsa ngoana ea sa mameleng, o ntse a rata ngoana oa hae ’me o etsa sohle seo a ka se khonang ho mo thusa hore a tlohele boitšoaro ba hae bo bobe ka ho mo khalemela. Kaha Jehova o lerato, o etsa se tšoanang haeba ho e-na le tšepo ea hore motho ea entseng sebe o tla baka.

Ha ho Hloea ho Nkoa ho Loketse

Joale ho thoe’ng haeba motho a tseba thato ea Molimo empa a hana ho e etsa? Molimo a ke ke a rata motho ea joalo kapa a mo amohela. Haeba ka boomo a etsa lintho tseo Jehova a li hloileng, Jehova o tla mo hloea. Ka mohlala, Bibele e re: “Jehova o hlahloba ea lokileng hammoho le ea khopo, ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” (Pesaleme ea 11:5) A ke ke a tšoarela motho ea joalo ea sa bakeng, joalokaha moapostola Pauluse a hlakisa taba ena lengolong la hae le eang ho Baheberu, ha a re: “Etsoe haeba re tloaela ho etsa sebe ka boomo ka mor’a hore re amohele tsebo e nepahetseng ea ’nete, ha ho sa na sehlabelo leha e le sefe se setseng bakeng sa libe, empa ho na le tebello e itseng e tšabehang ea kahlolo ’me ho na le poulelo e tukang e tla timetsa ba hanyetsang.” (Baheberu 10:26, 27) Ke hobane’ng ha Molimo ea lerato a etsa joalo?

Ha motho a etsa sebe se tebileng ka boomo, bokhopo bo ka mela ka metso ka ho eena hoo ho ka bang thata hore bo tsoe. A ka ’na a itšoara ka tsela e hlephileng hoo ho se nang tšepo ea hore o tla fetoha. Bibele e tšoantša motho ea joalo le lengau le ke keng la fetola maroboko a lona. (Jeremia 13:23) Kaha a ke ke a baka, o etsa seo Bibele e reng ke “sebe se sa feleng,” se ke keng sa tšoareloa.—Mareka 3:29.

Sena ke se entsoeng ke Adama le Eva hammoho le Judase Iskariota. Kaha Adama le Eva ba ne ba bōpiloe ba phethahetse ’me le taelo eo Molimo a ba fileng eona e ne e hlakile ba bile ba e utloisisa ka bobeli, ho hlakile hore sebe sa bona e ne e le sa ka boomo, kahoo se ne se ke ke sa tšoareloa. Mantsoe ao Molimo a ileng a ba bolella ’ona a ne a bontša hore ba ne ba ke ke ba baka. (Genese 3:16-24) Le hoja Judase a ne a sa phethahala, o ne a phela haufi-ufi le Mor’a Molimo empa a ’na a mo eka. Ha Jesu a bua ka eena o ile a re ke “mora oa timetso.” (Johanne 17:12) Bibele e boetse e bontša hore Diabolose ke moetsalibe oa khale oa ka boomo ea emetseng feela ho timetsoa. (1 Johanne 3:8; Tšenolo 12:12) Batho bana ba entse hore Molimo a ba hloee.

Leha ho le joalo, hoa khothatsa ho tseba hore hase bohle ba entseng sebe ba ke keng ba fetoha. Jehova o na le mamello haholo ebile ha a thabele ho otla batho ba etsang sebe ka lebaka la ho hloka tsebo. (Ezekiele 33:11) O ba khothalletsa hore ba bake e le hore ba tšoareloe. Rea bala: “Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae, le motho ea kotsi a tlohele menahano ea hae; a ke a khutlele ho Jehova, ea tlang ho mo hauhela, le ho Molimo oa rōna, etsoe o tla tšoarela ka tsela e khōlō.”—Esaia 55:7.

Pono e Leka-lekaneng ka Lerato le Lehloeo

Ho hlakile hore joaloka baetsisi ba Molimo, Bakreste ba ’nete ba lokela ho utloisisa hore ke neng e leng “nako ea ho rata” le “nako ea ho hloea.” Ho ba le lerato le se nang moeli ho ka etsa hore re hlōlehe ho bontša lerato le mohau ka tsela e loketseng. Empa mantsoe a moapostola Juda a ka re thusa hore re be le teka-tekano pakeng tsa ho bontša mohau le ho hloea sebe: “Le tsoele pele ho ba bontša mohau, le etsa joalo ka tšabo, ha le ntse le hloea le seaparo sa ka hare se silafalitsoeng ke nama.” (Juda 22, 23) Kahoo, re lokela ho hloea se sebe eseng motho ea etsang se sebe.

Bakreste ba boetse ba laetsoe hore ba bontše lerato ho lira tsa bona ka ho ba etsetsa lintho tse molemo. Jesu o ile a re: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang.” (Matheu 5:44) Ke kahoo Lipaki Tsa Jehova li sa khaotseng ho bolella baahelani ba tsona litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo khafetsa, le hoja ba bang ba sa amohele molaetsa oo. (Matheu 24:14) Kaha li latela seo Bibele e se bolelang tabeng ena, Lipaki li nka hore motho e mong le e mong o na le monyetla oa ho amohela lerato la Jehova le mohau oa hae. Ha boiteko ba tsona ba ho thusa batho bo sa ananeloe, li khesoa kapa hona ho hlorisoa, li latela keletso ea moapostola Pauluse e reng: “Le ’ne le hlohonolofatse ba hlorisang; hlohonolofatsang ’me le se ke la rohaka . . . Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena.” (Baroma 12:14, 17) Li lula li hopola hore Jehova ke eena ea tla etsa qeto ea hore na o rata mang le hore na o hloea mang. Ke eena eo qetellong e tla ba Moahloli litabeng tsa bophelo le lefu.—Baheberu 10:30.

Ruri “Molimo ke lerato.” Seo rōna re lokelang ho se etsa ke hore re ananele lerato la hae ’me re etse boiteko ba ho batla hore na thato ea hae ke eng ’me re e etse. Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno li ka thabela ho u thusa hore u ithute ho tsoa Bibeleng ea hao hore na thato ea Molimo ke eng le hore na u ka e phetha joang bophelong ba hao. Ka ho etsa joalo u tla qoba ho hlouoa ke Molimo ’me u thabele ho ratoa ke eena.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]

“Ho na le lintho tse tšeletseng tseo Jehova a li hloileng; e, ke lintho tse supileng tse manyala moeeng oa hae: mahlo a iphahamisang, leleme la bohata, le matsoho a tšollang mali a hlokang molato, pelo e rerang merero e kotsi, maoto a potlakelang ho mathela bobeng, paki ea bohata e phatlalatsang mashano, le mang kapa mang ea bakang ho hloka kutloano har’a bara ba motho.”—LIPROVERBIA 6:16-19

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]

“Haeba re tloaela ho etsa sebe ka boomo ka mor’a hore re amohele tsebo e nepahetseng ea ’nete, ha ho sa na sehlabelo leha e le sefe se setseng bakeng sa libe, empa ho na le tebello e itseng e tšabehang ea kahlolo.”—BAHEBERU 10:26, 27

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]

“Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae, le motho ea kotsi a tlohele menahano ea hae; a ke a khutlele ho Jehova, ea tlang ho mo hauhela, . . . O tla tšoarela ka tsela e khōlō.”—ESAIA 55:7

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Motsoali ea lerato o thusa ngoana oa hae ka ho mo khalemela

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Batšoaruoa ba bangata ba ruile molemo leratong le mohaung oa Molimo