Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Mang ea ka Hlalosang Boprofeta?

Ke Mang ea ka Hlalosang Boprofeta?

Ke Mang ea ka Hlalosang Boprofeta?

Ho thoe lefito la Gordius le ne le emisitse batho lihlooho mehleng ea Alexandere e Moholo. Ho ne ho lumeloa hore motho ea neng a ka tlamolla lefito leo le rarahaneng, o ne a tla be a le bohlale, ebile o ne a tla hapa libaka tse ngata. * Tšōmo eo e bontša hore Alexandere o ile a tlamolla lefito leo habonolo feela ka ho le hlatha hang ka sabole.

HO THEOSA le lilemo, banna ba bohlale ha baa ka ba batla feela ho tlamolla mafito a rarahaneng, empa ba ile ba leka le ho rarolla lilotho, ho hlalosa boprofeta le ho noha bokamoso.

Leha ho le joalo, hangata ba ne ba thatafalloa ho etsa joalo. Ka mohlala, banna ba bohlale ba Babylona ha baa ka ba khona ho hlalosa mongolo o ileng oa hlaha ka mohlolo leboteng la ntlo ea Morena Belshatsare nakong ea mokete o se nang taolo. Ke Daniele feela—moprofeta oa Jehova Molimo ea neng a se a hōlile, ea neng a tsebahala ka “ho tlamolla mafito”—ea ileng a khona ho hlalosa molaetsa oo oa boprofeta. (Daniele 5:12) Boprofeta boo bo neng bo bolela hore ’Muso oa Babylona o tla timetsoa, bo ile ba phethahala hona bosiung boo!—Daniele 5:1, 4-8, 25-30.

Boprofeta ke Eng?

Boprofeta bo ’nile ba hlalosoa e le ho senola bokamoso, ho bolela liketsahalo pele li etsahala. Boprofeta ba ’nete ke molaetsa o susumelitsoeng ke Molimo, o ngotsoeng kapa o buuoeng, o senolang thato ea hae le morero oa hae. Ka Bibeleng ho na le boprofeta bo buang ka ho hlaha ha Mesia le lintho tseo a neng a tla khetholloa ka tsona, ka “qetello ea tsamaiso ea lintho,” hammoho le ka melaetsa ea kahlolo e tsoang ho Molimo.—Matheu 24:3; Daniele 9:25.

Banna bao ho thoeng ba bohlale mehleng ena—litsebi tsa saense, tsa moruo, bophelo bo botle, lipolotiki, tikoloho le lintho tse ling tse ngata—ba leka ho bolela esale pele hore na ho ka ’na ha etsahala’ng ka moso. Le hoja hangata lintho tseo ba li bolelang li phatlalatsoa haholo ke mecha ea litaba—’me batho ba li lumela habonolo—ha e le hantle, e mpa feela e le lintho tseo batho bana bao ho thoeng ba bohlale ba li nohang ho latela seo ba ithutetseng sona kapa e mpa feela e le maikutlo a bona. Ho phaella moo, hangata nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e bolelang, ho ba le maikutlo a mangata a ba hanyetsang. Ho leka ho bolela bokamoso ke ntho e kotsi haholo.

Mohloli oa Boprofeta ba ’Nete

Joale, boprofeta ba ’nete bo tsoa ho mang, hona ke mang ea ka bo hlalosang? Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Ha ho boprofeta ba Lengolo bo hlahang tlhalosong leha e le efe ea botho.” (2 Petrose 1:20) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “tlhaloso” le ka bolela “tharollo kapa tšenolo,” e leng ho bolelang hore “se tšoasolloang kapa se tlamolloang, se ne se tlamiloe.” Ka hona, Bibele ea The Amplified New Testament e fetolela mantsoe a Petrose tjena: “Ha ho boprofeta ba Mangolo boo motho a ka bo . . . tlamollang ka boeena.”

Nahana ka mosesisi oa sekepe ea tlamang thapo lefito le rarahaneng. Ka mor’a moo, motho ea sa tsebeng letho ka ho tlama mafito a ka iponela feela lithapo tse tsoelipaneng, empa a sa tsebe hore na a ka tlamolla lefito leo joang. Ka tsela e tšoanang, batho ba ka hlokomela liphetoho tse etsahalang tse bontšang hore ho ka ’na ha hlaha mathata ka moso, empa ba ke ke ba tseba hore na ha e le hantle ho tla etsahala’ng.

Baprofeta ba boholo-holo ba neng ba susumetsoa ke Molimo, ba kang Daniele, ba ne ba sa hlahlobe se etsahalang mehleng ea bona ebe ba leka ho profeta hore na ho tla etsahala’ng ka moso. Haeba ba ne ba lekile ho etsa hore ba iphumanele se tla etsahala ka moso ka tsela eo, boprofeta boo bo ne bo tla be bo tsoa monahanong oa bona. Ka hona e ne e tla be e le bo tsoang ho batho, bo itsoelang monahanong o haelloang. Ho e-na le hoo, Petrose o ile a boela a re: “Ha ho nako eo ka eona boprofeta bo ileng ba tlisoa ke thato ea motho, empa batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.”—2 Petrose 1:21.

‘Litlhaloso li Tsoa ho Molimo’

Lilemong tse ka bang 3 700 tse fetileng, banna ba babeli ba ne ba koaletsoe chankaneng Egepeta. Ka bobeli ba ile ba lora litoro tse makatsang. Kaha ba ne ba sa khone ho kopana le banna ba bohlale ba sebakeng seo, ba ile ba ea ho motšoaruoa-’moho le bona Josefa ba eme lihlooho, ba re ho eena: “Re lorile toro, ’me ha re na ea e hlalosang.” Mohlanka eo oa Molimo o ile a re ba mo bolelle litoro tsa bona ’me a re: “Na litlhaloso hase tsa Molimo?” (Genese 40:8) Ke Jehova Molimo feela ea nang le bokhoni ba ho hlalosa boprofeta, feela joalokaha mosesisi oa sekepe ea nang le tsebo a khona ho tlamolla mafito a rarahaneng. Etsoe ke Molimo ea ileng a hlahisa boprofeta kapa a bo tlama. Ka ho utloahalang, ke eena eo re lokelang ho itšetleha ka eena hore a bo tlamolle. Ka sebele Josefa o ne a nepile ha a isa tlotla ho Molimo.

Joale, ‘litlhaloso li tsoa ho Molimo’ ka kutloisiso efe? Ho na le litsela tse ngata tse bontšang seo. Boprofeta bo bong ba Bibele bo tlalehiloe hammoho le ho phethahala ha bona. Ho bonolo ho hlalosa boprofeta bo joalo, feela joalokaha ho le bonolo ho tlamolla mafito ao mosesisi a hlalosang hore na a tlamolloa joang.—Genese 18:14; 21:2.

Boprofeta bo bong bo ka hlalosoa le ho tlamolloa ka ho hlahloba litaba tse bo potolohileng. Moprofeta Daniele o ile a ba le pono ea boprofeta ea ‘pheleu e nang le linaka tse peli’ e thuloang ka matla ke “phooko e boea” e neng e e-na le “lenaka le leholo le neng le le pakeng tsa mahlo a eona.” Litaba tse potolohileng li bontša hore pheleu e nang le linaka tse peli e ne e emela “marena a Media le Persia,” ’me phooko e ne e emela “morena oa Greece.” (Daniele 8:3-8, 20-22) Lilemo tse fetang tse 200 hamorao, “lenaka le leholo”—e leng Alexandere e Moholo—o ile a qala ho hapa Persia. Rahistori oa Mojuda, Josephus, o ile a re nakong eo Alexandere a neng a le haufi le Jerusalema ha a ntse a futuhela lichaba tse ling, o ile a bontšoa boprofeta bona eaba o lumela hore bo ne bo bua ka eena.

‘Litlhaloso li tsoa ho Molimo’ ka tsela e ’ngoe hape. A tataisoa ke moea o halalelang, Josefa, mohlanka oa Jehova Molimo ea tšepahalang, o ile a khona ho utloisisa se boleloang ke litoro tseo tse neng li emisitse batšoaruoa-’moho le eena lihlooho. (Genese 41:38) Ha bahlanka ba Molimo ba mehleng ena ba sa kholiseha hantle hore na boprofeta bo itseng bo bolela’ng, ba rapella moea oa Molimo ebe baa ithuta le ho batlisisa ka hare ho Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. Ka thuso ea Molimo ba ka khona ho fumana mangolo a bontšang hore na boprofeta boo bo bolela’ng. Ha ba iphumanele tlhaloso eo ka mohlolo. Ke Molimo ea ba thusang ka moea oa hae le ka Lentsoe la hae hore ba utloisise se boleloang ke boprofeta boo. Hase batho ba ka hlalosang boprofeta empa tlhaloso e ka fumaneha feela ka hare ho Bibele.—Liketso 15:12-21.

Hape ‘litlhaloso li tsoa ho Molimo’ ka kutloisiso ea hore ke eena ea rerang le ho laola hore na ke neng boprofeta bo tla utloisisoa ke bahlanka ba hae ba tšepahalang lefatšeng. Ho ka senoloa hore na boprofeta bo bolela’ng, pele bo phethahala, nakong eo bo phethahalang ka eona, kapa ka mor’a hore bo phethahale. Kaha Molimo ke eena ea ileng a tlama boprofeta, o tla bo tlamolla ka nako e nepahetseng—nako eo eena a e behileng.

Tlalehong ea Josefa le batšoaruoa ba babeli, o ile a hlalosa litoro ho setse matsatsi a mararo pele li phethahala. (Genese 40:13, 19) Hamorao ha Josefa a ne a tlisoa ho Faro ea matla hore a hlalose litoro tsa morena eo, e ne e le hona ho tla qala lilemo tse supileng tsa nala. Ka thuso ea moea oa Molimo, Josefa o ile a hlalosa se boleloang ke litoro tsa Faro e le hore ho tle ho etsoe litokisetso tse hlokahalang tsa ho bokella lijo tseo ho neng ho boletsoe hore li tla hlaha ka bongata.—Genese 41:29, 39, 40.

Boprofeta bo bong bo utloisisoa ka botlalo ke bahlanka ba Molimo ka mor’a hore bo phethahale. Liketsahalo tse ngata bophelong ba Jesu li ile tsa profetoa lilemo tse makholo pele a hlaha, empa barutuoa ba hae ha baa ka ba utloisisa boprofeta bona ka botlalo ho fihlela ka mor’a hore a tsosoe. (Pesaleme ea 22:18; 34:20; Johanne 19:24, 36) Ho latela Daniele 12:4, boprofeta bo itseng bo ne bo tla ‘tiisoa’ “ho fihlela nakong ea bofelo,” eo Daniele a ileng a re “tsebo ea ’nete e tla ba ngata.” Hona joale re phela mehleng eo boprofeta boo bo phethahalang. *

Kamoo Boprofeta ba Bibele bo U Amang Kateng

Josefa le Daniele ba ile ba bolella marena a mehleng ea bona melaetsa ea boprofeta e neng e ama lichaba le mebuso. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo e ile ea e-ba baemeli ba Molimo oa boprofeta, e leng Jehova, ho batho ba mehleng ea bona, ’me batho ba ileng ba amohela molaetsa oa bona ba ile ba rua molemo o moholo.

Mehleng ena, Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li bolela molaetsa oa boprofeta—e leng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo—’me li bolella batho hore boprofeta ba Jesu bo mabapi le “qetello ea tsamaiso ea lintho” boa phethahala hona joale. (Matheu 24:3, 14) Na ua tseba hore boprofeta boo ke bofe le hore na bo tla u ama joang? Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u utloisise u be u rue molemo ka seo ka sebele e leng boprofeta bo boholo ka ho fetesisa ka Bibeleng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Tšōmo e ’ngoe ea Bagerike e re koloi ea ntoa ea Gordius, mothehi oa Gordium, e leng motse-moholo oa Phrygia, e ne e tlanngoe palong ka thapo e neng e entsoe lefito le rarahaneng, le neng le ka tlamolloa feela ke motho ea neng a tla hapa Asia.

^ ser. 19 Sheba lihlooho tse tlas’a se reng “Likarolo Tse Tšeletseng Tsa Boprofeta ba Bibele Boo U Bonang ha bo Phethahala” Molula-Qhooeng oa May 1, 2011.

[Litšoantšo tse maqepheng a 12, 13]

Josefa le Daniele ba ile ba lebisa tlotla ho Molimo ha ba ne hlalosa boprofeta