Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tlas’a ’Muso oa Molimo, batho ba tla “fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:11

Bibele e Re’ng?

Bibele e Re’ng?

Na Bibele e ka u thusa ho sebetsana le ho tšoenyeha?

Uena u ka re’ng?

  • E

  • Che

  • Mohlomong

Bibele eona e re’ng?

“Ha le ntse le lahlela matšoenyeho ’ohle a lona ho eena, hobane [Molimo] oa le tsotella.” (1 Petrose 5:7) Bibele e re tiisetsa hore Molimo o tla re thusa mathateng a rona.

Bibele e re’ng hape?

  • Ha u rapela, Molimo o tla u fa khotso ’me u tla khona ho sebetsana le mathata a hao.—Bafilipi 4:6, 7.

  • Ho feta moo, ho bala Lentsoe la Molimo ho ka u thusa ho sebetsana le khatello ea maikutlo.—Matheu 11:28-30.

Na ho tšoenyeha ho tla ke ho fele?

Batho ba bang lumela . . . hore ho tšoenyeha le khatello ea maikutlo ke karolo ea bophelo ha ba bang ba lumela hore ho tšoenyeha ho tla fela ka mor’a lefu. Uena u lumela’ng?

Bibele eona e re’ng?

Molimo o tšepisa ho felisa lintho tsohle tse bakang ho tšoenyeha. “Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:4.

Bibele e re’ng hape?