Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Thusa Batho ba Nang le Khatello ea Maikutlo Joang?

U ka Thusa Batho ba Nang le Khatello ea Maikutlo Joang?

BIBELE E RE: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle ’me ke ngoaneno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.”—LIPROVERBIA 17:17.

Taba ee e Bolela’ng?

Ka linako tse ling re ka ikutloa eka re ke ke ra khona ho thusa motsoalle oa rona ea nang le khatello ea maikutlo. Empa ho na le lintho tseo re ka li etsang ho bontša hore rea mo tsotella. Re ka etsa’ng?

Ho Tseba See ho ka re Thusa Joang?

‘Potlakela ho utloa.’—JAKOBO 1:19.

Ntho e ’ngoe e ka thusang motsoalle oa hao haholo ke hore u mo mamele ha a batla ho bua. Hape u se ke oa nahana hore u lokela ho araba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e buang. Mo tiisetse hore u mo mametse ha a ntse a bua le hore oa mo tsotella. Leka ho utloisisa kamoo a ikutloang kateng ’me u se ke oa mo ahlola. Hopola hore ka linako tse ling a ka bua lintho tseo a ka ikoahlaelang tsona hamorao.—Jobo 6:2, 3.

“Le tšelise ba nyahameng.”—1 BATHESALONIKA 5:14.

Motsoalle oa hao a ka ikutloa a tšoenyehile kapa a ikutloa a se na thuso. A ka khothatsoa le ho matlafatsoa ke ho tseba hore oa mo tsotella le haeba u sa tsebe hore na u lokela ho re’ng ho eena.

“Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle.”—LIPROVERBIA 17:17.

Thusa motsoalle oa hao. Ho e-na le ho nahana hore u se u tseba hore na u ka mo thusa joang, mo botse hore na u ka mo thusa ka eng. Haeba motsoalle oa hao a thatafalloa ke ho hlalosa hore na u ka mo thusa ka eng, u ka ’na oa mo botsa hore na a ka se thabele hore le ke le hahloe ke moea. U ka thusa motsoalle oa hao ka litsela tse ling. U ka tsamaea le eena ho ea mabenkeleng, oa mo hloekisetsa ntlo kapa oa mo etsetsa ho hong.—Bagalata 6:2.

“Le mamelle.”—1 BATHESALONIKA 5:14.

Ka linako tse ling ho ka ba thata hore motsoalle oa hao a bue. Nakong eo a batlang ho bua, mo kholise hore u tla mo mamela. Motsoalle oa hao a ka etsa kapa a bua lintho tse ka u utloisang bohloko ka lebaka la bokuli ba hae. A ka etsa qeto ea ho tlohela ho etsa lintho tseo le neng le lumellane ka hore le tla li etsa kapa a ikutloa a batla ho ba mong. E-ba le mamello ha u ntse u mo thusa.—Liproverbia 18:24.

U ka Thusa Motsoalle oa Hao ka ho mo Bontša Hore oa mo Khathalla

“Ke etsa bonnete ba hore motsoalle oa ka oa phutholoha ha a bua le ’na. Le hoja ke se na tharollo ea mathata a hae, ke leka ho mo mamela ha a bua. Ka linako tse ling o hloka motho ea ka mo mamelang e le hore a be betere.”—Farrah a eo motsoalle oa hae a sa khoneng ho laola tsela eo a jang ka eona, a tšoenyehang haholo le ea nang le khatello ea maikutlo.

“E mong oa metsoalle ea ka o mosa ’me o lula a bua lintho tse nkhothatsang. O ile a ’memela lijong. O ne a bontša hore oa nkhathalla ’me ke ile ka nolofalloa ke ho mo bolella kamoo ke ikutloang kateng. Ke ile ka khothala haholo.”—Ha-eun ea nang le khatello ea maikutlo.

“Ke habohlokoa ho ba le mamello. Ha mohatsa’ka a entse ntho e nkhopisang, kea hopola hore ke bokuli ba hae bo etsang hore a itšoare ka tsela ena. Kahoo ha ke mo koatele, ho e-na le hoo kea mo nahanela.”—Jacob eo mosali oa hae a nang le khatello ea maikutlo.

“Mosali oa ka ke motho ea ntšehetsang le ea nkhothatsang. Ha ke ikutloa ke tšoenyehile haholo, ha a nqobelle ho etsa lintho tseo ke sa batleng ho li etsa. Seo se bolela hore ka linako tse ling ha a etse lintho tseo a neng a ka thabela ho li etsa. Ke motho oa bohlokoa haholo ho ’na hobane ke motho ea fanang ebile o nahanela batho ba bang.”—Enrico ea nang le bothata ba ho tšoenyeha haholo.

a Mabitso a mang a fetotsoe.