Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

O Ile a Khomarela Seo a se Lumelang

O Ile a Khomarela Seo a se Lumelang

Ha Song Hee a le lilemo li 11, ’mè oa hae o ile a hlokomela hore mokokotlo oa hae o kobehile ka tsela e sa tloaelehang. Ngaka e ile ea fumana hore o tšoeroe ke “scoliosis,” e leng ho kobeha ha lesapo la mokokotlo ho etsang hore le shebahale joaloka tlhaku ea “C” kapa “S.” Boemo ba Song Hee bo ile ba mpefala hoo ho ileng ha hlokahala hore a etsoe opereishene. Empa Song Hee o ile a hana ho tšeloa mali. “Tsoha!” e ile ea buisana le eena ka se ileng sa mo etsahalla.

Na lingaka li ile tsa khona ho u thusa ka mor’a hore ho fumanoe hore ua kula?

Lingaka tse peli li ile tsa qeta lilemo tse ka bang tse tharo li behile boemo ba ka leihlo, empa lesapo la mokokotlo oa ka le ile la kobeha le ho feta. Ha e le hantle, le ile la kobeha hoo le neng le petelitse pelo le matšoafo a ka ’me le etsa hore ke thatafalloe ke ho hema. Ho ne ho hlokahala hore ke etsoe opereishene.

Na u ile ua lumela ho etsoa opereishene?

E. Empa lingaka li ile tsa mpolella hore ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo. Ka nako eo, lesapo la mokokotlo oa ka le ne le se le kobehile haholo. Leha ho le joalo, boemo ba ka bo ne bo tla etsa hore lingaka li thatafalloe ho nketsa opereishene. Ke ile ka hana ho tšeloa mali ka lebaka la lithuto tsa bolumeli ba ka tse thehiloeng Bibeleng. *

Na u ile ua fumana ngaka e ikemiselitseng ho u etsa opereishene?

’Na le ’mè oa ka re ile ra ea ngakeng ea ho buoa e sebakeng sa heso Florida, U.S.A. Leha ho le joalo, ha ke e bolella hore nke ke ka amohela ho tšeloa mali, e ile ea re ha ho na ngaka e tla lumela ho etsa opereishene e boima joalo ntle le ho ntšela mali. Ho phaella moo, e ile ea re haeba ke sa etse opereishene eo, nka ’na ka shoa le pele ke e-ba lilemo tse 20. Ka nako eo, ke ne ke le lilemo li 14 feela.

Na u ile ua e hlalosetsa mabaka a hao a ho se tšele mali?

E. Ke ile ka e bolella hore lintho tseo ke li lumelang li thehiloe Bibeleng, ka ba ka bontša hore Molimo o nka mali a halalela, ebang ke a motho kapa a phoofolo. * Moiseraele ea neng a ja mali o ne a ahloleloa lefu! * Ke ile ka boela ka e bontša Liketso 15:19, 20. Lengolo leo le ne le lebisitsoe ho Bakreste ’me le re: ‘Le ile. . . mali.’ Sena se bolela hore ha a lokela ho kena ’meleng oa motho ka tsela leha e le efe, ebang ke ka ho a ja kapa ho a kenya ka methapo.

Ngaka eo e ile ea re’ng?

E ile ea ’na ea tsitlella hore e tla lokela ho ntšela mali. Se ileng sa ’makatsa ke hore sepetlele se ile sa re ha nka tšela mali, nke ke ka lefisoa letho bakeng sa opereishene eo.

Le ile la tšepisoa ntho e khōlō hakaakang! Joale uena le ’mè oa hao le ile la etsa’ng?

Le hoja ho ne ho bonahala ho se ngaka e ikemiselitseng ho nketsa opereishene ntle le mali, re ile ra emela seo re se lumelang ka tieo. Joale boemo bo ile ba mpefala le ho feta. Ho ea ka molao ke ne ke sa le monyenyane. Kaha bophelo ba ka bo ne bo le kotsing, taba ena e ile ea isoa khotla. Leha ho le joalo, ka lehlohonolo la motea-phala, ’muelli oa molao oa Florida o ile a re fa matsatsi a 30 hore re fumane ngaka e neng e tla hlompha khetho ea ka.

Na le ile la e fumana?

E! Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele ea sebakeng sa heso e ile ea bontša mosa ka hore e re batlele ngaka ea New York e tsebang ka boloetse ba ka, ngaka eo e ile ea re bolella hore opereishene ea ka e tla atleha ’me ea lumela ho mpona. Kahoo, re ile ra atleha ho fumana ngaka pele ho fela matsatsi ao re neng re a behetsoe ke lekhotla. *

Na opereishene ea hao e ile ea atleha?

Hantle haholo! Dr. Robert M. Bernstein, o ile a nkenya litšepe ka mokokotlong e le ho o boloka o otlolohile. O ile a etsa opereishene ea ka ka libeke tse peli.

U bolela joang?

Haeba ke ne ke tl’o lahleheloa ke mali a mangata opereisheneng ea pele, ho ne ho tla hlokahala hore ho fete nako e itseng e le hore ’mele oa ka o hlahise lisele tse khubelu pele ke etsoa opereishene e ’ngoe hape. Opereishene ea ka e ile ea atleha ’me ha kea ka ka lahleheloa ke mali a mangata hobane lingaka tse neng li nketsa opereishene li ne li hlophisehile, li tseba mosebetsi oa tsona ebile li le hlokolosi. Hape ke ile ka hlaphoheloa ka potlako, ho se na mathata a bakoang ke ho tšeloa mali. *

Ngaka ea hao e ile ea ikutloa joang ka katleho eo?

Lingaka li lokela ho nahanela mokuli ka ho feletseng

E ne e thabile hona hoo! E ile ea re: “Lingaka ha lia lokela ho ameha feela ka ho etsa bakuli liopereishene.” E ile ea phaella ka ho re, lingaka li lokela ho nahanela mokuli, ho akarelletsa seo a se lumelang le lintho tseo a li nkang e le tsa bohlokoa. Batho ba bang bao eseng Lipaki Tsa Jehova, ba ka lumellana le seo ka ho feletseng.

^ ser. 7 ’Mè oa Song Hee ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Song Hee le eena ke Paki ’me o ile a kolobetsoa ka 2012 a le lilemo li 16.

^ ser. 17 Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele e thusa Lipaki hore li fumane lingaka tse tla li phekola ntle le ho tšeloa mali.

^ ser. 21 Sehloohong se neng se bua ka likotsi tsa ho tšela mali, Mokhatlo oa tsa bophelo bo botle (Clinical Excellence Commission, Health) oa New South Wales (Australia), o ile oa re: “Tšelo ea mali ke ho fetisetsoa ha sehlopha sa lisele tse phelang ’meleng oa motho e mong. Ke ha tlhaho hore ’mele oa motho o leke ho loantša ntho eo e seng karolo ea oona. Ke kahoo e leng habohlokoa hore ho hlahlobisisoe lintho tse tla kenngoa ’meleng.”