Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho se ho hatisitsoe likopi tse limilione tsa bukana ea Ikitlaelletse ho Bala le ho Ngola, e thusang batho ho ithuta ho bala le ho ngola e hatisitsoeng ka lipuo tse fetang 100

Thuto ea Bibele e Khothalletsa Batho ho Ithuta ho Bala le ho Ngola

Thuto ea Bibele e Khothalletsa Batho ho Ithuta ho Bala le ho Ngola

“Batho ba na le tokelo ea ho tseba ho bala le ho ngola, ke thulusi ea bohlokoa e ba hlomellang ’me e bohlokoa bakeng sa hore ho be le tsoelo-pele sechabeng le ho ntlafatsa bophelo ba batho.”—UNESCO. *

LITLALEHO li bontša hore lefatšeng ka bophara, batho ba fetang limilione tse 700 ba lilemong tse pakeng tsa 15 ho ea holimo, ha ba tsebe ho bala kapa ho ngola. Ka lebaka leo, ba sitoa ho ithuta lintho tse ngata, tse akarelletsang lithuto tse molemo tsa Bibele tse rutang ka boitšoaro bo botle le ka Molimo tse ileng “tsa ngolloa ho re laea.” (Baroma 15:4) Ke kahoo linaheng tse ngata, ha Lipaki Tsa Jehova li ruta batho Bibele li boetseng li ba ruta ho bala le ho ngola ntle ho tefo. Na lenaneo lee le ’nile la atleha?

Nahana ka mosebetsi oo Lipaki Tsa Jehova li o etsang Mexico, e leng naha eo ho eona batho ba bangata ba buang Sepanishe. Ho tloha ka 1946, Lipaki li rutile batho ba fetang 152 000 ho bala le ho ngola ’me hamorao ba bangata ba bona ba etsa se tšoanang. ’Muso o ile oa romella Lipaki mangolo a ’maloa e le ho bontša hore o hlokometse mosebetsi oo li o etsang. Le leng la ’ona le re: “Lekhotla la Thuto le ananela tšebelisano-’moho ea lōna le ho le lebohela ha le atlehile boitekong ba ho ntšetsa pele Lenaneo la Thuto ea Batho ba Baholo.”

Bacha le batho ba baholo ba ruile molemo lenaneong la ho ithuta ho bala le ho ngola. Ka mohlala, Josefina o ne a le lilemo li 101 ha a ingolisa ’me a qeta thupelo eo ka mor’a lilemo tse peli!

Le hoja batho ba bangata ba Mexico ba bua Sepanishe, mananeo a boetse a tšoaroa ka lipuo tse ling. Ka 2013, batho ba buang lipuo tse robeli ba ile ba ithuta ho bala le ho ngola mananeong a neng a tšoaroa ka lipuo tsa bona.

Ka sebele, ho tseba ho bala le ho ngola ho fa batho monyetla oa hore ba ithute lintho tse ngata tse ncha. Empa ka holim’a tsohle, ho thusa batho ba mefuta eohle hore ba bale Bibele, e leng buka e bululetsoeng ke Molimo e ba lokollang bokhobeng ba litumela-khoela, litumelong tsa bolumeli ba bohata le boitšoarong bo kotsi.—Johanne 8:32.

^ ser. 2 Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Saense le Setso.