Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PONO EA BIBELE

Mosebetsi

Mosebetsi

Le hoja Bibele e ngotsoe khale haholo, melao ea eona e ntse e sebetsa. Seo e se buang ka mosebetsi se ntse se le molemo le kajeno feela joaloka mehleng ea ha e ne e ngoloa.

Mosebetsi o lokela ho etsoa joang?

SEO BA BANG BA SE BUANG

E le hore u se ke ua felloa ke mosebetsi, o lokela ho tla pele bophelong ba hao. Sena se entse hore ba bang ba sebetse ka thata hoo ba hlokomolohang ba malapa a bona esita le bophelo ba bona.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e khothalletsa batho hore ba nke mosebetsi ka teka-tekano. E rorisa motho ea mahlaha-hlaha empa e nyatsa ea botsoa. (Liproverbia 6:6-11; 13:4) Ka nako e tšoanang, Bibele ha e re khothalletse hore re qete nako ea rōna kaofela le matla re ntse re sebetsa. Seo e se khothalletsang ke hore re thabele linako tsa boikhathollo ka tekanyetso. Moeklesia 4:6 e re: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.” Kahoo ha rea lokela ho sebetsa ka thata mosebetsing hoo re hlokomolohang malapa a rōna haesita le bophelo ba rōna bo botle. Ha ho na thuso ho ipolaisa mosebetsi!

“Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a je ’me ka sebele a noe le ho etsa hore moea oa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.”Moeklesia 2:24.

Na ho na le taba hore na u etsa mosebetsi ofe?

SEO BA BANG BA SE BUANG

Mosebetsi o nepahetse haeba u pataloa hantle. Monahano oo, hammoho le leraba la ho fumana chelete e ngata, li entse hore ba bang ba kene likhoebong tsa bomenemene haesita le ho hiroa mesebetsing e seng molaong.

Ba bang ka lebaka la ho susumetsoa ke moea oa hore ‘u latele litoro tsa hao’ le ‘etsa se ratoang ke pelo ea hao,’ ba amohela feela mosebetsi o hlasimollang. Ba nka mosebetsi o bora haeba e se o ba hlasimollang. Ka lebaka lena, ha ba rate mosebetsi oo ba o etsang, ebile ha ba o etsa ba phetha molao feela. Ba ka ba ba hana le menyetla ea mesebetsi ea bohlokoa hobane feela ba nahana hore e ba theola seriti.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e hanana le mosebetsi ofe kapa ofe o etsoang ka bolotsana kapa o utloisang ba bang bohloko ka tsela leha e le efe. (Levitike 19:11, 13; Baroma 13:10) Mosebetsi oa bohlokoa o ruisa ba bang molemo ebile o thusa motho ea sebetsang hore a be “le letsoalo le molemo.”—1 Petrose 3:16.

Bibele e boetse e ruta hore mosebetsi ke oa bohlokoa—eseng feela hore motho a ikhotsofatse empa hore a khone ho iphelisa le ho hlokomela lelapa la hae. Le hoja e se phoso ho rata mosebetsi oa hao, ha e ea lokela ho ba oona o tlang pele bophelong ba hao.

“Ntate ke motho ea maphatha-phathe. Ntle ho mosebetsi oa hae oa boipheliso, o na le boikarabelo boo a bo phethang phuthehong eo re kopanelang ho eona ea Lipaki Tsa Jehova. Empa o hlophisa lintho hantle. O etsa mosebetsi oo a lokelang ho o etsa, ka mor’a moo o ntse a e-ba le nako e mo saletseng eo a e qetang a e-na le ’na le Ausi le ’Mè. Kamehla Ntate o lula a sebetsa, empa o etsa lintho tsohle ka ho lekanyetsa.”—Alannah.

Ke ’nete hore maemo a moruo esita le ho phahama ha litheko ho ka re hlobaetsa, empa Bibele e hatisa taba ea hore re etse lintho ka teka-tekano. E re: ‘Ha re e-na le lijo le liaparo, re tla li khotsofalla.’ (1 Timothea 6:8) Mantsoe ao ha aa bolele hore re itšoare ka thata. Empa re lokela ho lemoha seo re ka khonang ho se etsa le lintho tseo re ka khonang ho li fumana.—Luka 12:15.

SEO U LOKELANG HO SE ETSA

Sebetsa ka mafolo-folo. Rata mosebetsi oa hao. Esita le haeba mosebetsi oo o u etsang o bonahala e le o tlaase, kapa e se oo u neng u lakalitse ho o etsa, ikitlaelletse ho o etsa ka bokhabane. Hoa khotsofatsa ho sebetsa ka mahlaha-hlaha, ebile ha u sebetsa ka bokhabane, u tla fumana khotsofalo e khōlō.

Ka nako e tšoanang, u lokela ho lekanyetsa lintho. Nako le nako, nka khefu mosebetsing oa hao u ke u il’o hlaphola hlooho. Linako tsa mofuta ona li ba monate le ho feta haeba u sebelitse ka thata. Hape, haeba re fumana lintho tseo re li hlokang bophelong, sena se etsa hore re be le boitlhompho re be re hlomphuoe ke ba bang—ho akarelletsa le ba malapa a rōna.—2 Bathesalonika 3:12.

“Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja’ng?’ kapa, ‘Re tla noa’ng?’ kapa, ‘Re tla apara’ng?’ . . . Etsoe Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle.” Matheu 6:31, 32.