Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | BACHA

Ha U Arohana le Motho eo U Ratanang le Eena

Ha U Arohana le Motho eo U Ratanang le Eena

BOTHATA

“Ke ne ke nahana hore ke fumane motho ea ntoketseng. Ke ile ka re ka pelong, ‘Ke tla qeta bophelo bohle ba ka le moshanyana enoa.’ Empa ka mor’a likhoeli tse peli re ratana ke ile ka tlameha ho arohana le eena. Ke ne ke sa kholoe hore re tla arohana kapele hakaale!”—Anna. *

“Re ne re bonahala re tšoana linthong tse ngata. Ke ne ke kholisehile hore re tl’o nyalana. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta ke ile ka lemoha hore ha re tšoane. Ha ke lemoha phoso e khōlō eo ke neng ke ikenya ho eona, ke ile ka arohana le eena.”—Elaine.

Na u kile ua ba boemong bo tšoanang le boo? Haeba ho joalo, sehlooho sena se ka u thusa ho sebetsana le bona.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Karohano e ka ba ntho e bohloko esita le ho motho eo e tlileng ka eena. Moroetsana e mong ea bitsoang Sarah, ea ileng a hlala mohlankana oa hae ka mor’a likhoeli tse tšeletseng o re: “Ke ne ke utloile bohloko haholo! Lintho li ne li tsamaea hantle empa tsa fetoha ka ho panya ha leihlo. Ke ne ke atisa ho utloa lipina tseo re neng re li rata ’me seo se ne se nkhopotsa linako tse monate tseo re bileng le tsona. Ka linako tse ling, ke ne ke iphumane ke le libakeng tseo re neng re li nka e le tsa bohlokoa ’me ke utloa bohloko haholo hore ebe ha a eo. Ke ne ke ikutloa ka tsela ena le hoja e ne e le ’na ea khethileng ho arohana le eena!”

Le hoja ho arohana e ka ba ntho e bohloko, empa ho ka ba molemo. Elaine o re: “Ha u batle ho utloisa motho e mong bohloko. Ka lehlakoreng le leng, ua hlokomela hore haeba le tsoela pele ho ratana empa le e-na le mathata, seo se tla qetella se le utloisitse bohloko ka bobeli ba lōna.” Sarah o lumellana le seo, o re: “Ke nahana hore haeba u sa thabele motho eo u ratanang le eena, u ke ke ua thaba le ha a se a u nyetse, kahoo ho molemo hore le arohane.”

Hase hore u motho e mobe haeba u arohana le motho e mong. Ha e le hantle, batho ba ratanang ba ka ’na ba etsa qeto ea ho arohana, hase kamehla ba qetellang ba nyalane. Haeba uena kapa motho eo u ratanang le eena le e-na le lipelaelo tse tebileng, qeto e molemo eo le ka e etsang ke ho arohana. Haeba seo se etsahala, taba ea hore le ea arohana ha e bolele hore u hlolehile. U ka tsoela pele ka bophelo! Joang?

SEO U KA SE ETSANG

Amohela hore u utloile bohloko. Elaine eo ho builoeng ka eena pejana o re: “Ha kea lahleheloa ke motsoalle feela empa ke lahlehetsoe ke motsoalle oa sebele.” Ha u arohana le motho ea neng a le haufi le uena ka tsela eo, ke ntho e tloaelehileng hore u sareloe. Mohlankana ea bitsoang Adam o re: “Ho bohloko ho arohana le motho eo u mo ratang le hoja u tseba hore ho loketse ho etsa joalo.” U ka ’na ua ikutloa joaloka Morena Davida oa mehleng ea Bibele. Ha a ne a le mahlomoleng, o ile a ngola a re: “Bosiu bohle ke etsa hore bethe ea ka e re te! . . . ka meokho.” (Pesaleme ea 6:6) U se ke ua latola taba ea hore u utloile bohloko, empa amohela hore ho tloaelehile ho ikutloa ka tsela eo. Ho amohela tsela eo u ikutloang ka eona, e ka ba mohato oa pele oa hore u ikutloe u le betere.—Molao-motheo oa Bibele: Pesaleme ea 4:4.

Tloaelana le batho ba u tsotellang. Bonneteng, seo se ke ke sa e-ba bonolo. Anna eo ho builoeng ka eena qalong o re: “Ke ne ke sa batle ho kopana le batho. Ke ne ke hloka nako e lekaneng ea hore ke nahane le ho utloisisa hantle hore na ho ile ha senyeha hokae.” Ha nako e ntse e feta, Anna o ile a hlokomela hore ke habohlokoa hore a qete nako le metsoalle e haufi e neng e tla mo khothatsa. O re: “Hona joale ke amohetse se etsahetseng ’me ho arohana le mohlankana oa ka ha ho sa nkutloisa bohloko joaloka pele.”—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 17:17.

Ithute ho se etsahetseng. Ipotse: ‘Na see se bontša hore ho na le moo ke lokelang ho ntlafatsa teng? Nka etsa lintho ka tsela e fapaneng joang nakong e tlang ha ke boela ke ratana le motho e mong?’ Moroetsana e mong ea bitsoang Marcia o re: “Ha nako e ntse e feta, ke ile ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha re ile ra arohana. Leha ho le joalo, ho ile ha nka nako hore ke nahane lintho ka tsela e hlakileng ke sa nkoe ke maikutlo.” Adam eo ho builoeng ka eena pejana, o ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “Ho ile ha nkuka selemo hore ke lebale kharebe ea ka. Ho ile ha nka nako e telele le ho feta hore ke ithute ho se ileng sa etsahala. Ke ithutile ho hongata ka botho ba ka, ka batho ba bong bo fapaneng le ka ho ratana. Ho arohana ha rōna ha ho sa nkutloisa bohloko haholo.”

Rapella lintho tse u tšoenyang. Bibele e re Molimo “o folisa ba robehileng lipelo, o tlamisa maqeba a bona.” (Pesaleme ea 147:3) Le hoja Jehova a ke ke a u khethela motho eo u ka ratanang le eena—kapa a behoa molato ha batho ba ratanang ba arohana—o amehile ka bophelo ba hao. Mo bolelle maikutlo a hao ka thapelo.—Molao-motheo Bibele: 1 Petrose 5:7.

^ ser. 4 Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.