Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | HA TLOKOTSI E HLAHA—KAMOO U KA E MAMELLANG KATENG

Ho Fokolloa ke Bophelo

Ho Fokolloa ke Bophelo

Mabel oa Argentina, o ne a phela hantle ’me a sebetsa e le setsebi sa ho silila ’mele. Ka 2007, o ile a qala ho utloa a khathetse ka tsela e sa tloaelehang le ho tšoaroa ke hlooho e bohloko letsatsi le leng le le leng. O re, “ke ile ka ea lingakeng tse ngata ’me ka sebelisa meriana e fapa-fapaneng, empa ha hoa ka ha thusa.” Qetellong, Mable o ile a isoa mochineng oa MRI o skenang ’me ha bonahala hore o na le hlahala bokong. O re: “Ke ne ke hloletsoe! Ke ne ke sa lumele hore ke na le lefu le sehlōhō hakana ka hare ho ’na.

“Ho ntse ho le joalo, ke ne ke ntse ke sa utloisise hantle hore na boemo ba ka bo tebile hakae ho fihlela ke lokela ho etsa opereishene. Ha ke phaphama phaposing ea batho ba kulang haholo, ke ne ke sa khone ho sisinyeha. Ke ne ke lula ke shebile marulelong feela. Pele ke etsa opereishene ke ne ke le sehlahlo ke bile ke ikemetse. Kapele feela ke ne ke se ke sa khone ho etsa letho. Ke qetile matsatsi ’ohle a ha ke le ka phaposing ea batho ba kulang haholo ke ferekane ke lula ke mametse thepa ea lingaka e lerata, lialamo tsa tšohanyetso le ho sareloa ha bakuli ba bang. Ke ne ke utloa eka ke potolohiloe ke bohloko le ho sareloa.”

“Hona joale, ke folile ho isa boholeng bo itseng. Ke khona ho tsamaea ke sa tšehetsoa esita le ho ea kantle ke le mong ka linako tse ling. Empa ke haelloa ke pono ’me le mesifa ea ka ha e sebetse hantle.”

HO MAMELLA TLOKOTSI

Lula u khobile matšoafo. Bibele ho Liproverbia 17:22 e re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle, empa moea o hlomohileng o omeletsa masapo.” Mabel oa hopola: “Ha ke ntse ke ikoka, ke ile ka tobana le mathata a tšoanang le ao bakuli ba ka ba neng ba tobana le ’ona. Ho ne ho le bohloko ha ke ntse ke ikoetlisa ’me ka linako tse ling ke ne ke nahana ho tlohela. Ke ile ka tlameha ho tiisetsa hobane ke ne ke tseba hore qetellong ho tla ntsoela molemo.”

Ho hlokahala hore u be le tšepo e le hore u mamelle. Mabel o re, “ke ne ke ithutile ka Bibeleng hore na ke hobane’ng ha litlokotsi li hlaha. Empa ke ne ke boetse ke tseba hore ha letsatsi le leng le le leng le feta, re ntse re atamela haufi le nako eo ka eona bohloko bo tla beng bo le sieo.” *

Hopola hore Molimo o amehile ka uena. (1 Petrose 5:7) Mabel o hopola hore na seo se mo thusitse joang, o re: “Ha ba ne ba nkisa kamoo ke il’o buuoa kateng ke ile ka hlokomela hore mantsoe a Molimo a ho Esaia 41:10 ke ’nete, a reng: ‘U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena.’ Ke ile ka utloa ke e-na le khotso, kaha ke ne ke tseba hore Jehova Molimo ua tsotella hore na ho etsahala’ng ka ’na.”

Na u ne u tseba? Bibele e ruta hore nako ea tla eo ka eona moloko oa batho o ke keng oa hlola o kula.—Esaia 33:24; 35:5, 6.

^ ser. 8 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 11 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?