Fetela boitsebisong

Ho Phela le Boloetse bo sa Phekoleheng—Na Bibele e ka Thusa?

Ho Phela le Boloetse bo sa Phekoleheng—Na Bibele e ka Thusa?

Karabo ea Bibele

E, e ka thusa. Molimo o tsotella bahlanka ba hae ba kulang. Mabapi le mohlanka ea tšepahalang, Bibele e re: “Jehova o tla mo tšehetsa holim’a setulo sa hae se kang moalo sa ho kula.” (Pesaleme ea 41:3) Haeba u phela le boloetse bo sa phekoleheng, lintlha tse latelang tse tharo li ka u thusa ho sebetsana le bona:

  1. Rapella matla a ho mamella. U ka fumana “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle,” e ka u fokoletsang ho tšoenyeha le ho u thusa hore u mamelle.​—Bafilipi 4:6, 7.

  2. E-ba le boikutlo bo nepahetseng. Bibele e re: “Pelo e thabileng e tseba ho folisa, empa moea o hlorileng o tepelletsa ’mele.” (Liproverbia 17:22, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ithute ho soasoa ka lintho tse u hlahelang, kaha sena se tla u imolla linakong tse thata ’me se ntlafatse bophelo ba hao.

  3. Matlafatsa tšepo ea hao ka bokamoso. Tšepo e ka u thusa ho lula u e-na le thabo ho sa tsotellehe boloetse bo sa phekoleheng boo u nang le bona. (Baroma 12:12) Bibele e bolela esale pele ka nako eo ka eona ho seng “moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Ka nako eo, Molimo o tla phekola maloetse ao mekhoa ea kajeno ea saense e sitoang ho a phekola. Ka mohlala, Bibele e hlalosa hore Molimo o tla felisa botsofali, e re: “Nama ea hae e ke e nchafale ho feta bocheng; a ke a khutlele matsatsing a mahlahahlaha a hae a bocha.”​—Jobo 33:25.

Tlhokomeliso: Le hoja Lipaki Tsa Jehova li lemoha thuso eo Molimo a fanang ka eona, li boetse li batla thuso ea lingaka ha li tšoeroe ke maloetse a sa phekoleheng. (Mareka 2:17) Leha ho le joalo, ha re buelle mofuta o itseng oa phekolo ka ho khetheha; re lumela hore motho e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto ka litaba tse amanang le bophelo ba hae.