Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na E Entsoe?

Letlalo la Qibi ea Leoatleng

Letlalo la Qibi ea Leoatleng

Liphoofolo tse ngata tse phelang metsing a batang, li na le mafura a matenya ka tlas’a matlalo a tsona a li thusang hore li lule li futhumetse. Empa qibi ena ea leoatleng eona ke mokhelo tabeng eo, hobane e itšetlehile ka letlalo la eona le boea hore e futhumale.

Ak’o Nahane ka Sena: Qibi ea leoatleng, e na le boea bo teteaneng ho feta ba liphoofolo tsohle tsa metsing. Ha e tola, boea ba eona bo hulela moea haufi le ‘mele oa eona. Kahoo, moea ona o thibela metsi a batang hore a se ke a fihla letlalong, e le hore e ka lula e futhumetse.

Bo-ramahlale ba lumela hore hona le seo re ka ithutang sona ka letlalo le boea la qibi. Ba ile ba etsa lipatlisiso, ba batla ho bona hore na ebe ke ‘Nete hore haeba seaparo le ha e le sefe se na le boea bo bolelele bo teteaneng motho a ke ke a hatsela na. Bafuputsi ba ile ba fihlela qeto ea hore ha seaparo se na le boea “bo bolelele le bo teteaneng, mohatsela o ke ke oa fihla letlalong habonolo.” Kannete ho hlakile hore ho ka finyelloa likholo ka letlalo le boea la qibi.

Lipatlisiso li supa hore borasaense ba a elelloa hore ba ka ntlafatsa theknoloji e le hore ba etse liaparo tse sa keneleng metsi. Ka lebaka leo, ha ho pelaelo hore batho ba tolang ka har’a metsi a batang, ba ka thabela ho apara seaparo sa mofuta ona.

U nahana’ng ka see? Na letlalo la qibi ea leoatleng le etsang hore e futhumale, le bile teng ka ho iphetola ha lintho kapa le entsoe?