Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Se Ka Thusang Lelapa | Batsoali

Bohlokoa ba Mosebetsi oa Lapeng

Bohlokoa ba Mosebetsi oa Lapeng

BOTHATA

Malapeng a mang, bana ba lebelletsoe hore ba thuse ka tlung ’me hangata ba etsa seo ba etsa seo ba sa korotle. Ha ele malapeng a mang teng, batsoali ha baa lebella bana ho etsa mesebetsi ea lapeng, ’me bana ba rata sona seo.

Litsebi li bontša hore tloaelo ena e atile haholo litoropong le linaheng tse ruileng moo bana ba sa batleng ho etsa letho. Ntate e mong ea bitsoang Steven o re: “Matsatsing a na bana ha ba etse letho ha e se ho shebella TV, ho kena Inthaneteng le ho bapala lipapali tsa video. Ha hoa lebelloa letho ho bona.”

U nahana’ng ka see? Na mesebetsi ea lapeng e ka thusa bana ba hao ho hola hantle, kapa empa e fela e thusa ho boloka lehae la hao le hloekile?

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Batsoali ba bang ba tsoafa ho fa bana ba bona mesebetsi ea lapeng, haholoholo ha ba na le mosebetsi o mongata oa sekolo. Empa ak’o nahane ka melemo ena e latelang.

Mesebetsi ea lapeng e etsa hore bana ba be le boikarabello. Mosebetsi oa lapeng o ka thusa ngoana hore a sebetse hantle sekolong. Ho sebetsa lapeng ho thusa ngoana ho ba le boitšepo, boitsoaro le sepheo, eleng lintho tse ka thusang ngoana ho ithuta hantle.

Mesebetsi ea lapeng e etsa hore bana ba nahanele ba bang. Batho ba bang ba hlokometse hore hangata bana ba hotseng ba sebetsa lapeng, ba khona ho etsa mesebetsi e tsoelang sechaba melemo haesele batho ba baholo. Sena ha se makatse hobane ho sebetsa lapeng ho ba thusa ho nahanela batho ba bang. Steven ea qotsitsoeng pejana o re: “Ha ho sa lebelloa letho ho bona, bana ba hola ba e-na le boikutlo bo fosahetseng ba hore ba lokela ho etsetsoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me seo se etsa hore ba be le pono e fosahetseng ea hore ha baa lokela hoba batho ba nang le boikarablello bophelong.”

Mesebetsi ea lapeng e momahanya lelapa. Ha bana ba fuoa mosebetsi, baa hlokomela hore ba nkoa e le ba bohlokoa le hore ba na le boikarabelo. Empa sena se ka fetoha haeba batsoali ba nka hore mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae, o bohlokoa ho feta mosebetsi oa lapeng. Haeba u motsoali, Ipotse: ‘Na ke batla ngoana oa ka a be le maqhama a matla a setsoalle le batho ba bang ho feta a ka bang le ’ona le lelapa labo?

SEO U KA SE ETSANG

Thupa e otlolloa esale metsi. Qala ho ruta ngoana ho tloha boseeeng. Batho ba bang bona ba re bana ba lokela ho fuoa mosebetsi ha ba le lilemo li peli kapa ka tlase ho moo. Taba ke hore, hangata bana ba rata ho sebetsa le batsoali ba bona le ho ba etsisa. ​—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 22:6.

Ba fe mosebetsi ho latela lilemo tsa bona. Ka mohlala, u ka ’na oa ruta ngoana ea lilemo li tharo ho mena liphahlo kapa oa re a phuthe lintho tseo a bapalang ka tsona. Ba ba holoanyane ba ka fiela, ba hlatsoa koloi kapa ba pheha. Sebetsana le eena ho latela bokhoni ba hae. U tla hlolloa ke tsela eo ba thabelang ho sebetsa ka eona.

Thusa ngoana hore a nke mesebetsi ea lapeng e le ea bohlokoa. Seo se ka bonahala se le thata haeba ngoana a e-na le mosebetsi oa sekolo o etsetsoang lapeng o mongata. Buka ea The Price of Privilege e re: “Ho beha mosebetsi oa sekolo pele ho oa lapeng ke letšoao la hore batsoali ha ba nke mosebetsi oa lapeng ele oa bohlokoa.” Joalokaha re boletse pejana, ho etsa mesebetsi ea lapeng ho ka thusa ngoana ho sebetsa hantle sekolong. Seo a ithutileng sona ha ntse a etsa mesebetsi ea lapeng, se tla mo thusa nakong eo a seng a e-na lelapa la hae. ​—Molao-motheo oa Bibele: Bafilipi 1:10.

Ameha ka ho koetlisa ngoana eseng ka ho qeta mosebetsi. Ho ka etsahala hore ngoana a se ke a qeta mosebetsi kapele ho feta kamoo u neng u lebelletse kateng. U ka boela oa hlokomela hore u lokela ho mo thusa ho etsa mosebetsi ka tsela e nepahetseng. Boemong boo, qoba leraba la ho batla ho etsa mosebetsi ka bo uena, mo tlohele hore ao qetele. Sepheo ha se hore ngoana a etse mosebetsi joalokaha e ka ke motho e moholo, empa ke ho mo thusa hore a ithute ho ba le boikarabello le ho fumana thabo e tlisoang ke ho sebetsa. ​—Molao-motheo oa Bibele: Moeklesia 3:22.

Ameha kaho koetlisa ngoana. Batho ba bang ba nahana hore ho patala ngoana ha a entse mosebetsi oa lapeng ke ho mo thusa ho ba le boikarabelo. Ba bang bona ba re ntho eo e etsa hore ngoana a sebeletse hore feela a thole chelete, eseng ho kenya letsoho ho atlehiseng lelapa. Se bolela’ng hore haeba a na le chelete a ke ke a batla ho sebetsa. Joale re ithuta’ng tabeng ee? Haeba u fa ngoana chelete, u se ke oa mo fa ka lebaka la hobane a etsa mebetsi ea lapeng.