Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Chris McGrath/Getty Images

LETŠOLO LE KHETHEHILENG

’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng ka Ntoa

’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng ka Ntoa

 Lintoa li tsoela pele ho utloisa batho bohloko le ho baka tšenyo lefatšeng lohle. Hlokomela litlaleho tse latelang:

  •   Ka la 7 June 2023, mokhatlo o etsang lipatlisiso oa Peace Research Institute Oslo (PRIO) o ile oa re: “Esale ho tloha ka 1994, ha ho e-s’o shoe batho ba bangata hakaalo joaloka ba ileng ba shoa Ethiopia le Ukraine ka lebaka la lintoa selemong se fetileng.”

  •   Ka la 8 February 2023, The Armed Conflict Location & Event Data Project (ACLED) e ile ea tlaleha hore “ntoa e Ukraine e ne e le e ’ngoe ea lintoa tse ileng tsa ba matla ka ho fetisisa lefatšeng ka 2022. Lefatšeng lohle lintoa tse susumetsoang ke lipolotiki li ile tsa eketseha ka liphesente tse 27 selemo se fetileng ’me ho hakanngoa hore batho ba ka bang libilione tse 1.7 ba ile ba angoa ke lintoa tseo.”

 Bibele e fana ka tšepo. E re: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa felisoa le ka mohla.” (Daniele 2:44) ’Musong oo, Molimo o tla “felisa lintoa lefatšeng lohle.”—Pesaleme ea 46:9.