Fetela boitsebisong

Khotso e Tla Tla Joang Lefatšeng?

Khotso e Tla Tla Joang Lefatšeng?

Karabo ea Bibele

Khotso lefatšeng e ke ke ea tlisoa ka boiteko ba batho, empa e tla tlisoa ke ʼMuso oa Molimo, e leng puso ea leholimong e tsamaisoang ke Kreste Jesu. Hlokomela kamoo Bibele e re rutang ka tšepo ena e hlollang.

  1. Molimo o tla felisa “lintoa ho isa pheletsong ea lefatše,” a phethahatse tšepiso ea hae ea ho tlisa “khotso lefatšeng har’a batho bao a khahloang ke bona.”—Pesaleme ea 46:9; Luka 2:14, Good News Translation.

  2. ʼMuso oa Molimo o tla busa lefatše lohle o le leholimong. (Daniele 7:14) Kaha o tla be o busa lefatše, o tla felisa bochaba, e leng bona bo bakang likhohlano tse ngata.

  3. Jesu, ʼMusi oa ʼMuso oa Molimo, o bitsoa “Khosana ea Khotso,” ʼme o tla tiisa hore ho ba le “khotso e sa feleng.”—Esaia 9:6, 7, Bibele ea Sesotho.

  4. Batho ba ikemiselitseng ho tsoela pele ba loana ba ke ke ba lumelloa ho phela ʼMusong oa Molimo, kaha “Moea oa [Molimo] o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.”—Pesaleme ea 11:5; Liproverbia 2:22.

  5. Molimo o ruta bafo ba hae ho phela ka khotso. Ha Bibele e hlalosa litholoana tsa thuto ena, e re: “Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”—Esaia 2:3, 4.

Hona joale Molimo o se a ntse a ruta Lipaki Tsa Jehova tse baloang ka limilione ho phela ka khotso. (Matheu 5:9) Le hoja re le batho ba merabe e fapa-fapaneng ʼme re phela linaheng tse sa tšoaneng tse fetang 230, re hana ho nka lihlomo hore re loantše batho ba bang.

Kajeno Lipaki Tsa Jehova li ithuta litsela tsa khotso