Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BalanceFormcreative/iStock via Getty Images Plus

Bibele e ka u Thusa ho Hlola ho Jeoa ke Bolutu ka Hore u Thuse Batho ba Bang

Bibele e ka u Thusa ho Hlola ho Jeoa ke Bolutu ka Hore u Thuse Batho ba Bang

 Lefatšeng lohle batho ba jeoa ke bolutu hobane ba sa khone ho etsa metsoalle. Litsebi tsa bophelo bo botle li re ho thusa batho ba bang ke tsela ea ho fokotsa maikutlo ana.

  •   Mokhatlo oa U.S. National Institutes of Health o re: “Ho thusa batho ha ba hloka thuso ho etsa hore bophelo ba rona bo be le morero le ho re thusa ho fokotsa ho jeoa ke bolutu le ho ikutloa eka re bang.”

 Bibele e re fa keletso ea hore na re ka etsa’ng ho thusa batho ba bang. Ho sebelisa likeletso tsena ho ka re thusa ho hlola ho jeoa ke bolutu.

Seo u ka se etsang

 E-ba motho ea fanang. Batla menyetla ea ho qeta nako u e-na le batho ba bang. Ikemisetse ho arolela batho ba bang seo u nang le sona. Ha u etsa sena batho ba tla ananela seo o ba etsetsang sona ’me ba tla thabela ho ba metsoalle ea hao.

  •   Molao-motheo oa Bibele: “Itloaetseng ho fana ’me batho ba tla le fa.”—Luka 6:38.

 Thusa batho ba bang. Batla menyetla ea ho thusa batho ha ba e-na le mathata. Sena se akarelletsa ho ba mamela ka hloko ha ba bua kapa ho ba etsetsa lintho tse tla ba imolla.

  •   Molao-motheo oa Bibele: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle ’me ke ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

 Ho fumana lintlha tse eketsehileng ka hore na u ka etsa’ng ele hore u be le setsoalle le batho ba bang, bala sehlooho se reng: “Ho ba le Metsoalle le Malapa a Thabileng.”