Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 7

Tora ea Babele

Tora ea Babele

Ka mor’a Moroallo, bara ba Noe le basali ba bona ba ile ba ba le bana ba bangata. Malapa a ile a hola, eaba a ea libakeng tse fapaneng, feela joalokaha Jehova a ne a laetse.

Empa malapa a mang ha aa ka a mamela Jehova. A ile a re: ‘A re haheng motse oo re tla lula ho oona. Re tla haha tora e telele e fihlang leholimong. Joale re tla tuma.’

Jehova o ne a sa rate seo batho bao ba se etsang, eaba o etsa qeto ea ho ba thiba. Na oa tseba hore na o ile a etsa’ng? O ile a etsa hore ba bue lipuo tse sa tšoaneng. Kaha ba ne ba se ba sa utloane, ba ile ba tlohela ho haha tora. Motse oo ba neng ba o haha o ile oa rehoa Babele, e bolelang “Pherekano.” Batho ba ile ba tloha moo eaba ba ea libakeng tse ling. Ha ba fihla libakeng tseo, ba tsoela pele ho etsa lintho tse mpe. Empa na ho ne ho e-na le batho ba ratang Jehova? Re tla fumana karabo khaolong e latelang.

“E mong le e mong ea iphahamisang o tla kokobetsoa, empa ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”—Luka 18:14