Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 12

Jakobo o Fuoa Lefa

Jakobo o Fuoa Lefa

Isaka o ne a le lilemo li 40 ha a nyala Rebeka. O ne a mo rata haholo. Ha nako e ntse e ea, ba ile ba e-ba le mafahla a bashanyana.

Lefahla le leholo e ne e le Esau, le lenyenyane e le Jakobo. Esau o ne a rata ho ea naheng le ho tsoma. Empa Jakobo o ne a rata ho lula hae.

Mehleng eo, mora e moholo o ne a fuoa sebaka se seholo le chelete e ngata ha ntate oa hae a hlokahala. Ho ne ho thoe o fuoa lefa. Lelapeng la Isaka, seo se ne se bolela hore mora e moholo o tla fuoa seo Jehova a neng a se tšepisitse Abrahama. Esau o ne a se na taba le litšepiso tseo tsa Jehova, empa Jakobo eena o ne a tseba hore ke tsa bohlokoa.

Ka le leng Esau o ile a fihla a khathetse haholo ha a tsoa tsoma. O ile a utloa ho nkha lijo tse monate tseo Jakobo a li phehileng, eaba o re: ‘Ke shoele ke tlala! Ak’u mphe sechu seo se ke je!’ Jakobo a re: ‘Ke tla u fa. Empa ntšepise pele hore u tla mpha lefa la hao.’ Esau a re: ‘Ha ke na taba le lefa! Le nke. ’Na ke batla feela ho ja.’ Na u nahana hore Esau o entse ntho e ntle? Che, ha aa etsa ntho e ntle. Esau o ile a fana ka ntho ea bohlokoa haholo ka lebaka feela la sechu.

Ha Isaka a se a tsofetse, ho ile ha fihla nako ea hore a fe lefahla le leholo lefa. Empa Rebeka o ile a thusa Jakobo hore e be eena ea fuoang lefa. Esau o ile a tseba ka taba ena ’me a koata haholo hoo a ileng a rera ho bolaea ngoan’abo. Isaka le Rebeka ba ne ba batla ho sireletsa Jakobo, eaba ba re ho eena: ‘Tsamaea u il’o lula le malome oa hao Labane ho fihlela bohale ba Esau bo felile.’ Jakobo o ile a mamela keletso ea batsoali ba hae eaba oa baleha.

“Ho na le molemo ofe ha motho a rua lefatše lohle ’me a lahleheloa ke moea oa hae? Ka sebele, ke eng seo motho a neng a tla fana ka sona e le phapanyetsano bakeng sa moea oa hae?”—Mareka 8:36, 37