Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nka Qoba Bosodoma Joang?

Nka Qoba Bosodoma Joang?

Khaolong ea 28

Nka Qoba Bosodoma Joang?

“Ha ke sa le lilemong tsa bocha, ke ne ke loana le maikutlo a ho khahloa ke bashanyana ba bang. Botebong ba pelo ke ne ke tseba hore mehopolo e joalo ha ea lokela.”—Olef.

“’Na le motsoalle oa ka oa ngoanana re kile ra sunana ka makhetlo a seng makae. Kaha ke ne ke ntse ke khahloa ke bashanyana, ke ne ke ipotsa hore na ebe ke khahloa ke banana le bashanyana ka tsela e tšoanang.”—Sarah.

BATHO ba bangata ba ke ke ba latola hore kajeno ho buuoa ka bosodoma pepenene ho feta lilemong tse mashome tse fetileng. Ak’u leke feela u re ke ntho e fosahetseng! U ka ’na ua nyatsuoa habohloko. Amy ea lilemo li 16 o re: “Ngoanana e mong o ile a mpolella hore ke tlameha ke e-na le khethollo ea morabe, hobane tsela eo ke ikutloang ka eona ka bosodoma le eona ke khethollo!”

Moea o renang kajeno oa ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe o entse hore bacha ba bangata ba ratane le ba bang ba bong bo tšoanang le ba bona. Becky ea lilemo li 15 o re: “Banana ba bangata sekolong seo ke kenang ho sona ba re bona ke basodoma, kapa ba rata banana le bashanyana ka ho tšoana, kapa ba bohelehele ho tseba hore na ho joang ho kopanela liphate le ba batona le ba batšehali.” Christa ea lilemo li 18 le eena o re ho joalo le sekolong seo a kenang ho sona. O re: “Ha e le hantle, ke se ke ile ka ferehoa ke banana ba babeli. E mong o ile a ’ngolla a mpotsa hore na ha ke batle ho tseba hore na ho joang ho robala le ngoanana e mong.”

Kaha joale bosodoma ha e sa le ntho e patoang, u ka ’na ua ipotsa: ‘Na bosodoma bo hlile bo bobe hakaalo? Ho thoe’ng haeba ke khahloa ke motho oa bong bo tšoanang le ba ka? Na seo se bolela hore ke mosodoma?’

Molimo o Nka Bosodoma Joang?

Kajeno, batho ba bangata—esita le baruti ba bang—ba bebofatsa bosodoma. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo, Bibele, le totobetse tabeng ena. Le re bolella hore Molimo o entse monna le mosali le hore o ne a rerile hore takatso ea ho kopanela liphate e khotsofatsoe ke monna le mosali ba nyalaneng feela. (Genese 1:27, 28; 2:24) Ka hona, ha ho makatse hore ebe Bibele e nyatsa liketso tsa bosodoma.—Baroma 1:26, 27.

Ba bang ba ka ’na ba re Lentsoe la Molimo le feletsoe ke nako. Empa u nahana hore ke hobane’ng ha ba potlakela ho bua joalo? Na ebe ke hobane maikutlo a Bibele a fapana le a bona? Ba bangata ba hana Lentsoe la Molimo hobane feela le ruta ntho e fapaneng le eo bona ba batlang ho e lumela. Leha ho le joalo, pono eo e fosahetse ’me ha rea lokela ho susumetsoa ke maikutlo ao a bontšang ho se nahane ka ho teba!

Empa ho thoe’ng haeba u khahloa ke motho oa bong bo tšoanang le ba hao? Na joale seo se bolela hore u mosodoma? Che. Hopola hore u sa le ‘paleseng ea bocha,’ nako eo ka eona ho iketsahallang feela hore u tsoheloe ke takatso ea ho kopanela liphate. (1 Bakorinthe 7:36) Haeba ka linako tse ling u ikutloa u khahloa ke motho oa bong bo tšoanang le ba hao, kholiseha hore sena ha se bolele hore u mosodoma. Ha nako e ntse e ea, maikutlo a joalo a atisa ho fela. Leha ho le joalo, u se ke ua kenella liketsong tsa bosodoma. U ka etsa seo joang?

Rapella taba ena. Rapela Jehova ka tieo joaloka Davida ea ileng a re: “Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka. Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso, u bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho ’na, u ntsamaise tseleng ea nako e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 139:23, 24) Jehova a ka u matlafatsa ka khotso e “fetang monahano oohle.” Sena se ka ‘lebela pelo ea hao le matla a hao a kelello’ ’me sa u fa “matla a fetang se tloaelehileng” hore u se ke ua ea le litakatso tse fosahetseng.—Bafilipi 4:6, 7; 2 Bakorinthe 4:7.

Lula u nahana ka lintho tse hahang. (Bafilipi 4:8) Bala Bibele letsatsi le letsatsi. Le ka mohla u se ke ua halala matla a eona a ho susumelletsa kelello le pelo ea hao botleng. (Baheberu 4:12) Mohlankana e mong ea bitsoang Jason o re: “Bibele e nkamme ka tsela e matla haholo, ho akarelletsa mangolo a kang 1 Bakorinthe 6:9, 10 le Baefese 5:3. Neng le neng ha ke e-ba le takatso e fosahetseng ke bala mangolo ana.”

Qoba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro le boitsebiso leha e le bofe bo buellang bosodoma. (Bakolose 3:5) Qoba ntho leha e le efe e ka tsosang takatso ea boitšoaro bo litšila. Lintho tsena li ka akarelletsa litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, mananeo a mang a TV le libaesekopo tse ling, mohlomong le limakasine tsa feshene kapa tsa batho ba hahang ’mele tse hlahisang batho ba batlang ba sa apara. Ha u fihleloa ke mehopolo e mebe, nahana ka lintho tse nepahetseng. Mohlankana e mong ea lilemong tsa bocha o re: “Neng le neng ha ke khahloa ke bashanyana ba bang, ke nahana ka temana ea Bibele eo ke e ratang ka ho fetisisa.”

Ke ’nete hore ba bang ba re ho etsa sena ke ho hamela letanteng, ho molemo hore u mpe u ‘ikamohele kamoo u leng kateng.’ Empa Bibele eona e re u ka etsa se molemo ho feta seo! Ka mohlala, e re bolella hore Bakreste ba bang ba pele bao e neng e kile ea e-ba basodoma ba ile ba fetoha. (1 Bakorinthe 6:9-11) Le uena u ka hlōla ntoeng ena—esita le haeba hona joale e ntse e kupa ka pelong feela.

Ho thoe’ng haeba u ntse u tsoela pele ho khahloa ke batho ba bong bo tšoanang le ba hao? U se ke ua ho lumella! Jehova o nyatsa liketso tsa bosodoma. Ka hona, ho na le seo motho ea loanang le maikutlo a ho khahloa ke batho ba bong bo tšoanang le ba hae a ka se etsang—a ka khetha ho se latele maikutlo ao!

Ho etsa mohlala: Motho e ka ’na ea e-ba “ea ratang ho halefa.” (Liproverbia 29:22) Nakong e fetileng, e ka ’na eaba o ile a itlohella hore a hlōloe ke khalefo. Leha ho le joalo, ka mor’a ho ithuta Bibele o hlokomela hore ho hlokahala hore a ithibe. Na see se bolela hore le ka mohla a ke ke a hlola a ikutloa a tlala khalefo? Che. Leha ho le joalo, kaha o tseba seo Bibele e se buang ka bohale bo sa laoleheng, o tla ithiba hore a se ke a hlōloa ke maikutlo.

Hoa tšoana le ka motho ea khahloang ke batho ba bong bo tšoanang le ba hae empa joale a se a ithutile seo Bibele e se bolelang ka mekhoa ea bosodoma. Ka linako tse ling, motho o ntse a ka ba le takatso e fosahetseng. Empa haeba motho a talima bosodoma ka tsela eo Jehova a bo talimang ka eona, o tla fumana matla a ho hanela takatso eo.

U se ke Ua Tela!

Haeba u loana le maikutlo a ho khahloa ke batho ba bong bo tšoanang le ba hao, u ka ’na ua ikutloa ka tsela e tšoanang le ea mohlankana e mong ea ileng a re: “Ke lekile ho fetola tsela eo ke ikutloang ka eona. Ke rapetse Jehova hore a nthuse. Ke balile Bibele. Ke mametse lipuo tse buang ka taba ena. Ha ke sa tseba joale hore na ke etse eng.”

Haeba u boemong boo, ho hlakile hore u tšoere tau ka litlena. Ha ho pheko e bonolo. Leha ho le joalo, mang le mang ea batlang ho thabisa Molimo o lokela ho phela tumellanong le melao ea Hae ea boitšoaro ’me a qobe boitšoaro bo litšila, esita le haeba ho etsa joalo ho le boima haholo. Le ka mohla u se ke ua lebala hore Molimo o utloisisa ntoa eo u e loanang le hore o utloela batho ba mo sebeletsang bohloko. * (1 Johanne 3:19, 20) Ha u mamela litaelo tsa Molimo, u ipulela monyetla oa ho fumana litlhohonolofatso tsa hae. Ha e le hantle, ho mamela litaelo tsa Molimo “ho na le moputso o moholo.” (Pesaleme ea 19:11) Esita le hona joale, u tla phela ka tsela e molemo ka ho fetisisa lefatšeng lena le tletseng likhathatso.

Ka hona, itšetlehe ka Molimo ’me u loantše litakatso tse fosahetseng. (Bagalata 6:9) Leka ka matla ho ‘nyonya se khopo le ho khomarela se molemo.’ (Baroma 12:9) Ha u etsa boiteko, ka mor’a nako mohlomong u tla hlokomela hore litakatso tseo tse fosahetseng lia fela. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore, haeba u qoba ho kenella mekhoeng ea bosodoma, u tla ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha le lokileng la Molimo.

KHAOLONG E LATELANG

U ka laola maikutlo a hao joang haeba u khahloa ke ngoanana kapa moshanyana?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 21 Mokreste ea entseng boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate o lokela ho batla thuso ea baholo ka phuthehong.—Jakobo 5:14, 15.

LENGOLO LA SEHLOOHO

Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso, u bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho ’na.Pesaleme ea 139:23, 24.

KELETSO

E le hore u be le pono e nepahetseng ka ho ba monna oa sebele, ithute mohlaleng oa Jesu. (1 Petrose 2:21) E ne e le mohlala o phethahetseng oa monna ea matla ea bileng a leng mosa.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Le hoja mohlomong u ke ke ua laola ka ho feletseng litakatso tseo u bang le tsona, u ka laola liketso tsa hao. U ka khetha ho se latele litakatso tse fosahetseng.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Haeba motho e mong a mpotsa hore na ke hobane’ng ha Bibele e nyatsa bosodoma, ke tla re ․․․․․

Haeba motho e mong a re pono ea Bibele e bontša leeme, ke tla mo behela mabaka ka ho re ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

Ke hobane’ng ha Molimo a nyatsa bosodoma?

U ka nka mehato efe e molemo e le hore u qobe ho oela lerabeng la bosodoma?

Na ho amohela pono ea Molimo ka bosodoma ho bolela hore u hloile basodoma?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 236]

“Boikutlo bo fosahetseng ba lefatše bo ile ba ama tsela eo ke nahanang ka eona ’me ba mpherekanya le ho feta tabeng ea hore na ebe ke mosodoma kapa che. Hona joale ke qoba ntho leha e le efe kapa motho leha e le ofe ea buellang bosodoma.’’—Anna

[Setšoantšo se leqepheng la 233]

Bacha bohle ba lokela ho etsa khetho ea hore na ba amohela pono e fosahetseng ea lefatše ea hore batho ba ka khotsofatsa takatso ea ho kopanela liphate ka tsela leha e le efe, kapa ba khetha ho latela melao e phahameng ea boitšoaro e boletsoeng ka Lentsoeng la Molimo