Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Re Ithutang Bophelong ba Samuele?

Re Ithutang Bophelong ba Samuele?

Samuele o ile a tshepahalla Jehova bophelo bohle ba hae. Ha a ntse a hola ha a ka a itshwara hampe jwalo ka bara ba Eli e leng Hofni le Finease. (1Sa 2:22-26) Samuele o ile a tswela pele ho hola mme Jehova o ne a na le yena. (1Sa 3:19) Ha e se e le monna ya hodileng, o ile a tswela pele ho sebeletsa Jehova ka botshepehi le hoja bara ba hae ba sa ka ba etsa jwalo.​—1Sa 8:1-5.

Mohlala wa Samuele o re rutang? Haeba o motjha, kgodiseha hore Jehova o utlwisisa mathata ao o bang le ona le ka moo o ikutlwang ka teng. A ka o thusa hore o be sebete. (Esa 41:10, 13) Haeba o motswadi mme ngwana wa hao ha a sa sebeletsa Jehova, o ka kgothatswa ke mohlala wa Samuele ya sa kang a qobella bara ba hae ho sebeletsa Jehova. Samuele o ile a tlohella taba ena matsohong a Jehova, a dula a tshepahala le ho etsa dintho tse thabisang Ntate wa hae ya lehodimong Jehova. Ngwana wa hao a ka kgutlela ho Jehova ha a bona mohlala wa hao o motle.

SHEBELLANG VIDEO YA RE ITHUTANG MOHLALENG WA BONA?​—SAMUELE EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Samuele o ile a bontsha sebete jwang e sa le moshanyana?

  • Dillo o ile a bontsha sebete jwang?

  • Samuele o ile a bontsha mohlala o motle jwang ha e se e le monna ya hodileng?

  • Jehova o tshehetsa batho ba dulang ba emela se nepahetseng

    Batswadi ba Dillo ba ile ba beha mohlala o motle jwang?