Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 20

O Fane ka Mora wa Hao wa Bohlokwa

O Fane ka Mora wa Hao wa Bohlokwa

(1 Johanne 4:9)

  1. 1. Jehova, Modimo,

    Ne re se na tshepo.

    Ka lefu la Jesu

    Re na le tshepo!

    Re a inehela

    Ho wena, re thuse

    Ba bang ho o tseba,

    Re etse thato’a hao.

    (CHORUS)

    O re file Mora,

    A re bineng pina

    Ena ka ho sa feleng,

    re lebohe Mora wa hao.

  2. 2. Ke ka mosa wa hao,

    O re hauhetseng.

    Re rata botswalle

    Boo ba hao Ntate.

    Empa re leboha

    Mpho ya Mora wa hao

    Ho feta ntho tsohle.

    O re shwetse bohle.

    (CHORUS)

    O re file Mora,

    A re bineng pina

    Ena ka ho sa feleng,

    re lebohe Mora wa hao.

    (SEPHETHO)

    Jehova, Modimo, re a o leboha.

    Ka ho re fa Mora wa hao a le mong, Jesu.

(Sheba le Joh. 3:16; 15:13.)