Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ho ba Motho ya Lokileng ho ka Etsa Hore o Dule o Thabile?

Na ho ba Motho ya Lokileng ho ka Etsa Hore o Dule o Thabile?

Ka dilemolemo, haesale batho ba bangata ba na le maikutlo a hore haeba motho a lokile ebile a itshwere hantle o tla phela ha monate. Ka mohlala, batho ba bangata ba Asia ba dumellana le seo rafilosofi ya tsebahalang ya bitswang Confucius a ileng a se bua: “O se ke wa etsa batho ba bang seo o sa batleng hore ba o etse sona.” *

SEO BATHO BA BANGATA BA SE ETSANG.

Batho ba bangata ba dumela hore haeba ba itshwere hantle ba tla dula ba thabile. Ba leka ho ba batho ba hlomphang, ba itshwereng hantle, ba nang le boikarabelo le ba lekang ka thata ho dula ba etsa dintho hantle. Linh ya dulang Vietnam o re: “Ka mehla ke ne ke dumela hore haeba ke ne ke bua nnete ebile ke ikokobeditse ke ne ke tla phela ha monate.”

Ba bang ba leka ho etsa dintho hantle ka lebaka la bodumedi ba bona. Hsu-Yun ya dulang Taiwan o re: “Ke ile ka rutwa hore haeba motho a etsa dintho hantle o tla thaba ka mora hore a hlokahale, empa haeba motho a etsa dintho tse mpe o tla hlokofatswa.”

DITLAMORAO E EBA DIFE?

Ke nnete hore haeba re etsetsa batho ba bang dintho tse ntle, ho ba le dintho tse ngata tse re thabisang. Le ha ho le jwalo, batho ba tshwarang batho ba bang hantle, ba hlokometse hore ha se ka mehla ba tshwarwang hantle. Shiu Ping ya dulang Hong Kong o re: “Ke ithutile ka nna hore batho ba tshwarang batho bang hantle, ha se ka mehla ba tshwarwang hantle. Ke lekile ka hohle ho hlokomela lelapa la ka le ho etsa dintho tse ntle. Empa lenyalo la rona ha le a ka la atleha mme monna wa ka o ile a re siya nna le mora wa rona.”

Batho ba bangata ba hlokometse hore ha se batho bohle ba kenang kereke ba lokileng. Etsuko ya dulang Japan, o re: “Ke ile ka ba bodumeding bo itseng mme ka ba mohlophisi wa dintho tsa batjha. Ke ne ke maketse ha ke bona batho ba bodumedi boo ke leng ho bona ba itshwere hampe, ba batla maemo a phahameng, ebile ba sebedisa tjhelete ya kereke hampe.”

“Ke lekile ka hohle ho hlokomela lelapa la ka le ho etsa dintho tse ntle. Empa lenyalo la rona ha le a ka la atleha mme monna wa ka o ile a re siya nna le mora wa ka.”​—SHIU PING, HONG KONG

Batho ba bang ba ileng ba tshepahala madumeding a bona ebile ba itshwere hantle ba ile ba nna ba swetseha ha dintho tse mpe di ntse di ba etsahalla. Ke ka moo Van ya dulang Vietnam a neng a ikutlwa ka teng. O re: “Ka mehla ke reka ditholwana, dipalesa le dijo mme ke nehelana ka tsona aletareng ya batho ba seng ba hlokahetse, ka tshepo ya hore ke tla dula ke thabile. Ho sa tsotellehe dintho tse ntle tseo ke di entseng le meetlo yohle ya bodumedi ka dilemo tse ngata, monna wa ka o ile a kula haholo. Ka mora moo, moradi wa ka ya neng a kena sekolo naheng e nngwe, o ile a hlokahala a le dilemo di 20 feela.”

Haeba ho ba motho ya lokileng ho sa etse hore o phele ha monate, ke eng e tla etsa hore o phele ha monate? Ho araba potso ena, re hloka tataiso eo re ka e tshepang e tla re thusa ho araba dipotso tsa rona le ho re bontsha hore na re lokela ho etsang e le hore re dule re thabile nakong e tlang. Ke hokae moo re ka fumanang tataiso eo?

^ par. 2 Ho ithuta dintlha tse eketsehileng ka seo Confucius a ileng a se ruta, sheba kgaolo ya 7, serapeng sa 31-35, bukeng ya Moloko oa Batho o Batla Molimo, e hatisitsweng ke Dipaki Tsa Jehova, e boetse e fumaneha Inthaneteng ho www.isa4310.com.