Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

RE KA ETSANG HORE RE HLOLE LEHLOYO?

4 | O ka Hlola Lehloyo ka Thuso ya Modimo

4 | O ka Hlola Lehloyo ka Thuso ya Modimo

Seo Bibele e se Rutang:

“Ditholwana tsa moya ke lerato, thabo, kgotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitshwaro.”​BAGALATA 5:​22, 23.

Seo Temana Ena e se Bolelang:

Re ka kgona ho hlola lehloyo ka thuso ya Modimo. Moya wa hae o halalelang o ka re thusa hore re be le makgabane ao re ke keng ra kgona ho ba le ona ka borona. Ho ena le ho leka ho hlola lehloyo ka matla a rona, ho molemo hore re kope thuso ya Modimo. Haeba re etsa jwalo, re tla ikutlwa ka tsela eo moapostola Pauluse a neng a ikutlwa ka yona. O ile a re: “Bakeng sa dintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ya mphang bonatla.” (Bafilipi 4:​13) Le rona re ka kgona hore re re: “Thuso ya ka e tswa ho Jehova.”​—Pesaleme ya 121:⁠2.

Seo o ka se Etsang:

“Jehova o fetotse bophelo ba ka, ha ke sa le motho ya mabifi empa ke se ke le motho wa kgotso.”​—WALDO

Rapela Jehova ka tiyo mme o mo kope moya wa hae o halalelang. (Luka 11:​13) Kopa hore a o thuse ho ba le makgabane a tshwanang le a hae. Ithute seo Bibele e se rutang ka makgabane a ka re thusang hore re se ke ra ba le lehloyo, a kang lerato, kgotso, tiisetso le boitshwaro. Leka ho bonahatsa makgabane ana bophelong ba hao. Eba motswalle wa batho ba lekang hore ba be le makgabane ana. Metswalle e jwalo e tla “[o] susumelletsa leratong le mesebetsing e metle.”​—Baheberu 10:⁠24.