Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nnete ka Modimo le Kreste

Nnete ka Modimo le Kreste

Le hoja batho ba rapela medimo e mengata, ho na le Modimo a le mong feela wa nnete. (Johanne 17:3) Ke ya “Hodimodimo,” Mmopi wa dintho tsohle le Mohlodi wa bophelo. Ke ka hoo re lokelang ho rapela yena feela.​—Daniele 7:18; Tšenolo 4:11.

Modimo ke Mang?

Lebitso la Modimo ka Bibeleng le hlaha ka makgetlo a 7 000

JEHOVA ke lebitso la Modimo

MORENA, MODIMO, NTATE​—Ke tse ding tsa ditlotla tsa Jehova

Lebitso la Modimo ke Mang? Modimo o re: “Ke nna Jehova. Ke lona lebitso la ka.” (Esaia 42:8) Lebitso la hae le hlaha ka makgetlo a 7 000 ka Bibeleng. Le ha ho le jwalo, diphetolelo tsa Dibibele tse ngata di sebedisa tlotla e kang “Morena” bakeng sa lebitso la hae. Modimo o batla hore o be motswalle wa hae, ka hoo o o kgothalletsa hore o “ipiletse lebitsong la hae.”​—Pesaleme ya 105:1.

Ditlotla Tsa Jehova. Bibele e sebedisa ditlotla tse kang “Modimo,” “Ya Matla Wohle,” “Mmopi,” “Ntate,” “Morena,” le “Mmusi” ha di bua ka Jehova. Ho na le ditlaleho tsa dithapelo tse ngata ka hara Bibele moo Jehova a bitswang ka ditlotla tsena tse hlomphehang le ka lebitso la hae.​—Daniele 9:4.

Sebopeho sa Modimo. Modimo ke moya o sa bonahaleng. (Johanne 4:24) Bibele e bontsha hore ‘ha ho motho ya kileng a bona Modimo.’ (John 1:18) E boetse hape e re bolella ka maikutlo a Modimo. E re batho ba ka mo utlwisa bohloko kapa “ba mo kgahlisa.”​—Liproverbia 11:20; Pesaleme ya 78:40, 41.

Makgabane a Matle a Modimo. Modimo ha a leeme ho batho ba mefuta yohle le ba tswang ditsong tse fapaneng. (Liketso 10:34, 35) Ke Modimo ya “mohau le ya mosa, ya diehang ho halefa le ya tletseng mosa o lerato le nnete.” (Exoda 34:6, 7) Le ha ho le jwalo, o na le makgabane a mang a kgahlehang haholo a mane.

O na le Matla. Ka ha ke “Modimo ya Matla Wohle,” o na le matla a se nang moedi a hore a phethe ditshepiso tsa hae.​—Genese 17:1.

O Bohlale. Modimo o bohlale ho feta motho e mong le e mong. Ke ka hoo Bibele e reng ‘o bohlale a le mong.’​—Baroma 16:27.

O na le Toka. Modimo o etsa se nepahetseng kamehla. Mesebetsi ya hae e “phethahetse,” mme “ho yena ha ho na ho hloka toka.”​—Deuteronoma 32:4.

O Lerato. Bibele e re “Modimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Modimo ha a bontshe lerato feela empa lerato ke e nngwe ya makgabane ao a nang le wona. Lerato la hae le fetang dintho tsohle le ama ntho e nngwe le e nngwe eo a e etsang mme le re tswela molemo ka ditsela tse ngata.

Batho ba ka Kgona ho ba Motswalle wa Modimo. Modimo ke Ntate wa rona ya lehodimong ya lerato. (Matheu 6:9) Haeba re na le tumelo ho yena, re ka kgona ho ba metswalle ya hae. (Pesaleme ya 25:14) Ka hoo, Modimo o re re mo atamele ka thapelo mme re ‘lahlele matshwenyeho wohle a rona ho yena, hobane o a re tsotella.’​—1 Petrose 5:7; Jakobo 4:8.

Phapang ke Efe Pakeng Tsa Modimo le Kreste?

Jesu ha se Modimo. Ha ho na motho a tshwanang le Jesu, ke yena feela ka ho toba a ileng a bopuwa ke Modimo. Ke ka hoo Bibele e reng ke Mora wa Modimo. (Johanne 1:14) Ka mora hore Jehova a bope letsibolo la hae e leng Jesu, o ile a mo sebedisa e le “mosebetsi ya hlwahlwa” hore a bope dintho tse ding tsohle ho akarelletsa le batho.​—Liproverbia 8:30, 31; Bakolose 1:15, 16.

Jesu ha a ka a itsebahatsa e le Modimo. Ho e na le hoo, o ile a re: “Ke moemedi ya tswang ho yena [Modimo], mme Eo o nthomile.” (Johanne 7:29) Ha Jesu a bua le e mong wa balatedi ba hae, o ile a bitsa Jehova “Ntate le Ntata lona” le “Modimo wa ka le Modimo wa lona.” (Johanne 20:17) Ka mora hore Jesu a shwe, Jehova o ile a mo tsosetsa lehodimong a mo fa matla mme a mo phahamisetsa ka letsohong le letona la hae.​—Matheu 28:18; Liketso 2:32, 33.

Jesu Kreste a ka o Thusa Hore o be le Kamano e Ntle le Modimo

Jesu o tlile lefatsheng ho tla re ruta ka Ntate wa hae. Jehova o ile a re ka Jesu: “Enwa ke Mora wa ka, ya ratwang mo mameleng.” (Mareka 9:7) Ha ho na motho ya tsebang Modimo ho feta Jesu. Ke ka hoo Jesu a ileng a re: “Ha ho ya tsebang hore na Ntate ke mang, ha e se Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.”​—Luka 10:22.

Jesu o bontsha makgabane a Modimo ka tsela e phethahetseng. Jesu o na le makgabane a tshwanang le a Ntate wa hae, ke ka hoo a ileng a re: “Ya mponeng o bone le Ntate.” (Johanne 14:9) Jesu o ne a atametsa batho ho Ntate wa hae ka hore a bontshe lerato ka mantswe le diketso. O ile a re: “Ke nna tsela le nnete le bophelo. Ha ho ya tlang ho Ntate ha e se ka nna.” (Johanne 14:6) O ile a boela a re: “Barapedi ba nnete ba tla rapela Ntate ka moya le ka nnete, etswe ka sebele Ntate o batla ba jwalo hore ba mo rapele.” (Johanne 4:23) Ke ho kgothatsang hakaakang hore ebe Jehova o batla hore batho ba tsebe nnete ka yena.