Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata

HO NA le baradi babo rona ba bangata ba masoha ba sebeletsang dinaheng tseo ho tsona ho nang le tlhokahalo ya bahweletsi. Ba bang ba bona ba sebeleditse moo ka dilemo tse ngata. Ke eng e ba susumeditseng ho ya dinaheng tseo? Ba ithutile eng ha ba ntse ba le moo? Bophelo ba bona bo bile jwang? Re buisane le ba bang ba bona. Haeba o moradi wabo rona wa ­lesoha ya labalabelang ho etsa tshebeletso ena e tlisang thabo, o tla rua molemo haholo puisanong ena. Ha e le hantle, bahlanka bohle ba Modimo ba ka ithuta ho hong mohlaleng wa baradi bana babo rona.

HO HLOLA DIPELAELO

Anita

Na o kile wa ipotsa hore na o ka kgona ho bula madiboho naheng e nngwe le hoja o le lesoha? Anita eo hona jwale a leng dilemo di ka bang 75, o ne a nahana hore a ke ke a kgona. O holetse Engelane, mme o qadile ho ba pulamadiboho ha a le dilemo di 18. O re: “Ke ne ke rata ho ruta batho ka Jehova, empa ke ne ke sa nahane hore nka sebeletsa dinaheng tse ding. Ke ne ke eso ka ke ithuta puo e nngwe ebile ke sa nahane hore nka kgona. Kahoo, ha ke memelwa ho ya Sekolong sa Gileade, ke ile ka makala. Ke ne ke sa lebella hore motho feela ya kang nna, a ka memelwa sekolong seo. Empa ke ile ka nahana mme ka re: ‘Ha e le mona Jehova a bone ho loketse, e re ke ye.’ Tsena tsohle di etsahetse dilemong tse fetang 50 tse fetileng. Ho tloha ka nako eo, haesale ke sebeletsa ke le moromuwa Japane.” Anita o tswela pele ho re: “Ke thabela ho kgothalletsa baradi babo rona ba batjha dilemong hore le bona ba nahane ka ho bula madiboho dinaheng tse ding! Ho nthabisang ke hore ba bangata ba bona ba mametse keletso eo.”

HO HLOLA TSHABO

Baradi babo rona ba bangata ba sebeleditseng dinaheng tse ding, ba re qalong ba ne ba tshaba. Ba ile ba etsa eng ho hlola tshabo eo?

Maureen

Maureen, eo hona jwale a leng dilemo di ka bang 65 o re: “Ha ke ntse ke hola, ke ne ke labalabela ho thusa batho ba bang.” Ha a le dilemo di 20 o ile a fallela Quebec, Canada, moo ho neng ho hlokahala bopulamadiboho ba eketsehileng. O tswela pele ka ho re: “Hamorao ke ile ka memelwa Sekolong sa Gileade, empa ke ne ke tshaba ho ya sebakeng seo ke sa se tsebeng le moo ke se nang bakgotsi. Hape ke ne ke sa batle ho siya batswadi ba ka, kaha Ntate o ne a kula. Ke ne ke qeta masiu a mangata ke lla, ke kopa Jehova hore a nthuse ka taba ena. Ha ke bolella batswadi ba ka ka se ntshwenyang, ba ile ba nkgothalletsa hore ke amohele memo eo. Ke ile ka boela ka bona kamoo phutheho ya heso e neng e hlokomela batswadi ba ka ka lerato kateng. Tsela eo Jehova a neng a hlokometse batswadi ba ka ka yona, e ile ya nkgodisa hore le nna o tla ntlhokomela. Kahoo, ke ile ka bona ho loketse hore ke amohele memo eo.” Ho tloha ka 1979, Maureen o sebeleditse e le moromuwa Afrika Bophirimela ka dilemo tse ka hodimo ho 30. Hona jwale Maureen o hlokomela mme wa hae a le Canada, mme o sebeletsa e le pulamadiboho e kgethehileng. Ha a bua ka dilemo tseo a di qetileng a sebeletsa Afrika Bophirimela o re: “Jehova o ne a mpha seo ke se hlokang ka nako e nepahetseng.”

Wendy

Wendy, eo hona joale a ka bang dilemo di 65, o qadile ho bula madiboho Australia e sa le motjha. O re: “Ke ne ke le dihlong ke bile ke tshaba ho bua le batho bao ke sa ba tsebeng. Empa ho ba pulamadiboho ho nthusitse hore ke kgone ho buisana le batho ba sa tshwaneng, ha ba ha etsa hore ke itshepe. Dintho di ile tsa tswela pele ho ntlafala ha nako e ntse e ya. Ho ba pulamadiboho ho ile ha nthuta ho tshepa Jehova, mme seo sa leotsa takatso ya ka ya ho sebeletsa dinaheng tse ding. Ho feta moo, moradi e mong wabo rona eo e bileng moromuwa Japane ka dilemo tse fetang 30, o ile a re ke mo etele, ke tlo sebetsa tshimo le yena Japane ka dikgwedi tse tharo. Ho sebetsa le yena ho ile ha eketsa thahasello ya ka ya ho sebeletsa dinaheng tse ding.” Ka bo 1985, Wendy o ile a fallela Vanuatu, e leng sehlekehleke se bohole ba dikhilomithara tse 1 770 ka botjhabela ho Australia.

Hona jwale Wendy o sebeletsa ofising ya phetolelo e Vanuatu. O re: “Ha ho ntho e nthabisang ho feta ho bona ho thehwa dihlopha le diphutheho tse ntjha dibakeng tse hole. Ho sebeletsa Jehova sehlekehlekeng sena, ke tlotla eo nke keng ka e hlalosa.”

Kumiko (ya mahareng)

Ha Kumiko ya dilemo di ka bang 65 e ntse e le pulamadiboho Japane, motswalle e mong wa hae o ile a etsa tlhahiso ya hore ba fallele Nepal. O re: “O ile a nkopa ka makgetlo, empa ke ne ka hana. Ke ne ke kgathatsehile ka ho ithuta puo e ntjha le ho dula sebakeng seo ke sa se tlwaelang. Ke ne ke boetse ke se na tjhelete ya ho fallela naheng e nngwe. Ha ke ntse ke nahana ka taba ena, ke ile ka hlahelwa ke kotsi ya sethuthuthu, mme ka kena sepetlele. Ha ke le moo ke ile ka ipotsa ka re: ‘Ebe ho tla etsahala eng ka bokamoso ba ka? Nka nna ka kula haholo mme ka hloleha ho ya bula madiboho naheng e nngwe. Na ha ho molemo hore ke sebeletse naheng e nngwe leha e ka ba selemo feela?’ Ke ile ka kopa Jehova ka tiyo hore a nthuse ho finyella seo.” Ha Kumiko a lokollwa sepetlele o ile a etela Nepal, mme hamorao yena le motswalle wa hae ba fallela teng.

Ha Kumiko a nahana ka dilemo tse ka bang leshome tseo a di qetileng a sebeletsa Nepal, o re: “Qetellong ke ile ka bona hore ke ne ke tshaba moru o se na nkwe. Ke a thaba hore ebe ke ile ka sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo. Hangata ha re kene ntlong e itseng, baahelani ba bahlano kapa ba tsheletseng baa tla ho tla mamela. Le bana ba banyenyane ba kopa hore ke ba fe dipampitshana. Ruri ho a thabisa ho paka tshimong ena moo batho ba teng ba mamelang.”

HO HLOLA MATHATA

Ntle ho pelaelo, baradi bana babo rona bao re buisaneng le bona ba ile ba thulana le mathata. Ba a hlotse jwang?

Diane

Diane wa Canada o re: “Qalong ho ne ho le bohloko ho ba hole le hae. Hona jwale o dilemo di ka bang 60, mme e bile moromuwa Ivory Coast (eo hona jwale e seng e bitswa Côte d’Ivoire) ka dilemo tse 20. O tswela pele ka ho re: “Ke ile ka kopa Jehova hore a nthuse ho rata batho ba mona. E mong wa barupedi ba Gileade, e leng Morabo rona Jack Redford, o ile a re hlalosetsa hore qalong re ka nna ra makatswa ke maemo a dibaka tseo re tla sebeletsa ho tsona, haholoholo haeba re ka abelwa ho ya dibakeng tse futsanehileng. Empa o ile a re: ‘Le se ke la kgathatseha ka bofutsana ba moo. Lona le shebane le batho. Le shebe hore na ba ikutlwa jwang ha le ba bolella molaetsa o tswang ka Bibeleng.’ Ke ile ka etsa sona seo, mme ruri se ntswetse molemo! Ha ke bua le batho ka molaetsa o kgothatsang wa Bibele, ba a thaba.” Ke eng hape se ileng sa thusa Diane ho sebeletsa naheng e nngwe? O re: “Ke ne ke itlwaetsa batho bao ke ithutang Bibele le bona, mme ke thabiswa ke ho bona ba sebeletsa Jehova ka botshepehi. Ke ile ka rata sebaka seo ke neng ke sebeletsa ho sona. Ke ile ka iphumanela bomme le bontate, bara le baradi beso, fela jwalokaha Jesu a tshepisitse.”Mareka 10:29, 30.

Anne, ya dilemo di ka bang 45, o sebeletsa naheng e nngwe Asia moo mosebetsi wa rona o thibetsweng. O re: “Ka dilemo tseo ke sebeleditseng ka tsona dinaheng tse sa tshwaneng, ke phetse le baradi babo rona bao setso le botho ba bona bo fapaneng hole le ba ka. Ka dinako tse ding, seo se ne se re qabanya. Ha seo se etsahala, ke ne ke leka ho utlwisisa setso le tsela eo ba etsang dintho ka yona. Ke ne ke boetse ke leka ka thata ho ba bontsha lerato le mosa. Ke a thaba hore ka lebaka la ho etsa jwalo, ke na le metswalle e mengata ya hlooho ya kgomo, mme e nthusitse ho mamella kabelong ya ka.”

Ute

Ka 1993, Ute, wa Jeremane, eo hona jwale a leng dilemo di ka bang 50, o ile a abelwa ho ba moromuwa Madagascar. O re: “Qalong ke ne ke thatafallwa ho ithuta puo ya moo, ho mamella boemo ba moo ba lehodimo, ke kgathatswa ke malaria ke bile ke tshaba manyowa. Leha ho le jwalo, baradi babo rona ba moo, bana ba bona hammoho le batho bao ke ithutang Bibele le bona ba ile ba nthusa ho ithuta puo. Moromuwa e mong eo ke neng ke sebetsa le yena o ne a ntlhokomela ha ke kula. Empa ha bohlokwa le ho feta, Jehova o ile a nthusa. Ke ne ke atisa ho mo bolella lintho tse nkgathatsang. Ka mora moo, ka mamello ke ne ke emela hore a arabe dithapelo tsa ka. Jehova o ile a rarolla bothata bo bong le bo bong ba ka.” E se e le lilemo tse 23 Ute a sebeletsa Madagascar.

RE FUMANA DITLHOHONOLOFATSO

Ho tshwana le batho ba bang ba sebeletsang moo ho nang le tlhokahalo, baradi babo rona ba masoha ba sebeletsang dinaheng tse ding ba re ba fumane ditlhohonolofatso tse ngata. Tse ding tsa tsona ke dife?

Heidi

Heidi, ya tswang Jeremane, eo hona jwale a leng dilemo di ka hodimonyana ho 70, o sebeleditse e le moromuwa Ivory Coast (eo hona jwale e bitswang Côte d’Ivoire) ho tloha ka 1968. O re: “Ntho e ileng ya nthabisa ka ho fetisisa, ke ho bona batho bao ke ba rutileng Bibele ‘ba tswela pele ho tsamaya nneteng.’ Ba bang ba bona e se e le bopulamadiboho ha ba bang e le baholo. Boholo ba bona ba mpitsa Mme kapa Nkgono. Moholo e mong le ba lelapa la hae, ba ntshwara jwaloka mong ka bona. Kahoo, Jehova o mphile mora, ngwetsi le ditloholo tse tharo.”3 Joh. 4.

Karen (ya mahareng)

Karen ya tswang Canada, eo hona jwale a leng dilemo di ka hodimo ho 70, o sebeleditse Afrika Bophirimela ka dilemo tse fetang 20. O re: “Ho ba moromuwa ho nthusitse hore ke be le boitelo, ke rate batho, hape ke be le mamello. Ho sebetsa le batho ba tswang dinaheng tse ding ho entse hore ke utlwisise batho ba bang. Ke ile ka hlokomela hore ho na le ditsela tse fapaneng tsa ho etsa dintho. Ruri ho a thabisa hore ebe hona jwale ke na le metswalle dinaheng tse ngata! Le hoja dikabelo le maemo a rona a bophelo a fetohile, re ntse re le metswalle.”

Margaret, ya tswang Engelane, eo hona jwale a leng dilemo tse ka hodimo ho 75, e ile ya eba moromuwa Laos. O re: “Ho sebeletsa dinaheng tse ding ho nthusitse ho bona kamoo Jehova a hulelang batho ba merabe e fapaneng mokgatlong wa hae kateng. Seo se ile sa matlafatsa tumelo ya ka haholo. Sa boela sa etsa hore ke kgodisehe hore Jehova o laola mokgatlo wa hae le hore morero wa hae o tla phethahala.”

Ruri, baradi babo rona ba masoha ba sebeletsang dinaheng tse ding ba re behetse mohlala o motle tshebeletsong ya Jehova. Ka sebele ba lokela ho babatswa. (Baahl. 11:40) Ho feta moo, palo ya bona e ntse e eketseha. (Pes. 68:11) Na o ka kgona ho lokisa maemo a hao e le hore o latele mohlala wa baradi babo rona ba tjhesehang bao ho buisanweng le bona sehloohong see? Haeba o ka kgona, ha ho potang hore o tla ‘latswa mme o bone hore Jehova o molemo.’Pes. 34:8.