Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsa Metswalle le Batho ba Merabe e Meng

Etsa Metswalle le Batho ba Merabe e Meng

Bothata

Haeba re ikarola ho batho ba merabe e meng, re ka ba kgetholla le ho feta. Haeba re etsa metswalle le batho ba morabe wa rona feela re ka qetella re nahanne hore tsela eo re nahanang ka yona, re ikutlwang ka yona le ho etsa dintho ka yona, ke yona e nepahetseng.

Molaomotheo wa Bibele

“Le lona le atolohe.”​—2 BAKORINTHE 6:13.

Seo e se bolelang, ho atoloha ho ama tsela eo re ikutlwang ka yona ka batho ba bang. Haeba re etsa metswalle le batho ba morabe wa rona feela, seo se ka etsa hore re se ke ra batla ho atoloha. E le hore re qobe ho etsa seo, re lokela ho ikemisetsa ho etsa metswalle le batho ba merabe e meng.

Ho Etsa Metswalle le Batho ba Merabe e meng ho ka re Thusa Jwang?

Haeba re ipha nako ya ho tseba batho ba bang, re tla utlwisisa hore ke hobaneng ha ba etsa dintho ka tsela e sa tshwaneng le ya rona mme ha re ntse re ba tlwaela, re a lebala le hore ke batho ba merabe e meng. Re qala ho ba nka e le ba bohlokwa mme ha ba thabile re a thaba le ha ba utlwile bohloko re utlwa bohloko.

Hlokomela mohlala wa Nazaré. O ne a kgetholla batho ba tswang dinaheng tse ding. O hlalosa se ileng sa mo thusa, o re: “Ke ile ka qeta nako le bona le ho sebetsa le bona. Batho bao ke ileng ka kopana le bona ba ne ba fapane le tsela eo batho ba neng ba ba hlalosa ka yona. Ha o qala ho etsa metswalle le batho ba setso se fapaneng le sa hao, o ithuta hore o se ke wa ba kgetholla mme seo se etsa hore o ba rate le ho feta ebile o ba nke e le ba bohlokwa.”

Seo o ka se Etsang

Batla menyetla ya ho bua le batho ba tswang dinaheng tse ding, ba merabe e meng le ba buang puo e nngwe. O ka nna wa etsa dintho tse latelang:

  • Ba kope hore ba o bolelle hore ke batho ba jwang.

  • Ba memele dijong.

  • Ba mamele ha ba o jwetsa ka bophelo ba bona mme o ithute hore na keng seo e leng sa bohlokwa ho bona.

Haeba o leka ho utlwisisa hore na ba tswa hokae bophelong, o tla utlwisisa hore ke hobaneng ha ba le ka tsela eo ba leng ka yona. Sena se tla o thusa hore o ba rate mme o rate le batho ba bang ba morabe wa bona.