Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEO BIBELE E SE BUANG

Mangeloi

Mangeloi

Ho tloha nakong e fetileng, mangeloi a nnile a hlaha dibukeng, ditshwantshong le difiliming. Empa, ha ele hantle mangeloi ke bomang, hona mosebetsi wa ona ke ofe?

Mangeloi ke bomang?

SEO BIBELE E SE BUANG

 

Pele Modimo a bopa dintho tsohle, o ile a bopa dibopuwa tse bohlale. Ha e le hantle, dibopuwa tsena di matla ho feta batho mme di dula le Modimo lehodimong. (Jobo 38:4, 7) Bibele e hlalosa hore dipopuwa tsena ke “meya” kapa “mangeloi.”—Pesaleme ya 104:4. *

Mangeloi a makae ka palo? Lentswe la Modimo le hlalosa hore mangeloi a potolohileng terone ya Modimo ke “dimiriade tsa dimiriade” kapa “dikete tsa dikete.” (Tšenolo 5:11) Kahoo, re a hlokomela hore mangeloi a mangata haholo.

“Ka tadima. . . mangeloi a mangata ho pota terone . . . ,mme palo ya ona e ne e le dimiriade tsa dimiriade le dikete tsa dikete.”—Tšenolo 5: 11.

Mosebetsi wa mangeloi e ne e le ofe nakong e fetileng?

SEO BIBELE E SE BUANG

 

Nakong e fetileng, Modimo o ne a sebedisa mangeloi ho fetisetsa molaetsa ho batho. * Bibele e boetse e re bolella hore Jehova o ne a a sebedisetsa ho etsa mehlolo. Ka mohlala, Jehova o ile a sebedisa lengeloi ho thiba Abrahama hore a seke a etsa sehlabelo ka mora wa hae, Isaka. (Genese 22:11-18) Ka letsatsi le leng, ha Moshe a le thabeng ya Horebe lengeloi le ile hlaha hara sehlahla se tukang, le tlisitse molaetsa o neng o tswa ho Jehova. (Exoda 3:1, 2) Ho feta moo, ha moprofeta Daniele a ne a lahletswe ka sekoting sa ditau, Jehova o ile a sebedisa lengeloi ho “kwala melomo ya ditau,” e le hore a ka sireletsa mohlanka wa hae.—Daniele 6:22.

“Jwale lengeloi la Jehova la hlaha ho yena le le lelakabeng la mollo hara sehlahla se meutlwa.”—Exoda 3:2.

Mangeloi a etsang hona jwale?

SEO BIBELE E SE BUANG

 

Re ke ke ra tseba ka ho felletseng hore na mangeloi a etsang hona jwale. Le ha ho jwalo, Bibele e re bontsha hore a kenya letsoho ho thusa batho ba dipelo di lokileng hore ba tsebe Jehova.—Liketso 8:26-35; 10:1-22; Tšenolo 14:6, 7.

Jakobo o ile a lora mangeloi a ntse a ya hodimo le tlase a palame “lere” pakeng tsa lehodimo le lefatshe. (Genese 28:10-12) Ka ha toro ena e ne etswa ho Jehova, ho ka etsahala hore ebe Jakobo o ile a nahana hore toro ena, e ne e bontsha tsela eo ka yona Jehova a romelang mangeloi a hae lefatsheng e le hore a tlo thusa bahlanka ba hae.—Genese 24:40; Exoda 14:19; Pesaleme ya 34:7.

“Ho ne ho ena le lere e emeng lefatsheng tlhoro ya yona e fihla mahodimong; mme, bonang! ho ne ho ena le mangeloi a Modimo a ntseng a nyoloha mme a theoha ka yona.”—Genese 28:12.

^ par. 6 Bibele e hlalosa hore mangeloi a mang a ileng a fetohela bobusi ba Modimo, a bitswa “bademona.”—Luka 10:17-20.

^ par. 11 Ha e le hantle lentswe la Sebeheru le la Segerike, “lengeloi” le hlaloswa e le motho kapa ntho e fetisang molaetsa.