Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Le hoja mananeo a TV a bontsha dintho tse amanang le bodemona e le boithabiso feela, re lokela ho hlokomela dikotsi tsa boithabiso ba mofuta ona

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA BOITHABISO BO NANG LE BODEMONA BO KOTSI?

Keng Seo Bibele e se Rutang ka Bodemona?

Keng Seo Bibele e se Rutang ka Bodemona?

LE HOJA batho ba bangata kajeno ba nka boithabiso bo nang le bodemona, e le ho itlosa bodutu fela ho seng kotsi, Bibele yona e na le pono e fapaneng ka sena. E hlalosa ka ho hlaka hore na Modimo o ikutlwa jwang ka boithabiso bo nang le bodemona. Ka mohlala, lengolo la Deuteronoma 18:10-13 le re: “Ho lona ha ho a lokela hore ho fumanwe . . . leha e le mang ya sebedisang bonohe, ya sebedisang boselamose kapa leha e le mang ya batlang dipontsho tsa se tlang kapa moloi, kapa ya betsang ba bang ka mantswe a boloi kapa leha e le mang ya batlang keletso ho ya buisanang le meya kapa setsebi se bolelang diketsahalo esale pele kapa leha e le mang ya botsang bafu.” Hobaneng? Lengolo leo le tswela pele ka hore: ‘Etswe e mong le e mong ya etsang dintho tsena ke ntho e manyala kapa e nyontshang ho Jehova . . . Le lokela ho hloka molato ho Jehova Modimo wa lona.’

Ke hobaneng ha Bibele e nyatsa mefuta yohle ya bodemona?

BODEMONA BO QADILE JWANG?

Bibele e re bolella hore pele Modimo a bopa lefatshe, o ile a etsa mangeloi a dimilione. (Jobo 38:4, 7; Tšenolo 5:11) Mangeloi ao, a ne a ena le bolokolohi ba ho ikgethela ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng. A mang a mangeloi ao, a ile a kgetha ho se mamele Modimo yaba a theohela lefatsheng. Ka lebaka leo, lefatshe le ile la ‘tlala pefo kapa dintwa.’—Genese 6:2-5, 11; Juda 6.

Bibele e bontsha hore mangeloi ao a kgopo a ile a susumetsa batho hore ba se ke ba mamela Modimo. (Tšenolo 12:9) A ile a boela a etsa hore batho ba tshwenyehe le ho feta ka bokamoso.—1 Samuele 28:5, 7; 1 Timothea 4:1.

Kennete hore mademona a bonahala eka a thusa batho. (2 Bakorinthe 11:14) Empa a etsa seo feela ho ba sitisa hore ba se ke ba tseba nnete ka Modimo.—2 Bakorinthe 4:4.

Ka hona, Bibele e ruta hore boithabiso bo nang le bodemona bo fosahetse. Ha barutuwa ba Jesu ba rutwa nnete, ‘ba bangata ba neng ba sebedisa tsebo ya boselamose ba ile ba bokella dibuka tsa bona mme ba di tjhesa’, le hoja di ne di tura.—Liketso 19:19

“Kaha batjha ba bangata ba banana ba rata dimuvi, dibuka le mananeo a TV a hlahisang banana ba batle ba sebedisang bodemona, seo se etsa hore ba dumele bodemoneng.” —Gallup Youth Survey, 2014]

Ka tsela e tshwanang, batho ba bangata kajeno ba lahla ntho leha e le efe e amanang le boithabiso bo nang le bodemona. Ka mohlala, ha ngwanana e mong ya bitswang Maria * a le dilemo tse 12 feela, o ne a se a kgona ho lepa dintho tse ka nnang tsa etsahala le dikotsi tse itseng esale pele. O ne a balla bana bao a kenang sekolo le bona dikarete tse bontshang bokamoso. Kaha dintho tseo a neng a di lepa di ne di feela di etsahala, o ile a rata ntho ena le ho feta.

Maria o ne a nahana hore ke Modimo ya mo fileng neo eo, e le hore a ka thusa batho. Empa o re: “Ke ne ke makatswa ke hore, ho ne ho eba bonolo feela ho lepa bokamoso ba batho ba bang. Empa ha ele baka bona, ke ne ke sa kgone ho bo lepa.”

Maria o ne a dula a ipotsa dintho di hana ho fela, kahoo o ile a rapela Modimo. Hamorao o ile a ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova. Ha a ntse a ithuta o ile a hlokomela hore ha se Modimo ya mo fang matla a ho lepa bokamoso. O ile a boela a ithuta hore mang kapa mang ya batlang ho ba motswalle wa Modimo, o lokela ho lahla ntho leha e le efe e amanang le bodemona. (1 Bakorinthe 10:21) Maria o ile a fela e etsa seo. O ile a lahla dikarete le dibuka tseo a neng a di sebedisa. Hona jwale o ruta batho nnete eo a ithutileng yona ka Bibeleng.

Ha Michael e sa le motjha, o ne a rata ho bala dibuka tse buang ka batho ba nang le bodemona. O re: “Ke ne ke rata ho bala ka batjha ba lekanang le nna ba ratang boithabiso bo nang le bodemona.” O ile a qetella a se a bala haholo ka mejiki le dintho tse ding tsa bodemona. Michael o tswela pele ka hore: “Kaha jwale ke ne ke batla ho tseba haholo ka dintho tsena ke ile ka bala dibuka mme ka shebella dimuvi tse nang le bodemona.”

Kamora hore Michael a ithute Bibele o ile a hlokomela hore o lokela ho tlohela ho bala dibuka tse buang ka bodemona. O re: “Ke ile ka lahla ntho e nngwe le e nngwe e amanang le bodemona.” O tswela pele ka hore: “Ke ile ka ithuta ntho ya bohlokwa. Lengolo la 1 Bakorinthe 10:31, le re: ‘Le etse dintho tsohle bakeng sa thoriso ya Molimo.’ Kahoo, pele ke bala ntho hona jwale ke se ke ipotsa hore, ‘Na ntho eo ke e balang e tlisa thoriso lebitsong la Modimo?’ mme haeba karabo e le tjhe, ke e tlohela ka ho panya ha leihlo.”

Bibele e tshwana le lebone. Ke yona feela e kgonang ho hlalosa ka tsela e nepahetseng hore na ho bodemona keng. (Pesaleme ya 119:105) E boetse e re tshepisa hore haufinyane re tla phela lefatsheng le se nang mademona. Ka mohlala, Lengolo la Pesaleme ya 37:10, 11 le re: “Ho setse nakwana e seng kae, mme ya kgopo ha a sa tla hlola a eba teng; ka sebele o tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, mme o tla be a le siyo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatshe, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng kgotsong e ngata.”

^ par. 10 Mabitso a sehloohong sena a fetotswe.