Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DULANG LE LEBETSE!

Baphaphathehi ba Bangata ba a Baleha Ukraine

Baphaphathehi ba Bangata ba a Baleha Ukraine

 Ka la 24 February 2022 masole a Russia a ile a hlasela naha ya Ukraine e leng se ileng sa baka mathata a entseng hore batho ba bangata ba be kotsing mme ba leke ho baleha naheng eo kapele. a

 “Dibomo di ne di phatloha. Ho ne ho tshosa hoo re sa kgoneng le ho hlalosa. Re ile ra utlwa hore ho na le diterene tse balehisang batho, ka hoo re ile ra etsa qeto ya hore re tsamaye. Re ile ra siya ntho e nngwe le e nngwe hobane motho ka mong o ne a lokela ho nka mokotla o monyenyane. Re ile ra nka ditokomane, meriana, metsi le dijo tse bobebe. Re ile ra siya dintho tse ding tsohle ra ya seteisheneng sa terene ha dibomo di ntse di phatloha.”​—Nataliia ya dulang Kharkiv, Ukraine.

 “Re ne re nahana hore ho ke ke ha eba le ntwa ho fihlela e eba teng. Ke ile ka utlwa dibomo di phatloha karolong e nngwe ya motse mme difensetere di sisinyeha. Ke ile ka etsa qeto ya hore ke tsamaye mme ka nka feela dintho tseo ke neng ke di hloka. Ke ile ka tloha lapeng ka hora ya borobedi hoseng mme ka palama terene e yang Lviv yaba ke palama bese e yang Poland.”​—Nadija ya dulang Kharkiv, Ukraine.

Sehloohong sena

 Ke eng e bakileng bothata boo?

 Bothata ba baphaphathehi ba Ukraine bo qadile ha masole a Russia a hlasela naha eo. Le ha ho le jwalo, Bibele e bontsha mabaka a mang a bohlokwa a entseng hore ho be le bothata bona:

  •   Mebuso lefatsheng lohle e hlolehile ho fa batho dintho tseo ba di hlokang. Hangata mebuso e sebedisa matla a yona ho hatella batho.​—Moeklesia 4:1; 8:9.

  •   Satane Diabolose e leng “mmusi wa lefatshe” lena o susumetsa batho hore ba etse dintho tse kgopo hoo Bibeleng e reng “lefatshe lohle le rapaletse matleng a ya kgopo.”​—Johanne 14:30; 1 Johanne 5:19.

  •   Ntle le mathata a mangata ao batho ba bileng le ona ka dilemo tse ngata, hona jwale re phela nakong eo Bibele e reng ka yona: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le dinako tse mahlonoko.” (2 Timothea 3:1) Bibele e boetse e re matsatsi ao a ne a tla bonahala ka dintwa, dikoduwa tsa tlhaho, kgaello ya dijo le mafu a sewa e leng dintho tse ka etsang hore batho ba balehe malapeng a bona.​—Luka 21:10, 11.

 Ke eng e ka thusang baphaphathehi hore ba be le tshepo?

 Bibele e bontsha hore Mmopi wa rona e leng Jehova b Modimo o rata le ho qenehela baphaphathehi le batho ba ileng ba tlameha ho tloha malapeng a bona. (Deuteronoma 10:18) O tshepisa hore o tla fedisa mathata a baphaphathehi ka mmuso wa hae o lehodimong o bitswang Mmuso wa Modimo, o tla nkela mebuso ya batho sebaka. (Daniele 2:44; Matheu 6:10) Jehova o tla sebedisa Mmuso wa hae ho fedisa Satane Diabolose. (Baroma 16:20) Mmuso oo o tla busa lefatshe lohle mme o fedise dikarohano tse bakilweng ke meedi ya dinaha. Batho bohle e tla ba lelapa le le leng. Ha ho sa tla ba le motho ya tla lokela hore a tlohe lelapeng la hae hobane Bibele e tshepisa hore motho “e mong le e mong o tla dula tlasa sefate sa hae sa morara le tlasa sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha eba le ya etsang hore ba thothomele; ka ha molomo wa Jehova wa mabotho o boletse.”​—Mikea 4:4.

 Ke Mmuso wa Modimo feela o ka rarollang bothata ba hore ho be le baphaphathehi. Jehova o tla sebedisa Mmuso wa hae ho fedisa mathata a qobellang batho hore e be baphaphathehi. Nahana ka mehlala ena:

 Na Bibele e ka thusa baphaphathehi mehleng ee?

 Ho jwalo. Bibele e ka thusa baphaphathehi ka mathata ao ba nang le ona hona jwale le ho ba fa tshepo ka bokamoso.

 Molaomotheo wa Bibele: “Mang kapa mang ya se nang phihlelo o beha tumelo lentsweng le leng le le leng, empa ya masene o nahana ka mehato ya hae.”​—Liproverbia 14:15.

 Tlhaloso: Nahana ka dikotsi tse ka o hlahelang le hore na o tla itshireletsa jwang. Hlokomela dinokwane tse ka lekang ho nka monyetla ka baphaphathehi ba sa tswa fihla sebakeng seo, ba ikutlwang ba tshohile ebile ba sa tsebe dintho tse ngata.

 Molaomotheo wa Bibele: “Ha re ena le dintho tsa ho iphedisa le diaparo le tshireletso, re tla di kgotsofalla.”​—1 Timothea 6:8.

 Tlhaloso: Qoba ho nahana haholo ka dintho tseo o se nang tsona. Ha o ena le dintho tseo o di hlokang o tla thaba.

 Molaomotheo wa Bibele: “Dintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lona ka ho tshwanang le ba etse tsona.”​—Matheu 7:12.

 Tlhaloso: Eba le mamello mme o be mosa. Haeba o na le makgabane ana batho ba sebakeng se setjha seo o dulang ho sona ba tla o hlompha ba be ba o amohele.

 Molaomotheo wa Bibele: “Ho se ke ha eba le eo le busetsang bobe ka bobe ho yena.”​—Baroma 12:17.

 Tlhaloso: O se ke wa halefa le ho iphetetsa ha batho ba bang ba o tshwara hampe. Ho etsa jwalo ho tla etsa hore dintho di be mpe le ho feta.

 Molaomotheo wa Bibele: “Bakeng sa dintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ya mphang bonatla.”​—Bafilipi 4:13.

 Tlhaloso: Etsa hore Modimo a tle pele bophelong ba hao mme o mo rapele. A ka o fa matla ao o a hlokang hore o mamelle.

 Molaomotheo wa Bibele: “Le se ke la tshwenyeha ka letho, empa nthong e nngwe le e nngwe ka thapelo le thapedi ha mmoho le diteboho dikopo tsa lona tse matla di ke di tsebiswe Modimo; mme kgotso ya Modimo e fetang monahano wohle e tla lebela dipelo tsa lona le matla a lona a kelello.”​—Bafilipi 4:6, 7.

 Tlhaloso: Kopa Modimo a o fe kgotso ya kelello boemong bofe kapa bofe bo ka o hlahelang. Sheba sehlooho se reng “Bafilipi 4:6, 7​—‘Le se ke la Tshwenyeha ka Letho.’

a Letsatsi ka mora hore Russia e hlasele, Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng o sebetsanang le ditaba tse amanang le batho ba balehileng dinaheng tsa habo bona o ile wa re boemo bona bo ne bo le bobe ho feta maemo ohle a kileng a eba teng. Ka matsatsi a 12 feela baphaphathehi ba fetang dimilione tse pedi ba ile ba baleha Ukraine ba ya dinaheng tse ding mme ba milione ba ile ba tloha malapeng a bona mme ba ya dibakeng tse ding hona Ukraine.

b Jehova ke lebitso la Modimo. (Pesaleme ya 83:18) Sheba sehlooho se reng “Jehova ke Mang?