Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Keng e ka Thusang Batho ba Hlekefetswang ka Malapeng?

Keng e ka Thusang Batho ba Hlekefetswang ka Malapeng?

 World Health Organization e re: “Lefatsheng lohle batho ba hlekefetsa basadi mme sena se atile jwalo ka lefu la sewa. Ka hoo ke ha bohlokwa ho etsa ho hong ho thibela sena.” Mokgatlo oo o nahana hore hoo e ka bang 30% ya “basadi ba lenyalong ba hlekefetswa ka ho otlwa kapa ka thobalano” ke balekane ba bona. Tlaleho ya UN yona e nahana hore ka selemo basadi ba 137 lefatsheng lohle ba bolawa ke balekane ba bona, bahlankana ba bona kapa e mong wa lelapa. a

 Dipalopalo di bontsha ka moo tlhekefetso ya basadi e atileng ka teng empa ha di re bolelle letho ka bohloko boo batho ba hlekefetswang ba bo utlwang maikutlong le mmeleng.

 Na le wena o e mong wa batho ba hlekefetswang? Kapa na ho na le motho eo o mo tsebang ya hlekefetswang? Haeba ho jwalo, nahana ka dintlha tse latelang tse ka Bibeleng tse ka o thusang.

  Ha se phoso ya hao hore e be wa hlekefetswa

  O ka fumana thuso

  Ha o mong

  Tlhekefetso ka lapeng e tla fela

  O ka thusa motho ya hlekefetswang jwang

 Ha se phoso ya hao hore e be wa hlekefetswa

 Seo Bibele e se buang: “E mong le e mong wa rona o tla ikarabella ho Modimo.”​—Baroma 14:12.

 Hopola sena: Motho ya o hlekefetsang o tla ikarabella diketsong tsa hae.

 Haeba motho ya o hlekefetsang a re ke wena ya etsang hore a o hlekefetse o fositse. Basadi ba lokela ho ratwa e seng ba hlekefetswe.​—Bakolose 3:19.

 Ka dinako tse ding motho ya hlekefetsang molekane wa hae ho ka etsahala hore o na le bothata ba kelello, o nwa ho tlola kapa o holetse lelapeng leo ho neng ho na le motho ya neng a hlekefetsa ba bang. Ho ntse ho le jwalo, o tla ikarabella ho Modimo ka tsela eo a o tshwarang ka yona ebile ke boikarabelo ba hae ho etsa sohle seo a ka se kgonang ho fetola diketso tsa hae.

 O ka fumana thuso

 Seo Bibele e se buang: “Ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyellwang.”​—Liproverbia 15:22.

 Hopola sena: Haeba o utlwa o sa sireletseha mme o sa tsebe seo o ka se etsang batho ba bang ba ka o thusa.

 Ke hobaneng ha o ka hloka thuso ho tswa ho ba bang? Hobane ho na le dintho tse ngata tseo o ka nahanang ka tsona. Ho ka ba boima hore o kgethe seo o lokelang ho se etsa hobane o sa tsebe hore na ke ntho e fe ho tse latelang e leng ya bohlokwa haholo:

  •   Ho sireletseha ha hao

  •   Se molemo bakeng sa bana ba hao

  •   Maemo a hao a ditjhelete

  •   Lerato leo o ratang molekane wa hao ka lona

  •   O ka nna wa batla ho ba ha mmoho le molekane wa hao haeba a ka fetola diketso tsa hae

 Ho tlwaelehile hore o iphumane o sa tsebe seo o lokelang ho se etsa mme o utlwe e ka boemo ba hao bo thata. Ke mang ya ka o thusang?

 Motswalle kapa e mong wa lelapa a ka kgona ho o thusa ka dintho tseo o di hlokang le ho tshehetsa. Ho bua le motho ya o kgathallang ho ka o thusa haholo.

 Ho ba le dinomoro tsa batho ba fanang ka thuso bakeng sa batho ba hlekefetswang ho ka o thusa hore o fumane thuso ya ka pele. Batho ba sebetsang moo ba ka o thusa hore o tsebe seo o ka se etsang e le hore o itshireletse. Haeba molekane wa hao a hlokomela bothata ba hae mme a batla ho fetoha, ba ka mo thusa ho etsa seo.

 Batho ba ka o thusang hao hlaha boemo ba tshohanyetso ba ka kgona ho o thusa hanghang. Batho bana ba akarelletsa dingaka, manese le batho ba kwetliseditsweng ho thusa batho.

 Ha o mong

 Seo Bibele e se buang: “Jehova b o haufi le ba dipelo di robehileng; o pholosa ba sithabetseng moyeng.”​—Pesaleme ya 34:18.

 Hopola sena: Modimo o tshepisa hore o tla o thusa.

 Jehova oo tsotella haholo. (1 Petrose 5:7) O utlwisisa ka moo o nahanang le ho ikutlwa ka teng. A ka kgona ho o tshedisa a sebedisa Lentswe la Hae e leng Bibele mme o batla hore o mo rapele. Ha o rapela o ka kopa hore a o fe bohlale le matla ao o a hlokang e le hore o sebetsane le boemo ba hao.​—Esaia 41:10.

 Tlhekefetso ka lapeng e tla fela

 Seo Bibele e se buang: “Ka sebele e mong le e mong o tla dula tlasa sefate sa hae sa morara le tlasa sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e ba le ya etsang hore ba thothomele.”​—Mikea 4:4.

 Hopola sena: Bibele e tshepisa nako eo ka yona lelapa e tla ba sebaka se sireletsehileng bakeng sa motho e mong le e mong.

 Jehova Modimo ke yena feela ya nang le tharollo ya ka ho sa feleng bakeng sa mathata ohle a rona. Bibele e tshepisa hore “O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e ba teng, mme ho siama [maswabi] kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di e ba teng.” (Tšenolo 21:4) Ka nako eo ha re sa tla hlola re e ba le menahano e mebe kaha e tla be e tlositswe ke e metle. (Esaia 65:17) Bona ke bokamoso bo nang le kgotso boo Bibele eo tshepisang bona.

a Sehlooho sena se bua ka basadi e le bona ba hlekefetswang empa bongata ba dintlha tseo ho buuwang ka tsona di a sebetsa le ho banna ba hlekefetswang.

b Jehova ke lebitso la Modimo le hlahang ka Bibeleng.