Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Justin Paget/​Stone via Getty Images

O ka Thuswa Keng ha o Jewa ke Bodutu?

O ka Thuswa Keng ha o Jewa ke Bodutu?
  •   Buka ya Our Epidemic of Loneliness and Isolation: The U.S. Surgeon General’s Advisory on the Heading Effects of Social Connection and Community ya 2023 e re: “Hoo e ka bang halofo ya batho ba dulang Amerika ba re ba jewa ke bodutu mme boholo ba bona ke batjha ba dilemo di 18 ho ya ho 25.”

  •   Ka la 15 November 2023, mokgatlo wa World Health Organization o ile wa phatlalatsa hore o kgethile sehlopha sa batho hore ba sebetsane le bothata bona bo jeleng setsi ba ho jewa ke bodutu. Batho bana ba lokela ho kgothaletsa batho dinaheng tsohle hore ba ikemisetse ho etsa metswalle le ho batla ditsela tse ngata tse molemo tsa ho sebetsana le bothata bona ba ho jewa ke bodutu le haeba ba le dinaheng tse futsanehileng.

 Bibele e fana ka dikeletso tse molemo tse ka re thusang ho sebedisana le batho ba bang.

Melaomotheo ya Bibele e ka re thusang

 Qoba ho etsa dintho tse ngata tse ka o suthisetsang hole le batho ba bang. Ka mohlala, o se ke wa qeta nako e ngata haholo metjheng ya puisano. Ho ena le hoo, qeta nako o ena le batho ba bang e le hore o etse metswalle ya nnete.

  •   Molaomotheo wa Bibele: “Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle mme ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.”​—Diproverbia 17:17.

 Batla menyetla ya ho thusa batho ba bang. Ha re etsetsa batho ba bang dintho tse molemo ba tla re rata haholwanyane ebile re tla thaba haholwanyane.

  •   Molaomotheo wa Bibele: “Ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuwa.”​—Diketso 20:35.

 Batla dikeletso tse ding tse tswang Bibeleng tse ka o thusang ho etsa metswalle e molemo websaeteng ena.