Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Anton Petrus/Moment via Getty Images

DULANG LE FADIMEHILE!

Na ho Tla ba le Ntwa ya Lefatshe Haufinyane?—Bibele e Reng?

Na ho Tla ba le Ntwa ya Lefatshe Haufinyane?—Bibele e Reng?

 Dilemong tse 30 tse fetileng, batho ba bangata ba ne ba utlwa eka dintho di tsitsitse le hore ho na le kgotso pakeng tsa dinaha tse fapaneng empa hona jwale ha ba sa kgodisehile ka seo ka lebaka la diketsahalo tsa morao tjena.

  •   Ka la 6 January, 2024, Reuters e ile ya tlaleha tjena: “Batho ba bangata ba tshwenyehile hore ntwa ya Gaza e tla ama dinaha tse ding tse haufi ka ha Iseraele e se e ntse e nkgisetsana mahafi le Hezbollah ledibohong la Lebanone.”

  •   Ka la 7 January 2024, The New York Times e ile ya tlaleha tjena: “Dihlopha tse laolwang ke Iran di se di ntse di hlasela dibaka tse ding ebile Iran e boetse e qaleletse ho etsa dibetsa tsa ntwa tsa nuclear. Dinaha tse ka Bophirimela di kotsing hobane Iran e se e ikopantse le Russia le China.”

  •   Ka la 11 January 2024, UN News e ile ya tlaleha tjena: “Ditlhaselo tsa Russia di ntse di tswela pele ho baka tshenyo e tshabehang Ukraine.”

  •   Ka la 9 January 2024, The Japan Times e ile ya tlaleha tjena: “Ho hola moruong wa China le ho eketseha ha sesole sa teng, ho ikgantsha ha baahi ba Taiwan ka naha ya bona le ho hloka kgotso ho pakeng tsa Beijing le Washington ho ka nna ha baka ntwa.”

 Na Bibele e bua ka ho hloka botsitso hoo re ho bonang lefatsheng ka bophara? Na ho hloka botsitso hoo ho tla baka ntwa ya lefatshe?

Bibele e ile ya bua ka diketsahalo tseo re di bonang hona jwale

 Bibele ha e ya bua ka ho toba ka dintwa tseo re di bonang. Le ha ho le jwalo, e ile ya bua ka dintwa tse sa laoleheng tse tla ‘tlosa kgotso lefatsheng.’​—⁠Tshenolo 6:⁠4.

 Buka ya Daniele e ile ya bolela esale pele hore “mehleng ya bofelo” mebuso ya lefatshe e tla “sututsana” e tseka matla. Dinaha tsena di tla sebedisa tjhelete e ngata di be di bontshe hore di na le sesole se matla tsekisanong ena.​—⁠Daniele 11:​40, 42, 43.

Ntwa e kgolo e ya tla

 Bibele e bontsha hore boemo ba lefatshe bo tla mpefala pele bo ntlafala. Jesu o ile a bolela esale pele hore “ho tla ba le mahlomola a maholo. A kang wona ha a eso be teng ho tloha ha lefatshe le thehwa.” (Matheu 24:​21) ‘Mahlomola ao a maholo’ a tla lelekella ntwa e bitswang Armagedone, e hlaloswang e le “ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo ya Matla ohle.”​—⁠Tshenolo 16:​14, 16.

 Armagedone ha e na fedisa moloko wa batho empa e tla o pholosa. A sebedisa ntwa ena, Modimo o tla fedisa mebuso ya batho e bakileng dintwa tse ngata. Ho ithuta ho eketsehileng ka hore na ka mora Armagedone ho tla ba le kgotso e sa feleng jwang, bala dihlooho tse latelang: