Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e ka re Thusa ho Hlompha Maikutlo a Batho ba Bang

Bibele e ka re Thusa ho Hlompha Maikutlo a Batho ba Bang

 Ka 1995 sehlooho se hlahang websaeteng ya UNESCO se reng Declaration of Principles on Tolerance, se ile sa re: “Batho ba lokela ho hlompha maikutlo a batho ba bang e le hore ho be le kgotso lefatsheng.”

 Ka lehlakoreng le leng, ho se hlomphe maikutlo a batho ba bang ho ka fella ka ho hloyana le ho se hlomphane. Ha batho ba ba le maikutlo a jwalo, ha ba tshware batho ba bang hantle, ba ka bua batho ba bang hampe le ho ba lwantsha.

 Batho ba bangata ha ba utlwisisi hore na ho hlompha maikutlo a batho ba bang ho akareletsang. Ba bang ba dumela hore motho ya hlomphang maikutlo a batho ba bang o lokela ho dumela ntho e nngwe le e nngwe eo ba bang ba e etsang. Le ha ho le jwalo, ba bang ba dumellana le se tshehetswang ke Bibele ho re ha o hlompha maikutlo a batho ba bang seo ha se bolele hore o lokela ho dumellana le ntho e nngwe le e nngwe eo ba e etsang.

 Na Bibele e ka thusa batho hore ba hlomphe maikutlo a batho ba bang matsatsing aa ao re phelang ho ona?

Bibele e reng ka ho hlompha maikutlo a batho ba bang?

 Bibele e kgothaletsa batho hore ba hlomphe maikutlo a ba bang. E re: “Batho bohle ba ke ba bone hore ha le batho ba tsitlellang maikutlong a lona.” (Bafilipi 4:⁠5) E boetse e re kgothaletsa hore re nahanele le ho se kgetholle ba bang. Batho ba sebedisang keletso ena ba a utlwisisa hore batho bohle ba na le tokelo ya ho ikgethela hore na ba phele jwang empa seo ha se bolele hore ba dumellana le tsela eo batho ba bang ba phelang ka yona.

 Le ha ho le jwalo Bibele e a bontsha hore hona le tsela eo Modimo a lebeletseng hore re itshware ka yona. E re: “Wena motho, Modimo o o boleletse se molemo.” (Mikea 6:⁠8) E fana ka tataiso e tswang ho Modimo e thusang batho hore ba thabele bophelo.​—⁠Esaia 48:​17, 18.

 Modimo ha a re dumella hore re ahlole ba bang. Ho ya ka Bibele, “ke Modimo feela ya fanang ka molao le ya ahlolang . . . Jwale wena o mang hore o ahlole moahisani wa hao?” (Jakobo 4:​12) Modimo o re file bolokolohi ba ho ikgethela ebile o nka re ikarabella ka diqeto tsa rona.​—⁠Deuteronoma 30:⁠19.

Bibele e reng ka ho hlompha ba bang?

 Bibele e re: “Hlomphang batho bohle.” (1 Petrose 2:​17, Bibele e Halalelang) Ka hoo bohle ba kgethang ho phela ka melao ya Bibele ba hlompha batho bohle ho sa tsotellehe hore na ba dumela eng kapa hore na ba kgetha ho phela bophelo ba bona jwang. (Luka 6:​31) Sena ha se bolele hore batho ba mamelang Bibele ba tla dumela ntho e nngwe le e nngwe eo batho ba bang ba e dumelang, ba tla dumellana le maikutlo a bona kapa ba tshehetse diqeto tsohle tseo ba di etsang. Ho ena le hoo ba na le mekgwa e metle ebile ba leka ka hohle ka moo ba ka kgonang ho etsisa tsela eo Jesu a neng a tshwara batho ba bang ka yona.

 Ka mohlala, Jesu o kile a kopana le mosadi ya neng a le bodumeding boo a sa dumellaneng le bona. Mosadi enwa o ne a dula le monna eo e seng wa hae. Bona e ne e le bophelo boo Jesu a sa dumellaneng le bona. Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a bua le yena ka tlhompho.​—⁠Johanne 4:​9, 17-⁠24.

 Bakreste ba etsisa Jesu ka hore ba thabela ho hlalosetsa batho ba bang seo ba se dumelang. Ba etsa jwalo “ka tlhompho” ho batho ba ikemiseditseng ho ba mamela. (1 Petrose 3:​15) Bibele e ruta Bakreste hore ba se ke ba qobella ba bang hore ba dumele seo ba se dumelang. E re molatedi wa Kreste “ha a lokela ho lwana empa o lokela ho ba bonolo ho bohle,” ho akareletsa le ba sa dumeleng dintho tseo a di dumelang.​—⁠2 Timothea 2:⁠24.

Bibele e reng ka lehloyo?

 Bibele e re: “Lwanelang hore le be le kgotso le batho ba bang.” (Baheberu 12:​14) Motho ya lwanelang ho ba le kgotso, ha a rate lehloyo. Le hoja a sa etse dintho tse kgahlanong le seo a se dumelang, o leka ka hohle ka moo a ka kgonang ho phela le batho bohle ka kgotso. (Matheu 5:⁠9) Ha e le hantle, Bibele e kgothaletsa Bakreste ho rata dira tsa bona le ho ba mosa ho ba ba tshwarang hampe.​—⁠Matheu 5:⁠44.

 Bibele e re Modimo o ‘hloile’ kapa o ‘nyonya’ dintho tseo batho ba di etsang ho utlwisa batho ba bang bohloko. (Diproverbia 6:​16-19) Empa mona e sebedisitse lentswe ho “hloya” ho hlalosa boikutlo bo matla ba ho se rate diketso tse mpe. Bibele e bontsha hore Modimo o ikemiseditse ho thusa le ho tshwarela batho ba batlang ho fetoha e le hore ba phele ka melao ya hae.​—⁠Esaia 55:⁠7.

Ditemana tsa Bibele tse buang ka ho hlompha maikutlo a batho ba bang

 Tite 3:⁠2: ‘Le se ke la tsitlella maikutlo a lona, le be bonolo ho batho bohle.’

 Motho ya sa tsitlelleng maikutlo a hae o bonolo ebile o hlompha maikutlo a batho ba bang.

 Matheu 7:​12: “Ka hona, dintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona.”

 Kaofela re thabela ha batho ba bang ba re hlompha ebile ba ananela maikutlo a rona. E le ho ithuta ka ho eketsehileng ka hore na re ka sebedisa molaomotheo o tsebahalang o ileng wa rutwa ke Jesu jwang, bala sehlooho se reng: What Is the Golden Rule?

 Joshua 24:​15: “Le ikgethele kajeno eo le tla mo sebeletsa.”

 Re tla be re boloka kgotso, ha re hlompha bolokolohi boo ba bang ba nang le bona ba ho ikgethela.

 Diketso 10:​34: “Modimo ha a leeme.”

 Modimo ha a kgetholle batho ba bang ho latela setso, morabe, bochaba kapa bong ba bona. Ba batlang ho etsisa Modimo ba hlompha motho e mong le e mong.

 Habakuke 1:​12, 13: “[Modimo ha a] kgone ho mamella bokgopo.”

 Mamello ya Modimo e a fela. A ke ke a dumella batho ho etsa bokgopo ka ho sa feleng. E le ho ithuta ka ho eketsehileng, shebella video e nang le sehlooho se reng Ke Hobaneng ha Modimo a Dumella Mathata?

 Baroma 12:​19: “Le dumelle Modimo hore a bontshe kgalefo ya hae. Mangolo a re: ‘Jehova o re: “Phetetso ke ya ka, ke tla fana ka kotlo.” a

 Jehova Modimo ha a fa mang kapa mang tokelo ya ho iphetetsa. O tla etsa bonnete ba hore toka e phethahatswa ka nako eo a e behileng. E le ho ithuta ka ho eketsehileng, bala sehlooho se reng: Will the Cry for Justice Be Heard?

a Jehova ke lebitso la Modimo. (Pesaleme ya 83:​18) Bala sehlooho se reng: “Jehova ke Mang?