Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e ka o Thusa Hore o se ke wa Hlora

Bibele e ka o Thusa Hore o se ke wa Hlora

 Ka 2023, ditsebi tsa bophelo botle di ile tsa hlokomela hore ho hlora ke bothata bo boholo bo hlokang ho emelwa ka maoto. Na ho na le tharollo?

  •   Dr. Vivek Murthy o re: “Ho hlora le ho ikarola ho batho bang ho ka re kudisa.” O boetse o re: “Na ho na le seo re ka se etsang? Re ka sebetsa ka thata letsatsi le leng le le leng hore re matlafatse setswalle le batho ba haufi le rona.” a

 Ka dinako tse ding motho a ka hlora a ntse a ena le batho ba bang. Le ha ho le jwalo, Bibele e ka re thusa ho sa tsotellehe hore na keng e etsang hore re hlore. E na le dikeletso tse molemo tse ka re thusang hore re matlafatse setswalle sa rona le ba haufi le rona le ho hlola ho hlora.

Melaomotheo ya Bibele e ka re thusang

 Buisana le batho ba bang. Bolella batho ba bang hore na o ikutlwa jwang empa le wena o ba mamele ha ba hloka ho ntsha maikutlo a bona. Ha o ipha nako ya ho mamela batho ba bang o tla ba le metswalle ya nnete.

  •   Molaomotheo wa Bibele: “Le se ke la ameha feela ka dintho tse le tswelang molemo empa le amehe le ka dintho tse tla tswela batho ba bang molemo.”​—Bafilipi 2:4.

 Etsa setswalle le batho ba fapaneng. Leka ho etsa metswalle le batho ba baholo, ba banyenyane ho wena le ba tswang merabeng e meng.

 Ho fumana dintlha tse eketsehileng tsa hore na o ka etsang ha o hlorile, bala sehlooho se reng “Ho Ikhotsofatsa Tabeng ea ho Batla Botsoalle.”

a Our Epidemic of Loneliness and Isolation: The U.S. Surgeon General’s Advisory on the Healing Effects of Social Connection and Community, 2023.