Feta

NA E ENTSWE?

Maoto a Kokonyana e Bitswang Carpenter a Hlwekisang Ditsebe Tsa Yona

Maoto a Kokonyana e Bitswang Carpenter a Hlwekisang Ditsebe Tsa Yona

Bohlweki bo thusa kokonyana ena hore e fofe, e hlwelle ntho e itseng kapa e fofonele dintho tse e pota potileng. Ka mohlala, haeba ditsebe tsa kokonyana ena di sa hlweka, ha e kgone ho tseba moo e yang teng, ho buisana le tse ding le ho fofonela dintho tse pela yona. Setsebi se seng sa diphoofolo e leng Alexander Hackmann se re: “O ke ke wa fumana kokonyana e ditshila, dikokonyana tsena di tseba ho itlhwekisa.”

Nahana ka sena: Hackmann le basebetsimmoho le yena ba ithutile hore na kokonyana ena e bitswang carpenter e hlwekisa ditsebe tsa yona jwang. Ba fumane hore kokonyana ena e kgona ho tlosa ditshila tse ditsebeng tsa yona e sebedisa maoto a yona. E na le boya bo hwashang maotong, ka hoo e sebedisa bona ho tlosa ditshila tse kgolo tse dutseng ditsebeng tsa teng. Brush bo entswe ka tsela e tshwanang le boya ba kokonyana ena, bo na le meno a bulehileng ka bophara bo botenya le meno a kopaneng haholo, jwale meno ana a kgona ho tlosa ditshila tse nyane le tse nyane ka ho fetisisa.

Shebella video e bontshang ha kokonyana e bitswang carpenter e hlwekisa ditsebe tsa yona

Hackmann le basebetsimmoho le yena ba dumela hore tsela eo kokonyana ena e itlhwekisang ka yona, e ka sebediswa le mesebetsing e meholo ya kgwebo. Ka mohlala, tsela eo kokonyana ena e itlhwekisang ka yona e ka sebediswa ha ho hlwekiswa disebediswa tsa elektronike ka hare, moo ditshila tse nyane di ka kenang teng.

Wena o nahanang ka taba ee? Na maoto a kokonyana ee a ikentse? Kapa na a entswe?