Feta

SE KA THUSANG LELAPAY

Buisana le Bana ka Jwala

Buisana le Bana ka Jwala

Alexander o re: “Lekgetlo la pele ha re ne re bua ka jwala le moradi wa rona ya dilemo di tsheletseng, re ile ra makatswa ke ho utlwa hore o tseba dintho tse ngata ka jwala ho feta ka moo re neng re nahanne ka teng.”

 Seo o lokelang ho se tseba

Ho bua le bana ka jwala ke ntho ya bohlokwa haholo. O se ke wa emela hore ngwana wa hao ebe motjha e be e le hona o buang le yena ka jwala. Ntate e mong ya dulang Russia e leng Khamit o re: “Ekare nkabe re ile ra bua le mora wa rona ka jwala ha a sale monyane. Ke ile ka utlwa bohloko, ka ha ke ile ka fumana hore mora wa ka o ne a se a ntse a nwa jwala a le dilemo di 13.”

Ke hobaneng ha sena se lokela ho o tshwenya?

  • Bana ba sekolo, metjha ya phatlalatso le Thelevishene di ka susumetsa tsela eo ngwana wa hao a ikutlwang ka yona ka jwala.

  • Ho ya ka buka ya U.S. Centers for Disease Control and Prevention, ho batho ba nwang jwala United States ba ka bang 11 ho ba 100 ke bana ba tlaase dilemong.

Ha ho makatse hore ebe ba tsa bophelo bo botle ba kgothalletsa batswadi hore ba rute bana ba bona ba sa le banyane ka dikotsi tsa jwala. O ka etsa seo jwang?

 Seo o ka se etsang

Nahana e sa le pele ka dipotso tseo ngwana wa hao a ka o botsang tsona. Bana ba banyane ba batla ho tseba dintho, jwale ha ba ntse ba hola ba batla ho di tseba le ho feta. Ke ka hoo e leng ha bohlokwa hore o tsebe hore na o tla ba araba jwang. Ka mohlala:

  • Haeba ngwana wa hao a batla ho tseba hore na jwala bo jwang, o ka nna wa re veine e tshwana le juse e bodila mme biri yona e a baba.

  • Haeba ngwana a batla ho utlwa hore na jwala bo jwang, o ka nna wa re bo matla haholo hore bana ba ka bo nwa. Mo bolelle dintho tseo jwala bo ka etsang hore motho a di etse: Bo etsa hore motho a ikutlwe a phutholohile, empa ha o bonwa bo le bongata bo etsa hore a ferekane, a itshware ka tsela e sa lokang a be a bue dintho tseo a tla ikwahlaela tsona ha morao.​—Liproverbia 23:29-35.

Ithute ka jwala. Bibele e re: “Ya masene o tla sebetsa ka tsebo.” (Liproverbia 13:16) Tseba ka ditlamorao tsa jwala le ka melao ya naha ya heno e mabapi le jwala. Sena se tla etsa hore o kgone ho thusa ngwana wa hao.

Ebe wena ya qadisang moqoqo. Ntate e mong ya dulang Britain e leng Mark o re: “Ho nwa jwala e ka ba ntho e ferekanyang bana haholo. Ke ile ka botsa mora wa ka ya dilemo di robedi hore na o nahana hore ho nwa jwala ho nepahetse kapa ho fosahetse. Ke ile ka leka ho etsa hore a phutholohe mme sena se ile sa mo thusa hore a mpolelle ka moo a ikutlwang ka teng.”

Ha o buisana le ngwana ka jwala ka makgetlo, sena se tla etsa hore a nahanisise ka taba ena haholo. Ho itshetlehile ka dilemo tsa ngwana, ha o ntse o bua le yena ka jwala mo rute le ka dintho tse ding tsa bophelo jwalo ka, ho sireletseha mmileng le ka thobalano.

Beha mohlala. Bana ba tshwana le sepontjhe, ba amohela dintho ho ya ka moo di etswang ka teng. Dipatlisiso di bontsha hore batswadi ke bona ba nang le tshusumetso e kgolo ho bana ba bona. Sena se bolela hore haeba o nwa jwala e le hore o lebale ka mathata, ngwana wa hao o tla nahana hore jwala ke bona tharollo ha motho a ena le mathata. Ka hoo, mo behele mohlala o motle. Etsa bonnete ba hore o nwa jwala ka tsela e nang le boikarabelo.

Bana ba hao ba tla ithuta mohlaleng wa hao hore ba nwe jwala jwang