Feta

Atlelase ya Bibele

Atlelase ya Bibele

“Bona Naha e Ntle” ke atlelase ya Bible e ka o thusang ha o ithuta Bibele. Hangata ho na le moo Bibele e buang ka dibaka, metse le dinaha. Buka ena e tla o thusa hore o bone hore na ditlaleho tse ka Bibeleng di etsahetse hokae le hore na dibaka tseo ho buuwang ka tsona ka Bibeleng di amme molaetsa wa yona jwang.

Buka ena ya “Bona Naha e Ntle” e na le dimmapa tse nang le mebala e fapafapaneng le ditjhate tse fapaneng tsa dintho tse hlahang ka Bibeleng. Buka ena e na le ditshwantsho, ditlhaloso le dintho tse ding tse ngata tse ka o thusang hore o thabele ho ithuta Bibele.

Atlelase ena ya Bibele e tla o thusa hore o

  • utlwisise maeto a Abrahama, Isaka le Jakobo

  • bone tsela eo Baiseraele ba tsamaileng ka yona ha ba tswa Egepeta ba ya Naheng e Tshepisitsweng

  • bone hore na Baiseraele ba ne ba le hokae ha ba bapiswa le moo dira tsa bona di neng di le teng

  • bone dibaka tseo Jesu a di tsamaileng ha a le tshebeletsong ya hae mona lefatsheng

  • bone boholo ba dibaka tseo mebuso eo ho buuweng ka yona ka Bibeleng e neng e di laola, ekang Babylona, Greece le Roma

O ka fumana atlelase ena ya Bibele inthaneteng ho Watchtower ONLINE LIBRARY.