Feta

Na Modimo o Entse Hore Dintho Tse Phelang di Iketse?

Na Modimo o Entse Hore Dintho Tse Phelang di Iketse?

Karabo ya Bibele

 Tjhe. Bibele e bontsha hore Modimo o bopile batho, “mefuta” e fapafapaneng ya diphoofolo le dimela. * (Genese 1:12, 21, 25, 27; Tšenolo 4:11) E re batho bohle ba tswa ho batswadi ba rona ba pele e leng Adama le Eva. (Genese 3:20; 4:1) Bibele ha e dumellane le taba ya hore Modimo o sebedisitse ho iphethola ha dintho hore dintho tse phelang di be le bophelo. Le ha ho le jwalo, Bibele ha e hanane le diphuputso tsa borasaense tse bontshang hore dintho tse phelang di mefutafuta.

 Na Modimo o entse hore dintho di iphetole?

 Batho ba dumelang hore Modimo o entse hore dintho di iphetole ba na le maikutlo a fapaneng ka hore na o entse seo jwang. Ho ya ka Encyclopædia Britannica, batho ba bang ba dumela hore ka ha dimela le diphoofolo tse kgonang ho mamella maemo a dibaka tseo di phelang ho tsona ke tsona tse kgonang ho phela le ho ata (Natural selection), seo ke bopaki ba hore Modimo o entse hore dintho di iphetole.

 Thuto ya hore Modimo o entse hore dintho di iphetole e akarelletsa mehopolo e latelang:

  •   Dintho tsohle tse phelang di tswa nthong e le nngwe e kileng ya ba teng kgale.

  •   Mofuta o mong wa ntho e phelang o ka iphetola wa mofuta o fapaneng ka ho felletseng.

  •   Ka tsela e itseng Modimo ke yena ya ikarabellang tabeng ya ho iphetola ha dintho.

 Na kgopolo ya hore dintho di iphetotse e dumellana le Bibele?

 Thuto ya hore Modimo o entse hore dintho di iphetole e fetisa mohopolo wa hore tlaleho ya Bibele e ho Genese ho na le moo e fosahetseng. Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a bua ka tlaleho e hlahang ho Genese ka tsela e bontshang hore histori ya yona e nepahetse. (Genese 1:26, 27; 2:18-24; Matheu 19:4-6) Bibele e re pele Jesu a tla lefatsheng, o ne a phela lehodimong le Modimo mme o ile a kenya letsoho ho thusa Modimo hore “dintho tsohle” di be teng. (Johanne 1:3) Ka hoo, thuto ya hore Modimo o entse hore dintho di iphetole e le hore dintho tse fapaneng di be le bophelo ha e dumellane le seo Bibele e se rutang.

 Na taba ya hore dimela le diphoofolo di kgona ho fetoha e le hore di kgone ho phela maemong a fapafapaneng e paka hore di ikentse?

 Bibele ha e hlalose hore na ho ka hlaha mefuta e mekae mofuteng o le mong. Hape ha e hanane le taba ya hore mefuta e fapaneng ya diphoofolo le dimela tse entsweng ke Modimo di ka fapana ha di ntse di ikatisa maemong a fapafapaneng di bile di fetoha e le hore di kgone ho phela sebakeng seo di leng ho sona. Le hoja ba bang ba nka hore ha diphoofolo le dimela di ikamahanya le tikoloho eo di phelang ho yona di a iphetola, ha e le hantle ha ho na mofuta o motjha o hlahang.

^ Hangata ha borasaense ba bona mofuta oo ba qalang ho o bona wa semela kapa phoofolo, ba re o iphetotse ho tswa ho o mong o seng o ntse o le teng. Le ha ho le jwalo, ba e be ba fumane mofuta o fapaneng wa semela kapa phoofolo e shebahalang jwalo ka eo ba e tsebang, jwalo ka ha Genese e bontsha hore ho na le mefuta e fapafapaneng ya dimela le diphoofolo.