Feta

Na Diabolose ke Motho wa Sebele?

Na Diabolose ke Motho wa Sebele?

Karabo ya Bibele

 E, Diabolose ke motho wa sebele. Ke “mmusi wa lefatshe,” sebopuwa sa moya se ileng sa ba kgopo mme sa fetohela Modimo. (Johanne 14:30; Baefese 6:11, 12) Bibele e bontsha botho ba Diabolose ka mabitso ana a mo hlalosang:

Ha se bobe bo ka hara motho kapa bokgopo

 Batho ba bang ba nahana hore Satane Diabolose empa e le bobe kapa bokgopo bo ka hare ho batho. Le ha ho le jwalo, Bibele e tlaleha puisano e ileng ya eba teng pakeng tsa Modimo le Satane. Modimo o phethahetse, kahoo, e ne e ke ke ya eba o ne a buisana le karolo e kgopo e ka hare ho yena. (Deuteronoma 32:4; Jobo 2:1-6) Ka tsela e tshwanang, Satane o ile a leka Jesu, ya se nang sebe. (Matheu 4:8-10; 1 Johanne 3:5) Kahoo, Bibele e ya bontsha hore Diabolose ke motho wa sebele, hase feela bokgopo bo ka ho motho.

 Na re lokela ho makatswa ke hore ebe batho ba bangata ha ba dumele hore Diabolose ke motho wa sebele? Tjhe, hobane Bibele e re Satane o sebedisa maqiti ho finyella merero ya hae. (2 Bathesalonika 2:9, 10) Le leng la maqiti a hae a ka sehloohong e bile ho etsa hore batho ba se ka ba tseba hore ke motho oa sebele.​—2 Bakorinthe 4:4.

Maikutlo a mang a fosahetseng ka Diabolose

Kgopolo taba: Lucifera ke lebitso le leng la Diabolose.

 Nnete: Lentswe la Seheberu leo Dibibeleng tse ding li fetoletsweng e le “Lucifera” le bolela “ya kganyang.” (Esaia 14:12) Ditemana tse ding di bontsha hore lentswe lena le bolela marena a Babylona, ao Modimo a neng a tla a tlotlolla ka lebaka la boikgohomoso. (Esaia 14:4, 13-20) Polelwana “ya kganyang” e ne e sebedisetswa ho phoqa marena a Babylona ka mora hore a dihuwe.

Kgopolo taba: Modimo o sebedisa Satane ho ahlola batho.

 Nnete: Diabolose ke sera sa Modimo, eseng mosebeletsi wa hae. Satane Diabolose o hanyetsa le ho qosa ka bohata batho ba sebeletsang Molimo.​—1 Petrose 5:8; Tšenolo 12:10.