Feta

“Dinotlolo Tsa Mmuso” Keng?

“Dinotlolo Tsa Mmuso” Keng?

Seo Bibele e se rutang

 “Dinotlolo tsa Mmuso,” tseo ka nako e nngwe ho thweng ke “dinotlolo tse isang mmusong,” di emela matla a ho dumella batho ho “kena Mmusong wa Modimo.” (Matheu 16:19; Liketso 14:22) * Jesu o file Petrose “dinotlolo tsa Mmuso wa mahodimo.” Sena se bolela hore Petrose o ile a fumana matla a ho tsebisa hore batho ba tshepahalang ba neng ba tla fumana moya o halalelang ba ne ba tla thabela tokelo ya ho kena Mmusong wa lehodimo.

Dinotlolo di ne di sebedisetswa bomang?

 Modimo o file Petrose tokelo ya ho bulela dihlopha tse tharo tsa batho ho kena Mmusong:

  1.   Bajuda le ba fetohileng Bajuda. Nakwana ka mora lefu la Jesu, Petrose o ile a kgothalletsa sehlopha sa Bajuda hore se amohele Jesu e le ya kgethilweng ke Modimo hore a buse Mmusong. Petrose o ile a ba bontsha seo ba lokelang ho se etsa e le hore ba pholohe. Ka ho etsa jwalo, o ile a ba bulela tsela ya hore ba kene Mmusong, mme ba dikete ba ile ba “amohela lentswe la hae.”​—Liketso 2:​38-​41.

  2.   Basamaria. Hamorao, Petrose o ile a ya ho Basamaria. * O ile a boela a sebedisa senotlolo sa Mmuso wa Modimo ha yena le moapostola Johanne ba ne “ba ba rapella hore ba fumane moya o halalelang.” (Liketso 8:​14-​17) Seo se ile sa bulela Basamaria tsela ya ho kena Mmusong.

  3.   Baditjhaba. Dilemo tse ka bang nne ka mora lefu la Jesu, Modimo o ile a senolela Petrose hore le Baditjhaba ba tla fumana monyetla wa ho kena Mmusong. Ho latela seo, Petrose o ile a sebedisa se seng sa dinotlolo ka ho pakela Baditjhaba, e le ha a ba bulela monyetla wa hore ba fumane moya o halalelang le ho kena Mmusong.​—Liketso 10:30-​35, 44, 45.

Ho “kena Mmusong” ho bolelang?

 Ba tla “kena Mmusong” ke ba tla busa le Jesu lehodimong. Bibele e ile ya bolela hore ba tla “dula diteroneng” mme “ba tla busa e le marena hodima lefatshe.”​—Luka 22:29, 30; Tšenolo 5:9, 10.

Kutlwisiso e fosahetseng ka dinotlolo tsa Mmuso

 Kutlwisiso e fosahetseng: Petrose ke yena ya etsang qeto ya hore ke mang ya kenang lehodimong.

 Seo e leng nnete: Bibele e re ke Kreste Jesu ya tla “ahlola ba phelang le bafu,” eseng Petrose. (2 Timothea 4:1, 8; Johanne 5:22) Ha e le hantle, Petrose o ile a bua hore Jesu “ke yena ya laetsweng ke Modimo hore e be moahlodi wa ba phelang le wa bafu.”​—Liketso 10:34, 42.

 Kutlwisiso e fosahetseng: Lehodimo le ile la emela Petrose hore a nke qeto ya hore na o tla sebedisa dinotlolo tsa Mmuso neng.

 Seo e leng nnete: Ha Jesu a ne a bua ka dinotlolo tsa Mmuso, o ile a re ho Petrose: “hohle hoo o tla ho tlama lefatsheng ho tla tlangwa mahodimong, le hohle hoo o tla ho lokolla lefatsheng ho tla lokollwa mahodimong.” (Matheu 16:19, Bibele ya Sesotho) Ba bang ka mora ho bala mantswe ana Dibibeleng tsa bona, ba ka nna ba nka hore Petrose o ne a etsetsa lehodimo diqeto, leetsi la Segerike le bontsha hore Petrose o ne a tla latela diqeto tse seng di entswe lehodimong, eseng hore lehodimo le ne le latela diqeto tsa hae.

 Bibele e boetse e bontsha hore Petrose o ne a tataiswa ke lehodimo ha a ne a sebedisa dinotlolo tsa Mmuso. Ka mohlala, o ile a latela taelo ya Modimo ha a ne a sebedisa senotlolo sa boraro.​—Liketso 10:19, 20.

^ Maemong a mang, Bibele e sebedisa lentswe “senotlolo” e le ho tshwantshetsa matla le boikarabelo.​—Esaia 22:20-​22; Tšenolo 3:​7, 8.

^ Basamaria ba ne ba e na le bodumedi bo fapaneng le ba Bajuda empa bo ne bo kopanyelletsa dithuto le meetlo e tswang Melaong ya Moshe.