Feta

Na Dipaki Tsa Jehova di Kopanela Borapedi le Madumedi a Mang?

Na Dipaki Tsa Jehova di Kopanela Borapedi le Madumedi a Mang?

 Re le Dipaki Tsa Jehova, re thabela ho buisana ka ditaba tsa bodumedi le batho ba madumedi a mang, empa ha re kopanele le bona borapeding le dinthong tseo ba di etsang. Bibele e bontsha hore Bakreste ba nnete ke ba “kopantsweng hammoho,” mme sena se etswa ke hore ba na le bo nngwe le tumellano ho seo ba se dumelang. (Baefese 4:16; 1 Bakorinthe 1:10; Bafilipi 2:2) Sena ha se bolele hore ba nka dintho tse kang lerato, kutlwelo bohloko le tshwarelo e le tsona feela dintho tsa bohlokwa. Tumelo ya rona e thehilwe tsebong e nepahetseng e tswang Bibeleng, ntle ho yona tumelo ya rona e ne e tla ba ya lefeela.​—Baroma 10:2, 3.

 Bibele e bapisa ho kopanela ditumelo ha batho ba sa tshwaneng jwalo ka ho kena jokong e sa lekaneng, e leng ntho e ka lematsang tumelo ya Mokreste. (2 Bakorinthe 6:14-17) Ke kahoo Jesu a sakang a dumella barutuwa ba hae hore ba kopanele tumelo le batho ba madumedi a mang. (Matheu 12:30; Johanne 14:6) Ka tsela e tshwanang, Molao oo Modimo a neng a o file Baisraele a sebedisa Moshe, le ona o ne o ba thibela hore ba seke ba kopanela tumelo le ditjhaba tse ding. (Exoda 34:11-14) Hamorao, Baiseraele ba tshepahalang ba ile ba hana ho amohela thuso ya bang, etswe seo se ne se tla etsa hore ba kopanele bodumeding le batho ba ditumelo tse ding.​—Esdrase 4:1-3.

Na Dipaki Tsa Jehova di buisana le batho ba ditumelo tse ding?

 E. Ka 2023 re qetile dihora tse 1 791 490 713 re buisana le batho ba ditumelo tse fapaneng ka molaetsa wa Bibele. Jwalo ka moapostola Pauluse, re batla ho tseba le ho utlwisisa ditumelo tsa “batho ba eketsehileng” bao re ba bolellang molaetsa wa Bibele. (1 Bakorinthe 9:19-22) Ha re ntse re buisana le batho, re leka ka matla ho ba bontsha “tlhompho e tebileng” jwalo ka ha Bibele e re eletsa.​—1 Petrose 3:15.